sotho.1185.legalmay
Ya hao ka molao
BONA SESOTHO - May 2007
Ke theotswe maemong
BOTHATA: Ke sebeletsa khampane e kgolo ya tsa kgokahanyo. Kgweding tse fetileng ke ile ka nyollelwa maemong a hodimo. Empa mohlolo, ka mora dikgwedi tse pedi, ka boela ka theolwa maemong ao. Ba ne ba mpolelle ha ba ne ba entse "phoso" ka ho nnyolela maemong ao.
Jwalo ka ha ho nyollelwa maemong ho tsamaisana le moputso wa teng, ka ba bolella hore ke se ke kene ditjehong ka reka thepa ya ka tlung hobane ke se ke fumana moputso o beterenyana.
Empa khampane e ne e mpolelle hore ho tlamehile hore e be le nna ke ne ke iponele ka bonna hore ke ne ke sa lokela ho nyollelwa maemong ao.
Le nna taba eo ke e hlokometse, empa ba bang ba maemong ao ke neng ke nyolletsweng ho ona, ba ne ba bolele hore mohlomong ho sebedisitswe tsela e ikgethang ho nna.
Ke se ke fetohile tshehisa mona khampaneng mme jwale ke se ke hula ka falese ho lefella dikoloto.
Nthuse hle.
KELETSO YA SCORPION:
Taba ya hao e tshwana hantle le e sa tswa sekasekwa ke CCMA.
Nyeweng eo, mokomishenara o ne a bolele hore taba ya ho hirwa ke tumellano pakeng tsa batho ba babedi - mohiri le mosebeletsi.
O ne a bolele hore ka ho ya ka molao wa ditumellano, e mong wa batho tumellanong, a ka kgaola tumellano ha a bona ho le teng phoso, empa o tlameha ho ba le mabaka a utlwahalang a tshehetsang seo.
Empa mokomeshenara tabeng ena o ne a fumane hore mabaka a ho theolwa ha motho eo maemong a ne a sa utlwahale mme a laela hore motho eo a busetswe maemong ao a theotsweng ho ona.
Jwalo ka ha re boletse hore taba ya hao e tshwana le eo e sa tswa tekwa ka pela lekgotla la CCMA re ntse re tshepa hore le wena o tla atleha ho yona.
Leha ho le jwalo wena o na le bo bong bothata: o nkile nako e telele ho feta ho tlaleha taba ya hao ho CCMA - o ne o tlameha ho e tlaleha pele matsatsi a 30 a fela.
Empa he o ntse o na le monyetla wa ho etsa kopo e ikgethang ya ho tlaleha taba ya hao haeba o na le mabaka a utlwahang a entseng hore o se e tlalehe e sa le nako.
O ka etsa sena ka ho ngola lengolo le saenetsweng tlasa kano mme re o eletsa ho kopa thuso kantorong ya tsa mesebetsi. [s]
Romela mathata a hao ho BONA Legally Yours, Box 32083, Mobeni 4060 - mme o fumane monyetla wa ho buisana le leqwetha metsotso e 30 mahala, mohlomong dikantorong tsa ona hohle naheng ena kapa ka mohala.
O e tlisetswa ke ba ha BONA le Scorpion Legal Protection
Re netefaditse hore dikeletso tsohle tseo re di nehwang ke tse nepahetseng. Empa nnete ke hore nyewe ka nngwe e hloka ho fuputswa mme Scorpion Legal Protection (Pty) Ltd, ditho tsa BONA le baphatlalatsi ba makasine ena, ba ke ke a rwala boikarabello ba ha motho a hlotswe ke nyewe kapa a utlwisitswe bohloko ka mokgwa ofe kapa ofe hobane a ile a latela dikeletso tseo re faneng ka tsona.
DI NKILWE KE DIBONTSHI
