Sotho.2960.stadiums
Ke semphete-ke-o-fete kahong ya mabala a Afrika Borwa a maemong a lefatshe
TSHITABAHOLO eo SA e tobaneng le yona ka tlhodisano ya Mohope wa Lefatshe wa 2010, ke mabala a dipapadi. Leha naha ena e le motlotlo ka mabala a maemong a lefatshe, boholo ba ona, a dibakeng tseo ho seng bonolo hore a sebediswe. Bahlophisi ba tonamente ena ba etsa matsapa a ho sebedisana le bohle ba amehang molemong wa ntshetsopele ka tjheseho ya ho aha mabala a matle ao le meloko e latelang e tla a sebedisa ka motlotlo. Ho ahwa ha mabala a mahlano, Kapa, Thekong, Port Elizabeth, Polokwane le Nelspruit ho tsamaya hantle haholo. Empa ho qadilwe ka thata, bang ba lla ka dithendara tse abilweng ka leeme, ho phehisanwa ka ditjeho, baahi ba qabana le borakgwebo, basebetsi ba a hwanta, ho se polokeho mosebetsing le leqeme la basebetsi ba nang le bokgoni le haketse.
Thekong le Kapa teng ekare mathata a maholo leha sehlopha sa FIFA se neng se etellwa pele ke mongodi kakaretso, Jerome Valcke se ba tjhaetse monwana. "Ke kgotsofaditswe ke ka moo ditlhophiso di tsamayang ka teng," ho bolela yena.
Bohle ba ne ba nahana hore ke Kapa feela e tla ba le mathata a ho qeta pele ho Mphalane 2009 - empa ba tla ba morao ka dikgwedi tse mmalwa feela. Ha re bone tema...
SOCCER CITY
Soweto (Gauteng)
Le nka batho ba: 94 700
Ditjeho: R1,56-billion
Le tlameha ho fela ka: Mmesa 2009 (ho ya ka FIFA: ka Mphalane 2009)
Tsa Mohope wa Lefatshe: Papadi e bulang, tse hlano tsa ho qala, e le nngwe ya mokgahlelo wa bobedi, e le nngwe e etellang pele sekamakgaolakgang mmoho le makgaolakgang
KE lehae la tlhodisano ena, Soccer City haesale e le lehae la bolo ya maoto Afrika Borwa ho tloha dilemong tse mashome a mabedi tse fetileng mme e sa ntse e le le leng la mabala a matle haholo kontinenteng ena. Le atollelwa tlhodisano ena mme ho fihlela jwale, ba se ba le ka pele ka dikgwedi tse tsheletseng mosebetsing wa bona.
ELLIS PARK STADIUM
Johannesburg (Gauteng)
Le nka batho ba: 61 000
Ditjeho: R230-million
Le tlameha ho fela ka: Phupu 2008 (ho ya ka FIFA: Tshitwe 2008)
Tsa Mohope wa Lefatshe: Tse hlano tsa ho bula, e le nngwe ya mokgahlelo wa bobedi le e le nngwe ya sekamakgaolakgang
KE lebala le maemong a lefatshe leo Springboks e neng e nkele teng Mohope wa Lefatshe wa Rugby wa 1995, le tla atollwa hanyenyane: ho kenngwe ditulo tse 10 000 ka lehlakoreng le ka leboya, ho ahwe dibaka tse ntjha tsa ho paka dikoloi mme ho atollwe le motjha wa ho kena. Ke le leng la a tla sebediswa Mohopeng wa 2009 FIFA Confederations.
LOFTUS VERSFELD
Tshwane (Gauteng)
Le nka batho ba: 50 000
Ditjeho: R99-million
Le tlameha ho fela ka: Mphalane 2008 (ho ya ka FIFA: Tshitwe 2008)
Tsa Mehope wa Lefatshe: Tse nne tsa ho bula, e le nngwe ya mokgahleho wa bobedi le ya ba tla nka maemo a boraro
HA ho so qalwe ho sebetswa empa ha ho mosebetsi o mokaalo leha ho le jwalo ho na le tsitsipano e teng. Ho tla kenngwa mabone a maholo le metjhini ya medumo le letlapa le bontshang dintlha, le sebaka sa baqolotsi se theolelwe mokatong o ka tlase lehlakoreng le ka bophirima. Le lona le tla sebetsa Mohopeng wa 2009 FIFA Confederations.
FREE STATE STADIUM
Bloemfontein (Foreisitata)
Le nka batho ba: 45 000
Ditjeho: R221-million
Le tlameha ho fela ka: Phato 2008 (ho ya ka FIFA: Tshitwe 2008)
tsa Mohope wa Lefatshe: tse hlano tsa ho bula le e le nngwe ya mokgahlelo wa bobedi
LE tla lokiswa hanyenyane feela.Ho eketswe mokato o mong ka hodimo, ho kenngwe mabone a matla mokatong o ka hodimodimo ho ntlafatswe le matlapa a bontshang dintlha. Le lona le tla sebediswa Mohopeng wa 2009 FIFA Confederations.
GREEN POINT STADIUM
Kapa (Kapa Bophirima)
Le nka batho ba: 70 000
Ditjeho: R1,96-billion
Le tlameha ho fela ka: Tshitwe 2009 (ho ya ka FIFA: Mphalane 2009)
Tsa Mohope wa Lefatshe: Tse tsheletseng tsa ho bula, e le nngwe ya mokgahlelo wa bobedi, e le nngwe e etellang sekamakgaolakgang le e le nngwe ya sekamakgaolakgan.
LEBALA lena le Kapa ho thwe le tla dumellana le maemo ohle a lehodimo, le be maemong a hodimo a lefatshe ka tegniki, empa ho phehisanwe haholo pele le qala ho ahwa. Ho bile ha namola lekgotla la dinyewe, le leng la mabaka a huletseng mosebetsi morao, ha kenella le mehwanto ya baahi le basebetsi ka Loetse ba tseka ho lefellwa ditjeho tsa ho palama.
Ho totobetse hore lena lebala le ke ke la phethwa ka nako eo FIFA e neng e lebelletse, empa tlhodisano e tla fihla le fedile.
NELSON MANDELA STADIUM
Port Elizabeth (Kapa Botjhabela)
Le nka batho ba: 48 000
Ditjeho: R981-million
Le tlameha ho fela ka: Tshitwe 2008 (ho ya ka FIFA: Tshitwe 2008)
Tsa Mohope wa Lefatshe: Tse hlano tsa ho bula, e le nngwe ya mokgahlelo wa bobedi le e le nngwe e etellang sekamakgaolakgang pele le e le nngwe ya makgaolakgang
BA siilwe ke nako ha bohloko, haholoholo ha o ka hopola hore ke le leng la mabala a kgethetsweng le Mohope wa 2009 FIFA Confederations mme ke lona feela le qalwang fatshe. Empa le a tshepisa.
ROYAL BAFOKENG SPORTS PALACE
Rustenburg (Leboya Bophirima)
Le nka batho ba: 42 000
Ditjeho: R147-million
Le tlameha ho fela ka: Tshitwe 2008 (Ka ho ya ka FIFA: Tshitwe 2008)
Tsa Mohope wa Lefatshe: Tse nne tsa ho qala le e le nngwe ya mokgahlelo wa bobedi
KE le leng la mabala a maemong a hodimo naheng ena ho tloha ka 1999, empa le tla boela le atollwa hape ho fihlela maemo a batlwang ke FIFA bakeng sa Mohope wa Lefatshe. Ho tla eketswa mela e mmedi ya ditulo mokatong wa bobedi, letlapa la dintlha le sebetsang ka motlakase mme le lona le kgethetswe Mohope wa 2009 FIFA Confederations.
DURBAN STADIUM
Thekong (KZN)
Le nka batho ba: 70 000
Ditjeho: R1.83-billion
Le tlameha ho fela ka: Motsheanong 2009 (ho ya ka FIFA: Mphalane 2009)
Tsa Mohope wa Lefatshe: Tse tsheletseng tsa ho bula, e le nngwe ya mokgahlelo wa bobedi le e le nngwe ya sekamakgaolakgang
BA diehisitswe ke diqabang tse bileng tsa ahlolwa makgotleng a dinyewe, empa jwale, ho bonahala le etla hantle. Lebala lena le lebelletswe ho tshwara dipapadi tsa Diolimpiki mme re leboha mela ya lona ya dimathi, athe le botle ba lona bo tla etsa hore ebe le leng la a tla kgahla haholo Mohopeng ona.
PETER MOKABA STADIUM
Polokwane (Limpopo)
Le nka batho ba: 46 000
Ditjeho: R716-million
Le tlameha ho fela ka: Hlakubele 2009 (ho ya ka FIFA: Mphalane 2009)
Tsa Mohope wa Lefatshe: Tse nne tsa ho bula
LE tla ntlafatswa haholo. Marulelo a ka bophirima a tla ntjhafatswa ho eketswe mela e 20. Ka mora mathata a ditjeho, dintho di kgutletse motjheng hape.
MBOMBELA STADIUM
Nelspruit (Mpumalanga)
Le nka batho ba: 46 000
Ditjeho: R875-million
Le tlameha ho fela ka: Hlakubele 2009 (ho ya ka FIFA: Mphalane 2009)
Tsa Mohope wa Lefatshe: Tse nne tsa ho bula
DIQABANG di ba tshwarelletse ho bile ha namola lekgotla, bang ba lla ka leeme la ho ajwa ha dithendara le mokete o bitsang R1.45-million ho ketelwa kaho ya lebala le letjha hape morao tjena ho sa tswa tsekwa setsha seo le ahwang ho sona.
Leha ho le jwalo, mosebetsi o ntse o tswelapele... [s]
E, empa na a tla qetwa"
BONA SESOTHO - March 2008
Re leba ho 2010
KA HODIMO: Soccer City e a ntjhafatswa mme ho fihlela ha jwale, ba se ba sebeditse ho feta ka moo ho neng ho lebelletswe ka teng.
LE LETSHEHADI: O ka nahana hore ke leeme empa nnete e a sala, lebala la Thekong, le tla be le le letle ho a feta kaofela naheng ena ka 2010, le tla tswa pele.
BONA SESOTHO - March 2008
u
t
Lebala la Thekong leo ho ka nnang ha bapallwa ho lona dipapadi tsa Diolimpiki
Kaho ya lebala lena la Kapa haesale ho phehisanwa ka yona, empa ho se ho sebetswa ha jwale.
BONA SESOTHO - March 2008
