sotho.2962.elton
Elton John wa mehlolo
RYAN White, o ne a hlahe mohla la 6 Tshitwe 1971. Ha a le dilemo di 6, dingaka tsa re o na le lefu la 'haemophilia', le etsang hore madi a hae a se hwame e leng se bolelang hore le leqeba le lenyenyane feela ho yena le ka fopha madi a tshabehang. A hloka ho tshellwa madi bophelo bohle ba hae.
Ka Tshitswe 1984, White a boela a fumanwa a ena le kokwanahloko ya EITSI. Ryan o ne a tshellwe le madi a nang le kokwanahloko ya HIV - ka mora moo ha fumaneha hore le batho ba bang ba tshelletsweng madi ho tloha ka 1979 ho ya ho 1984, dipersente tse 90 tsa bona di kenwe ke kokwanahloko ya HIV.
Motho ya phetseng hantle ya se nang kokwanahloko ya HIV o ba le "T-cell count" tse fihlellang ho 1 200. Ya nang le kokwanahloko ya HIV di a theoha di be ho 200. Ka nako eo Ryan a neng a hlokomelwa tsa hae di ne di le 25 mme ha thwe o saletswe ke dikgwedi tse 6 feela tsa bophelo. Empa a phela, a ba a kgutlela le sekolong.
"Ke ne ke bitswa setlokotsebe, ho thwe mme ke mosadi ya sa hodiseng bana hantle mme ho se motho ya mpatlang," o boletse jwalo. "Batho ba ne ba sa batle le ho dula pela ka. Le kerekeng bang ba sa batle le ho ntshwara ka letsoho."
Phapang
Batho ba hloka tsebo, ha ba tsebe le ka kokwanahloko ya HIV. Ha ho thehwa Federal Centers For Disease Control mme ho phatlalatswa hore White ha a kotsi bathong ba bang, ba mmalwa ba mamela. Mohlophisi wa koranta e neng e tshehetsa White a tshoswa ka ho bolawa. Ka mora hore ho thunngwe motse wa habo, lelapa la habo la fallela Cicero, Indiana, moo White a neng a kene sekolo teng.
A amohelwa ka diatla tse mofuthu ke sekolo kaofela hobane batho ba moo ba ne ba se ba rutilwe ka EITSI ba sa mo tshabe. White yaeba e mong wa ba lwanelang ditokelo tsa batho ba nang le EITSI di tloha feela. Jwalo ka ha Presidente wa mehleng wa US, Ronald Reagan a ne a bolele ka mora lefu la Ryan ka 1990, ebile e mong wa ba neng ba bontshe lefatshe hore "ke lefu le tshabehang, e seng bakudi."
Bophelong ba hae Ryan White o ne a ame dipelo tsa ba bangata mme e mong wa bona e ne e be Elton John.
Sebini sena seo kajeno se seng se hapile dikgau tsa Grammy le ya Oscar, se seng se rekisitse dikhopi tse ka hodimo ho tse 250 million tsa dialbamo, ke se seng sa dinono tse neng di tshehetsa White le ba lelapa la habo.
Diphetoho
O ne a ba thuse ho reka motse ha ba falla leha White a ne a kena sepetlele la ho qetela, John o ne a dule le yena ho fihlela ditshiu tsa hae di kgaoha. Phupung ya hae a bina Skyline Pigeon le sehlopha sa sekolo. "Ke ne ke itshwere bohlaswa," o ne a bolele jwalo ka mora nako. "Lefung la White ke ne ke shebahala jwalo ka monnamoholo. Ke nakong ena moo ke neng ke etse qeto ya ho tjhentjha bophelo ba ka."
Dilemong tsa bo 1980, o ne a enwa jwala a ja le dithethefatsi. Ka 1986, a tjha lentswe a ba a etswa opereishene qoqothong. Ha hlaha menyenyetsi ya hore o futsanehile, o ne a hlile a e senya tjhelete. A utlwa hore motswallae, Freddie Mercury, o kulela lefu ke EITSI.
Ka mora lefu la Ryan White, John a qala ho tswa a kena sepetlele ke mathata a dithethefatsi le ho se sebetse hantle ha methapo. Mohla la 24 Pudungwane, 1991, a ya lepatong la Mercury. Nako ya Mercury le ya White, e ne e se e fedile lefatsheng la ba utlwang empa ho sa ntse ho ena le batho ba bang ba maemong a kang a bona ba hlokang thuso.
Thuto
Ka 1992 a theha mokgatlo wa Elton John AIDS Foundation. Ho fihlella jwale o se a bokelleditse tjhelete e fihlellang ho $60 million, eo 90% ya yona e lebiswang maanong a ho hlokomela batho ba nang le EITSI ha 10% e sebedisetswa ho ruta batho ka moo ba ka e phemang ka teng.
O ipha nako ya ho etela dibaka tseo a nehelang maanong a tsona ho ya bona ka moo ho sebetswang ka teng. "Afrika Borwa ke e nngwe ya dinaha tse ntle haholo hara tseo nkileng ka di etela," o ne a bolele jwalo ka 2005 ha a ne a le naheng ena moo yena le David Furnish, ba neng ba entse mokete wa ho bokelletsa tjhelete Vergelegen. Ho ne ho ena le baeti ba 500 bao hara bona ho neng ho bile ho ena le Archbishop Desmond Tutu, mme ha bokelletswa tjhelete e ka hodimo ho R7 million.
Hona leetong leo, John a kgahla bana ba nang le HIV ba lehaeng la Khayelitsha mane Kapa. "O ne a kgahle bohle bao a neng a kopane le bona," o boletse jwalo e mong wa basebeletsi ba tsa kahisano.Sepetlele sa McCord Thekong teng o ne a amohelwe ka mmino o monate wa sehlopha sa Sinikithemba. "Thabo ya lona e a re kgothatsa. Lefatshe lena le na le tjhebeho e betere ka lebaka la lona," o ne a bolele jwalo a bua le ditho tse 15 tsa sehlopha sena, seo kaofela se buang ka maemo a sona a HIV ka bolokolohi.
A ba mema ho ya UK hore ba lo bina ho Circle Of Life - lepetjo la papadi ya The Lion King - moketeng wa ho bokelletsa tjhelete. "Re ne re itokiseletse ka thata, eitse re bina le Elton, ya ka re ditswere le dithaha. Bohle ba nkwa ke maikutlo," ho boletse Nomusa Mpanza, se seng sa dibini.
Boinehelo
Dilemong tse leshome tse fetileng, Elton John Aids Foundation e ile ya bokelletsa tjhelete e fihlellang ho R50 million bakeng sa leano la EITSI Afrika Borwa mme sebini sena se re: "se ikemiseditse ho bokelletsa tjhelete mme se e arolele naha ya Afrika Borwa ha feela lefu lena le sa ntse le jele setsi setjhabeng."
"Nna jwalo ka tharasi, ke bile lehlohonolo haholo hore ebe ha ke a kenwa ke lefu lena," o boletse jwalo ha a hopola ka moo a neng a itshwere ka teng pele.
"Ha o le motjha, o nahana hore ha ho letho le ka o emang ka pele, empa seo ha se nnete hohang. "Se nkgathatsang matsatsaing ana ke hore, batjha ba nahana hore ha ba kotsing empa nnete ke hore ba kotsing e tshabehang," ho bolela John. [s]
BONA SESOTHO - January 2008
Na o ne o tseba - ka 1979 Elton John ebile naledi ya pele ya mmino wa pop ya Bophirima e neng e hahlaule Soviet Union...
Sir Elton ha a tlangwa ke letho hore a etse seo a se etsang. Ke nnete dinaledi tse ngata di nehela ka tjhelete mekgatlong ya ba hlokang, empa ke ba mmalwa ba inehelang le ntshetsopeleng ya yona. Le mmino wa hae o a bolela... e tla dula e le mokgelo
Lebitso la Elton John la kenngwa leboteng la Rock And Roll Hall Of Fame ka 1994 mme a hlontjhwa ka 1998.
Monna ya kgabane
BONA SESOTHO - January 2008
pale ka ISAAC KWELA
ditshwantsho ka PICTURENET
u
t
Naledi ya bolo
Dilemong tsa bo 1970, Elton John o ne a phethise takatso ya bongwaneng ba hae ya ho ba modulasetulo wa Sehlopha sa Bolo sa Watford. A etsa matsete a tjhelete e ngata hore sehlopha seo se kene ho First Division.
Ka 1984, Watford ya kenela makgaolakgang a Mohope wa FA ya hlolwa ka 2-0 ke Everton.
Ka mora papadi eo batshehetsi ba Everton ba hlahisa mengolo e meholo e reng "Re o utlwela bohloko, Elton - mme ke tshepa hore ke ka hona ba neng ba re bitse Blues."
Leha a se a se na diabo tse kgolo sehlopheng sena empa John o sa ntse a ena le thahasello phaellong eo se e etsang.
Afrika Borwa ke e nngwe ya dinaha tse ntle haholo tseo nkileng ka di etela
BONA SESOTHO - January 2008
HAPA!
Ditekete tsa mokete wa Elton John
BONA le Big Concerts e na le ditekete tse 8 tseo e fanang ka tsona; tse pedi tsa mokete wa Thekong mohla la 16 Pherekgong mane Absa Stadium le tse pedi tsa Kapa mohla la 13 Pherekgong mane Newlands Cricket Grounds. Bakeng sa monyetla wa ho hapa, romela SMS ELTON JOHN (CT) kapa ELTON JOHN (DBN) ho 35919. SMS ka nngwe e bitsa R3. Dikenelo di fihle pele ho mohla la 31 Pherekgong, 2008. Bahlodi ba tla tsebiswa.
O kgabane
Ke Reginald Dwight o hlahile mohla la 25 Hlakubele 1947, hape ke seqapi, o qadile ho ba motle ho piano a le dilemo di nne! Mafelong a bo 1960, yena le sehlopha sa hae, Bluesology ba ne ba qale ho hlokomeleha - a qala ho ipitsa Elton John, a hlonepha sebapadi sa saxophone, Elton Dean le Bluesman Long John Baldry. A bina le Bernie Taupin ya neng a qapa mantswe ha John a ngola mmino. A ntsha dipina lenyelenyele tse kang Daniel le Crocodile Rock, ya 1973 ya pele ya John ya ho ratwa haholo US.
Albamo e tsamayang ka bobedi, Goodbye Yellow Brick Road ya latela empa ya nyefolwa. Ntle ho pina ya yona ya sehlooho, tse ding tse monate ebile tse kang Bennie And The Jets le Candle In The Wind.
A kgutsufala haholo jwale ha a nona, a balellwa le dikakapa tsa piano, mme a tlatsa mabala hohle moo a binang. Ntle ho mathata a bophelo, mminong teng a hlwa mekwalaba, a bina I'm Still Standing, I Guess That's Why They Call It The Blues, a na le Stevie Wonder, Sad Songs (Say So Much) le Nikita.
Ka 1994, John le Tim Rice, ba ngola pina ya filimi ya The Lion King, le Can You Feel The Love Tonight e neng e hape kgau ya Oscar. Ka Loetse 1997, Taupin a tjhentjha mantswe a Candle In The Wind phupung ya Diana, Kgosatsana ya Wales, mme John a bina phupung ya hae. Ya ratwa haholo mme ya rekisa dikhopi tse ngata tse fihlellang ho 50 million lefatsheng lohle.
