sostho.2967.school
Thusa baradi ba hao hore ba se ke ba tshaba diphaposing tsa borutelo selemong sena ka hore ba tobane mme ba lwantshe mathata a ho betwa dikolong
pale ka PATRICIA McCRACKEN setshwantsho ka GREAT STOCK!
Peto sekolong...
Ha ho na latela wa hao"
MAKGOLOKGOLO a bananyana le bommabona, ba otlwa ke letswalo le lesesane Afrika Borwa jwalo ka ha dikolo di bulwa. Ho bona nako ya diphomolo ha se kgefutso feela dithutong - empa ba boetse hape ba phomotse tlhekefetsong ya thobalano eo ba phelang tlasa yona. "Ke ne ke dule hae kgwedi kaofela ka mora hore ke bue ka taba ena," le boletse jwalo lehlatsipa le leng la tlhekefetso ka thobalano le dilemo di 15, le neng le bolelle ba ha Human Rights Watch ka tlhekefetso eo ya titjhere. "Ntho yohle ya sekolo mmoho le diaparo tsa ka di nkgopotsa ketsahalo eo.
"Ke na le ditoro tse kgolo ka dithuto tsa ka mme hore di atlehe ke lokela ho kenyelletsa le titjhere. E ne ekare ke a bona ka phaposing ya borutelo, ekare o ntjhebile, o a ntsheha.
"Leha ke feta ka thoko ho yona ke ba le dihlong ke bona ekare o ntjhebile, o a tsheha."
Ngwana enwa o sa ntse a leka ho amohela kapa ho itebatsa se neng se etsahale ho yena - athe ba bang ba bangata bona ho thata hobane le batswadi ba bona ke nonyana tsa siba le leng le bahlorise ba bona.
"Titjhere hangata e hohela ngwana ka tshehetso e kgolo, e etse ekare e mo rata haholo," ho boletse titjhere e nngwe ya Joburg, Nonhlanhla Maboa ha a bolella ba ha Human Rights Watch.
"Matitjhere a be a fe bana bana tjhelete ya ho reka dijo le diaparo. Batswadi ba bang ba thabela ha bana ba bona ba ratana le matitjhere ka lebaka la melemonyana eo. "Empa matitjhere ana a sebedisa monyetla wa bofutsana ba bana bana le hore ba a ba hlonepha mme bona ba ba hlorise." Batswadi ba mamellang diketso tsa mofuta ona, ba rekisa ka mmele ya bana ba bona," ho bolela Profesara Lebo Moletsane, motlatsi wa Mookamedi wa thuto wa mane University of KwaZulu-Natal.
Mokgwa o mong wa ho etsa sena ke ho lefisa motho eo ditshenyehelo tseo ho thweng ke moetlo. "Hona ha se tharollo," ho bolela Xoliswa Keke wa Childline. "Hangata, dinokwane tsena di atisa ho dumela ho lefa empa di qetelle di sa lefa hohang.
"Leha a ka lefa, batswadi ke bona ba salang ba kgotsofetse e seng ngwana. Yena ha a fumane letho mme ha a iswe le ho ditsebi tsa kelello bakeng sa tshehetso le kalafo eo a e hlokang moyeng. Motho ya betang, le yena o a kgothala a bone hore a ka nna a tswelapele le ho beta bana ha feela a tla ba le tjhelete ya ho lefa."
Se bohloko ka ho fetisisa, ho ya ka mookamedi wa Childline, Joan van Niekerk, motho ya etsang qeto ya hore ho tla lefshwa bokae eba mosuwehlooho, titjhere e amehang, morena kapa lepolesa - ka nako e nngwe le bona ba batla ho fumana seabo tjheleteng eo. Ka hoo ba leka matsapa ohle a hore ho fihlellwe tumellanong, ho se ke ha fetelwa lekgotleng la dinyewe.
Athe ho ya ka ba ha Human Rights Watch, ha ngwana a le dilemo di ka tlase ho tse 18 ke tlolo ya molao hore motho ya mo betileng a lefiswe ditshenyehelo ho latela Molao wa 1957 wa Tlhekefetso ka Thobalano.
Ho sireletsa ya betang
Mathata a mang ke a hore matitjhere a a sireletsana, ho ya ka Profesara Moletsane.
"Ke tseba ketsahalo ya sekolong se seng moo mosuwehlooho a neng a patelwe hobane o ne a tsejwa hore o tla e tlaleha mapoleseng di tloha feela, titjhere eo e fellwe ke mosebetsi," ho bolela yena. "Ba mpolella hore eo o hlokomela lelapa labo la batho ba 30, ha a fellwa ke mosebetsi, ba re setjhaba seo se tla phela kang"
"Ha buisanwa le yena - ngwana a phela bophelo ba hae ba sekolo ka thata, ha yena a tswelapele ho hlekefetsa bana ba bang."
Ho fedile dilemo tse hlano jwale ho ntshitswe tlaleho e tshosang ya Scared At School ke ba ha Human Rights Watch empa le kajeno bananyana ba sa ntse ba phela ka ho tshaba dikolong, ba tshaba ho ima esitana le ho kenwa ke kokwanahloko ya EITSI.
"Ho fihlella jwale re ntse re sa tsebe hantle hore a makae mahlatsipa a tlhelefetso ya mofuta ona hobane ba bangata ba e etsa pinyane," ho bolela Profesara Moletsane.
"Matijhere a banna le bashanyana ba sekolo, ba tshosa mesuwehlooho ya basadi, matitjhere le bananyana sekolong," ho bolela Ngaka Heather Brookes, e mong wa baokamedi ba tlaleho ya Human Sciences Research Council, Sexual Abuse Of Young Children In Southern Africa.
Mosadi a le mong ho ba bararo ba neng ba betwe kgolong ya bona, ba betilwe ke matitjhere. Ditsebi di bolela ha maemo a mpefetse jwale.
Ha se matitjhere feela
"Se lebale mohlorisi e mong ya moholo wa bananyana dikolong tsa Afrika Borwa, ke bashanyana ba sekolo," ho bolela Erika George wa Human Rights Watch. "Banana ba Afrika Borwa ba atisa ho hlekefetswa ke bashanyana ba o ba kenang le bona sekolo le ho feta matitjhere."
Ba atisa ho shebella matitjhere ha a hohela banana le bona ba a atsise. Hape ba ithutile ho baholwane ba bona hore basadi ba a nyenyefatswa.
"Ho na le diketsahalo tsa tlhekefetso ya thobalano - ho tshoswa, ho sunwa le ho thetswakaka - ho etsahala ho tloha mephatong ya bo Grade 3 le 4," ho bolela Ngaka Brookes. "Empa matitjhere a se ke a natsa, a re ke tsela eo bashanyana ba bapalang ka yona."
"Bashanyana ba bang le matitjhere a banna ba dumela hore ho betwa ha ngwanana ke kahlolo e ntle ya ha mohlomong a hana moshanyana ya mo ferehang kapa a ratana le e mong wa metswalle ya bona empa a sa tshepahale," ho bolela Ngaka Brookes.
Nnete ke hore sekolo se lokela ho ba sebaka seo bana ba phelang ka bolokolohi ho sona, ba ithute ka kgotso. Empa bananyana ba bangata ba tswa moo ka pelo tse bohloko ba thefulehile mmeleng le meyeng, ba bile ba nahana hore batho ba baholo ke dinoha.
Lehlatso le lekaalo
Banana ba bangata ba mathateng ha ba kgone ho ithuta hantle hoo ba bileng ba nahanang le ho tswa sekolo ka lebaka la tlhekefetso eo ba e fumaneng moo.
Leha tlhekefetso ka thobalano e ne e qale ho ba tlolo ya molao ka 1997 mme ha etswa qeto ya hore matitjheree a etsang seo ho barutwana a lokela ho ntshwa hohang lefapheng la thuto, ke ba 50 feela ba seng ba lelekilwe mosebetsing ka lebaka la ho beta dilemong tsena tse 10.
Ha ho bonolo hore re ka qeta mokgwa ona o mobe ha re iphapanya ona.
BONA e nkile dikgwedi tse tharo kaofela e leka ho buisana le lefapha la tsa thuto ho utlwa hore ke dinyewe tse kae tseo ba nang le tsona tsa mofuta ona le hore ke mang ya molato hape ba di sebeditse jwang.
Leha re eme nako e telele hakalo, re ba letsetsa mehala re ba romella melaetsa ya e-mail, ho fihlella nako ya ho hatisa pale ena, re ne re fumane dikarabo tse mmalwa feela ho tswa lebatoweng la KwaZulu-Natal. Prof Moletsane ha a makatswe ke ho thola ha bona. "Molao o behilwe, se hlokahalang feela ke hore ho netefatswe hore o a hlonetjhwa. Lefapha la tsa Thuto le lokela ho hlokofala mme le nkele ba tlolang molao mehato e thata.
"Ke phephetso e kgolo ho tlaleha tlhekefetso dikolong ke ka hona re lokelang ho hlahisa leano la ho etsa hore sena se etsahale ka bonolo. Hape re lokela ho tshehetsa banana ba amehileng hobane ba ebe ba le tlasa kgatello e tshabehang, ba tshepiswa lehodimo le lefatshe athe ka nako e nngwe ba tshepiswa ho bolawa. "Ha re ka etsa hore ho se be bonolo ho hlakola nyewe ho sa kgathallehe leha lehlatsipa le ka shwa, ke sona se ka re thusang.
"Bohle re lokela ho tseba hore sena ke tlolo ya moalo. Dikolo di tlameha ho tlaleha taba ena sepoleseng - ba batle ho tseba ka sephetho sa nyewe." Motho ya patang tlhekefetso le yena a ka nna a rweswa molato ho ya ka moo Lucy Jamieson wa University of Cape Town Children's Institute a bolelang ka teng, mme le molao o motjha wa Children's Act o tla kenngwa tshebetsong ka 2007 o tla tiisa seo.
Re ka thusa baradi ba rona jwang
O ka reng ha moradi wa hao a o bolella hore o betilwe sekolong" A bile a re o laetswe ho etsa taba eo pinyane ntle ho moo, o tla bona tosa le madinyane a yona" O tla kgona ho mo thusa"
Qala hona jwale ho ithuta ka moo o ka sireletsang ngwana wa hao ka teng.
Pele dikolo di kwala ka Tshitwe 2005, ho bile le tlaleho e tshosang ya hore dikolong tse 52 tsa poraemari, bananyana ba sekolong se le seng sa Thokoza ba ne ba betwe, ba bang ke ditho tsa setjhaba ha ba bang ba betetswe dikolong dilemong tse tharo feela.
Mosuwehlooho wa sekolo sa Poraemari sa Tshwaragano, Mmathoto Tlou ha a ka batla ho pata nnete, o ne a bitse ba ha Childline le sepoleseng sa Ekurhuleni Metro mme ba etsa dikopano tsa ho ruta bana ka mora hore ba 15 ba tlalehe peto.
Ka mora moo bana ba 37 le bona ba qala ho ba le sebete sa ho bolela hore ba kile ba betwa. "Dipatlisiso di bontshitse hore dikolo tse nang le molao o thata kgahlano le tlhoriso ya mofuta ofe kapa ofe, ha di atise ho ba le mathata a mofuta ona," ho bolela Ngaka Brookes.
"Ha sekolo se se na motheo wa ho hatella hlompho le boitshwaro bo botle di tloha, ho senyehile." Shebisisa dikolo mme o bone se tla kgona ho kgothalletsa ngwana ho hlompha batho ba bong bosele. Ha ho se jwalo o ka buisana le baokamedi ba sekolo le thehe leano leo.
Hlokomedisa bohle hore baradi ba bona ba kotsing - le hore le lokela ho hatella hore bohle ba hlonephe molao.
Se lebale le ho kenyeletsa mmuso tabeng ena. Dikolo tsa habo rona di lefellwa ka tjhelete ya lekgetho. Ke ka hona o nang le tokelo ya ho tletleba le ho letona la lefapha ha ho hlokahala, ha ho ena le se sa o kgotsofatseng.
Se fetwe ke karolo e latelang ya Molao wa Bana mme o netefatse hore o tla lwanela ho fedisa tlhekefetso ya thobalano dikolong. [s]
BONA SESOTHO - February 2006
setshwantsho ke dibontshi
Matitjhere a mangata a rata ho bapala ka bana ba sekolo.
BONA SESOTHO - February 2006
Se bonahala jwang sekolo se kotsi
Ho ya ka moo Ngaka Brookes a bolelang ka teng, dikolo tse sa hlonepheng ditokelo tsa bong di bonahala ka...
lHore matitjhere a shape bana ha a halefile.
lMatitjhere a fihla sekolong ka mora nako.
lBarutwana ba lofa sekolo.
lMatitjhere ha a hatelle boitshwaro bo botle.
lHa ba hatelle melao ya sekolo.
lHa ba sebedise melao ka tshwanelo.
lBa neha barutwana mesebetsi ka ho fapana ho ya ka bong.
lBa dumela hore bashanyana ke bona ba lokelwang ke boetapaele.
Dikolong tse bolokehileng Prof Brookes, o re o tla di bona ka hore...
lBarutwana ba hlonephe.
lBa ikemisetse ka mosebetsi wa sekolo.
lBa kgethwe ho ya ka bokgoni ba bona e seng ka bong.
lHo be le tshebedisanommoho pakeng tsa matitjhere le barutwana.
u
t
Peto sekolong
O tla e lwantsha jwang
Bakeng sa thuso ya ka pele, letsetsa nomoro ya mahala ya Childline: 0800-055-555
Ha o batla ho tseba ka moo o ka kenyang letsoho ka teng Molao wa Bana o sa ntseng o sekasekwa, sheba tataiso ho Children's Institute website: www.uct.ac.za/depts/ci
