sotho.295.career
E ba mokwetlise
DIBAKA tsa boikwetliso di tletse tswete matsatsing ana, bana le batho ba baholo esitana le maqheku, bohle ba letsholong la ho thapolla mmele hore ba dule ba phetse hantle. Ho tletse metjhini e mengata ya ho ikwetlisa, motho o emelwa ke hlooho le hore o tla qala kae a qetelle kae.
Hore ditsebi tsena tsa profeshenale di o ralle leano le letle la boikwetliso, di hloka o di bolella sohle ka tsa bophelo ba hao.
Re etetse Tinyiko Maswanganyi, ya tsebisahalang ka la Salvation, sebakeng sa boikwetliso sa Virgin Active mona Thekong, re batla ho utlwa sohle ka tsa mosebetsi wa hae o maphathephathe.
n O o ratelang mosebetsi ona- Haesale ke rata dipapadi le mmele o kwenneng mme ho bile bonolo ho latela tsela ena. Ka mora degree ya sports science ya UKZN ke qadile ho sebetsa Virgin Active ka 2001.
n O etsang- Ke thusa batshehetsi ba batjha ho ba hlophisetsa leano la boikwetliso le tla dumellana le ditlhoko tsa bona. Ke shebisisa maemo a bona a bophelo, ke ntano ba hlophisa leano le kenyeletsang le dijo tseo ba lokelang ho di ja. Ke phetha nako le bona mme ka mora moo ke a ba tlohela, ke nne ke ba hlwele feela ho bona hore dintho di ntse di tsamaya hantle kapa tjhe.
n O ratang ka ona- Ke thabela ho ba le seabo ha maemo a bophelo ba motho bo ntlafala. Ke bone a fihlella seo a neng a se labalabela.
n Phephetso e kgolo- Ha ba sa latele leano la boikwetliso ka tshwanelo empa ba lebelle sephetho se setle. Ho thata ho ba kgothatsa hore ba tswele pele le hara mathata ao ba tla o balla ona!
n O labalabelang mosebetsing wa hao- Ke se ke qadile thupello ya mona mosebetsing ya ho ba mookamedi ya shebaneng le ho kwena ha mmele. Ho na le phephetso e kgolo karolong eo.
Dirkie Britz, eo e leng yena mookamedi wa Virgin Active wa ho kwena ha mmele lebatoweng lena, o re bakwetlise ba maphathephathe le ho feta pele jwale. Ntle le hore ba bontsha batho ka moo ba ka ikwetlisang ka teng, ba lebelletswe hore ba ba eletse mme ba ba kgothaletse hore ba phele bophelong bo hlwekileng. Dikhomputara di thusa haholo hobane di hatisa diphetoho e leng se thusang bakwetlise hore ba tsebe ho phetha nako le batshehetsi ba bona.
SE HLOKAHALANG MOTHONG
Lerato la mmele o kwenneng ke sa bohlokwa ho ya ka Dirkie. Re batla batho ba shahlileng, ba mafolofolo ba bileng ba nang le tjheseho ya ho thusa ba bang.
MAEMO A THUTO
Bongata ba dibaka tsena bo hloka batho ba nang le dithuto tsa sports science kapa tsa fitness. Degree kapa diploma e a fumaneha diyunivesithing tse ngata kapa dikholetjheng tsa poraevete tse amohelehileng. Dirkie o re ha Virgin Active ba na le tshehetso bakeng sa basebetsi ba batlang ho ntshetsapele dithuto tsa bona.
MENYETLA YA MOSEBETSI
Ntle ho dibaka tsa boikwetliso, motho a ka sebetsa le dihoteleng le dibakeng tsa ho phomola, dikepeng kapa ebe mokwetlise ya ikemetseng.
MENYETLA YA HO NTLAFATSA MAEMO
Bongata ba dibaka bo rupella basebetsi ba tsona hore ba be ba fihlelle maemong a bakwetlise kapa a ka hodimo ho ao.
MOPUTSO
Moputso o tloha ho R3 500 ka kgwedi ho ya ho R20 000 kapa ho feta moo. [s]
Dikeletso tsa ditsebi tsa profeshenale ke tsa bohlokwa bakeng sa ho qala leano le letle le bolokehileng la boikwetliso
BONA SESOTHO - May 2007
Tinyiko o lokisa motjhini hore motshehetsi a ikwetlise.
pale ka GRACE KHUZWAYO
ditshwantsho ka BRETT FLORENS
Bakeng sa menyetla ya mosebetsi, sheba ho: www.virginactive.co.za
INTEC College le yona e na le dithuto tsa sports psychology le dithuto tsa thupello tse thusang ho tlatseletsa tsebo ya mosebetsi eo motho a seng a ena le yona ho tsa dipapadi le ho kwena ha mmele. Dipatlisiso: 0800 012 311 kapa ho Website:www.intec.edu.za
Mesebetsi
BONA - August 2005
