sotho.2971.bec events
Boithabiso ka Isolomzi.
Letsatsi: Motsheanong 3, 2008
Sebaka: Protea Edward Hotel, Belmont Terrace, Port Elizabeth
Nako: 9.30am bakeng sa 10am
Ho kena: R50 motho ka mong o lefa monyako
(Dijo le dino tse mmalwa di tla fumaneha.)
Jwala bona bo tla rekiswa.
HO IPEHELETSA SEBAKA: Letsetsa Puleng ho
011-883-8829 dihoreng tsa mosebetsi (8.30am-5pm hara beke)
Dipale tsa katleho tsa Sasko Flour
SASKO Flour e tsomana le ditsebi tsa mopako tse atlehileng Afrika Borwa. Ikopanye le sehlopha sa Sasko Flour mohla la 3 Motsheanong, Protea Edward Hotel mane Port Elizabeth mme o kenele teng.
Jwalo ka motshehetsi e moholo wa karolo ya Bake & Cook ho BONA Empowerment Club, Sasko Flour e motlotlo ho bontsha ka lethathama la dihlahiswa tsa yona.
Jwalo ka ha e na le boiphihlelo ba dilemo tse ka hodimo ho tse 70, Sasko Flour e tla o thusa ho tshola masutsa!
Mageu Number 1 Business Start-up Awards
HO tloha dilemong tse tharo tse fetileng, Mageu Number 1 haesale e tshehetsa diprojeke tsa BONA Empowerment. Jwalo ka ha tlhodisano ena ya Dikgau tsa Mageu Number 1 Business Start-up e reretswe ho utulla le ho tshehetsa borakgwebo, e boele hape e fane ka R50 000 ho beng ba dikgwebo tse nyenyane le tse bohareng.
Tlhodisano ena, ha e o tswele molemo wa ho hapa tjhelete ya ho nyolla kgwebo ya hao feela, empa o kopana le balekane ba batjha kgwebong.
Mohlodi wa pele wa 2008, ke Daphne Leso wa sekolo sa poraimari sa Nkokone mane Sandsloot ya neng a phatlalatswe sebokeng sa Polokwane mohla la 1 Hlakubele. Ke mosuwehlooho, ke mothehi wa leano la ho leleka tlala setjhabeng ka meroho. Le laolwa ke komiti, ba fepela mabenkele a toropong ya habo bona ka meroho. Phaello e arolelwa dikgutsana le bana ba futsanehileng sekolong sa hae.
Leano lena, ke mohlodi o moholo wa tjhelete sekolong seo mme le se le kentse tjheseho ya kgwebo setjhabeng. Sekolo se se se kgona ho ikemela mme baithuti le setjhaba, ba se ba ithutile ditsela tsa ho baballa tikoloho ya habo bona.
Re lakaletsa Daphne le projeke ya hae katleho le mahlohonolo.
BONA SESOTHO - May 2008
Mokotaba:
Tlhahiso le dithendara tsa mmuso
Ka moo o ka iqallang kgwebo ya spaza shop kapa ya ho pheha ka teng
KA BONA Empowerment Club, re netefatsa hore indasteri ya ditokfela e fihlela sepheo le morero wa yona.
BONA e netefatsa ho tlisa phapang maphelong a batho ka ho kgothatsa le ho tlisa tshebedisanommoho ditokfeleng tse seng di thehilwe.
BONA e boetse hape e etela motse wa Port Elizabeth mohla la 3 Motsheanong 2008, mane Protea Edward Hotel, moo e tla beng e ruta le hona ho thabisa ditho le baeti teng.
Mohlodi wa kgwedi ya Mmesa wa tlhodisano ya dikgau tsa Mageu Number 1 Business Start-up, o tla phatlalatswa moketeng oo mme hape ho tla hatjwa le R2 000.
Nako ya dipuisano ka ho Pheha le ho Baka, e tla ba teng moo ho tla bontshanwa hape ho eletsanwe ka moo batho ba ka iketsetsang phaello ka ho baka le ho pheha ka teng.
Ditokfela le mekgatlo ya mafumahadi e amohelehile sebokeng sena se molemo.
Force Kashane.
Makheni Motana.
Dipontsho tsa feshene.
Boitumelo Mofokeng.
Ditho tsa BONA Empowerment Club di tafoleng.
KA MOO O KA KENELANG TLHODISANO YA
"SUCCESS STORIES"
HAEBA O LE kgwebong ya ho baka kapa ya ho pheha, kapa o rata ho baka, re ngolle o re tsebise:
Ka resepe eo o e ratang e nang le folouru ya Sasko.
Seo o ratang ho se fihlela ka kgwebo ya hao ya ho baka.
(Re tsebise ditoro tsa hao.)
Haeba pale ya hao e ka tswa pele kgweding eo, o tla hapela kgwebo ya hao disebediswa tse pele tsa kgwebo.
Romela dintlha tsa hao ho:
BONA/Sasko Flour Top Baker Competition, Box 1300, Rivonia, 2128.
BONA SESOTHO - May 2008
Mohlodi wa Dikgau tsa Mageu Number 1 Business Start-up, Gladys Jonas (wa bobedi ho tloha leqeleng), o na le Dorah Ditshwene, Karin Fritz le Force Khashane.
Bahlodi ba Dikgau tsa Mageu Number 1 Business Start-up.
KA MOO O KA KENELANG DIKGAU TSA MAGEU
NUMBER 1 BUSINESS
START-UP:
O ka kenela leha e le moketeng ofe feela wa BONA Empowerment Club kapa o romele dintlha tsa kgwebo ya hao mmoho le tokomane ya moralo wa yona ho Puleng ka fekese ho 011- 883-8830. O ka nna wa kenela ka ho ngolla ho: Mageu Number 1, Small Business Start-up Awards, Box 3858, Rivonia, 2128.[s]
