SOTHO.2958.teenapr
BONA SESOTHO - April 2008
Hare itjheba seiponeng, re dumella ho thetswa ke seipone - re ipone e ka re ba tenya, re babe mme re qetelle re kene mekgweng e sele. Ha se ntho e boima ho amohela tjhebeho ya hao mme o e kgotsofalle...
BONGI o dilemo di 16 mme mmele wa hae o boima ba 60kg. Yena o nahana hore o mobe hobane a le motenya. Taba ke hore, ha se nnete seo a se bonang - ho ipona o le motenya, ha ho bolele hore o mobe. Seo a se bonang ha a itjheba seiponeng, ke motjha ya motenya, ya sa boheheng. Le yena o ntse a bona seo nna le wena re se bonang ha re itjheba seiponeng - moriri o mokgutshwane kapa mahlo a mathokwa.
Ha ho felle moo lona baena le dikgaitsedi! Bashemane le bona ba ipona ba le "babe" seiponeng.
O tlameha ho utlwisisa hore seo ha se ye ka dikgollo tsa meetlo ya rona.
Nakong ya Tjhaka, ha o ne o sutuditse, o le dibono di kgolo, e ne e ba letshwao la borui. Dilemong tsa bo 1970, ho ba dimpampa, e ne e se letshwao la ho hloka bophelo, empa la ho ba morui.
Ho tloha dilemong tsa bo 1960, "bosesane, e ne e le ntho e atileng haholo bathong ba basetsana - haholoholo bakeng sa bobontshi.
Hore na mmele o kgahlang ke o jwang pakeng tsa o motenya le o mosesane, ho ya ka maikutlo a motho, ho sa natsehe hore o motsho o lekgowa o tswa Asia kapa o Leeskimo. Taba ena re tla boela re kena re teba ho yona ha morao. Ha se taba e kalo hore Bongi o "motenya" kapa o "mobe."
Taba ya bohlokwa ke hore yena o ipona jwang. Ka mantswe a mang, seo re buang ka sona mona ke "sebopeho sa mmele"
Re bolela ka moo o ikutlwang ka tjhebeho ya hao, ka moo o iponang, ka moo o nahanang hore ba bang ba o bona o le ka teng, le ka moo wena o ikutlwang ka mmele wa hao.
Ke hantle, motho ohle ho sa natsehe hore ke monna kapa mosadi, ho ntse ho le teng seo o sa se kgotsofalleng ka mmele wa hae.
"Banana ba ikgathatsa haholo ka sebopeho sa mmele ya bona ho feta bashemane," ho rialo ngaka e nngwe ya kelello e buisaneng le Fat Charlie.
"Dipatlisiso di bontshitse hore bashemane ha ba ngongorehe hakalo ka mmele ya bona jwalo ka banana." Dipatlisiso tsena di bontshitse hore banana bana ba qala ho ngongorehiswa ke mmele ya bona ho tloha ba le dilemo di robong.
Ngaka Vincent Iannelli, eo e leng ngaka ya bana, o bolela hore le bashemane le bona ba e ba ngongorehiswe ke mmele ya bona nakong eo ho etsahalang diphetoho ho yona.
Ho ngongorehiswa ke tjhebeho ya mmele ke karolo ya kgolo batjheng.
Ha o ntse o hola, o kena boholong, ho ntse ho ba le diphetoho mmeleng wa hao mme he o tlameha ho tseba ka tsona. Empa he ho ba le ba sa qetelleng ka ho tletleba kapa hona ho qoba seipone.
Ho itima dijo
Ba bang ha ba qala ho hlokomela seo ba sa se kgotsofalleng ka mmele ya bona, ba qala ho etsa mekgwa e itseng jwalo ka ho itima dijo kapa ho tjhentjha tsela ya ho ja le dijo tseo ba di jang - e leng ntho e sa ba tsweleng molemo, hape e se nang ho ba tswela molemo le kgale.
Leha ba sa itlhekefetse mmeleng ka tsela e bonahalang, empa ba itlhekefetsa ka hore motho a dule a ngongorehile ka hore a je kapa a se je, a ikwetlise kapa a se ikwetlise.
Haeba ho na le seo o sa se rateng ka mmele wa hao, ha se ntho o tlameha ho e beha pelong ya hao. Ho ka etsahala hore o mpa o thetswa ke seipone.
O hopole hore seo o se nahanang e ka nna ya ba monahano wa hao, e se ke ya ba nnete.
Sena se etsahala jwang? Bana ba nka seo batswadi ba bona ba kgollwang ho sona. Haeba mme a tletleba ka botenya, le ngwanahae le yena a ka nna a etsa jwalo.
Ho tla ba hobe haholo haeba a ntse a o soma ka tjhebeho ya hao!
Kgatello ho tswa thakeng tsa hao e ka nna ya ama tjhebeho ya hao. "O hlokomele ngwanana ha a qala ho kena borwetsaneng, o qala ho hlokomela tjhebeho ya hae," ho bolela Ngaka Claudia Rappl, setsebi mekgweng ena ya ho itima dijo.
Ho na le dikgollo tsa meetlo ya rona tseo re seng re buile ka tsona mmoho le kgahlamelo ya difilimi, mananeo a TV, dimakasine le dipapatso ka tjhebeho ya basadi (le banna). Re e re bone dintho tseo, mme re be se re bona dikodi mmeleng ya rona.
Ho latela eng ka mora moo? Re tla ba le menahano e mebe ka tjhebeho ya rona. Menahano eo ya rona, e ama maikutlo a rona - ha o ikgalala, o tla ipona e ka o mobe.
Ena e tla ba ntho e sa re tsweleng molemo. Re ka a hlola jwang mathata ao?
Ho intlafatsa
Ntho ya pele eo Fat Charlie a ka e hlakisang ke hore ho ikgalala ka tjhebeho ya hao ho ka bakela hore motho a se je ka nepo. Ana ke mathata a ka kudisang motho mme a hloka ngaka ka potlako, e leng seo re sa tlo bua ka sona mona.
Ha o a tlameha hore o be o ipolaise sekoboto ho leka ho ntlafatsa tjhebeho ya hao. Ke ena e meng mekgwa o ka intlafatsang ka yona...
Emisa! Tlhohela ho itshotla. Hopola hore Fat Charlie o boletse hore tsela eo o iponang ka yona, ha se tsela eo o leng ka yona! A ko nahane ka dintho tse mpe tseo o di bolelang ka wena kamehla. O ka di bolela motswalleng wa hao? Hobaneng o itshwara ha jwalo?
Mamela. O ka bona motho a le motle, empa a ko bue le yena, o tla fumana hore le yena ho teng sekodi a sa se rateng ka yena. Ho ka ba molemo ha o ka hlokomela hore ke masawana seo a se tletlebelang. Le ho wena ho jwalo feela.
Nnete. Ha ho motho ya se nang sekodi! O ke se be mosesane jwalo ka sebontshi - jwale! Tlohela ho batla dintho tseo o ke keng wa di kgona ho di fetola. Ntle ho moo...
Se ka e kgolwa! Sheba dibontshi tseo? O a di bona dibapadi tseo tsa dipale ka moo di leng bokgabane ka teng? Ha di dule di le jwalo! Ba na le batho ba ba thusang, ba ba kgabisang difahleho, moriri motsamao esitana le moaparo.
Le dipabala tsa basadi tseo o di bonang makasineng, botle boo o bo bonang ke ba maiketsetso, ho na le ba ba kgabisang, ba tlosang maswebe le matheba ditshwantshong pele ho kgatiso.
O ka ya le kgongwana hodimo ke tjhebeho ya bona, empa bonneteng ba taba, eo ha se tsela eo ba leng ka yona!
Hlalefa. Ekaba dikodi tsa hao di bohlokwa haholo ho wena? "Ntho e nngwe le e nngwe eo o tsepamisang maikutlo ho yona, e qetella e le bohlokwa ho wena," ho hlalosa Ngaka Rappl.
Ka hoo, tlohela ho nna o ingamangama ka ntho e siyo - ke a tshepa hore jwale o se o tla dumellana le Fat Charlie hore ha ho mang ya se nang sekodi...
Tlohela bowatla. O na le mmele o le mong, ka hoo, ho bohlokwa ho o hlokomela. Ho boloka mmele wa hao o phetse hantle, o se mosesane haholo, ha ho bolele hore ha o itlhokomele. Ho ja ka nepo, le ho ikwetlisa, ho ka o boloka o itshepa. Ke yona taba. Ke tsona dintho tseo o tlamehang ho di etsa.
Kgarebe e itimang dijo hobane e batla ho theola mmele hobane mohlankana yona a rata jwalo, e itshenyetsa nako, hobane o etsa seo ho kgahlisa motho.
Ha re phethela...
Lona baena le dikgaitsedi, re ka phethela ka hore: kgotsofalla seo o leng sona mme kamehla o etse dintho tse tla o boloka o thabile.
O rata ho theola dikilograma tse itseng? Hlokomela seo o se jang ho ka fihlela seo o se pheheletseng. E ba sedi ka seo. Tlohela ho ipolaisa tlala!
Haeba o le mashemane mme o rata ho nyolla boima ba mmele, ikwetlise kapa o etse dipatlisiso ka mofuta wa boikwetliso o ka o thusang "ho fihlela" seo.
Hopola - seo o leng sona, botho le neo ya hao, ke dintho tseo ho seng mang ya ka o amohang tsona.
Mang le mang a ka shebahala a kgahlisa haeba a kgotsofetse ka seo a leng sona. [s]
Itshepe ka
mmele wa hao
FatCharlie
BONA SESOTHO - April 2008
u
t
BONA SESOTHO - April 2008
Ho boloka mmele wa hao o phetse, o shebahala - o se mosesane - ha ho bolele hore ha o itlhokomele.
