sotho.2957.brother
PALE YA KATLEHO
Etsa phapang baneng ba banyenyane!
Re hlola re utlwile ka bona - batjha ba kajeno ba iphelelang bohlaswa feela, ba se nang boikarabelo. Ba se nang tshepo hohang ya bokamoso bo botle. Empa leano le letjha le hlophiseditswe ho tjhentjha tseo tsohle... Pale ka Steve Makhanya
JWALO ka ha lebitso la yona le bolela, mokgatlo o seng tlasa taolo ya mmuso, Big Brothers Big Sisters Of SA, o shebana le ditlhoko tsa batjha (ba bitswang Littles) ka thuso ya baithaopi ba bitswang (Bigs) bao e leng mehlala ho batjha, ba kopana hora, hang ka beke, selemo kaofela.
Ho thata ho tataisa batjha hobane le wena o tla hloka ho nna o botsa tsela ho ba baholo. Le rona re ne re nke mehlala batswading ba rona le bathong ba bang ba baholo, bomalome, borakgadi le matitjhere a rona kapa bona baruti ba dikereke tsa habo rona.
Nnete ke hore kajeno ho na le bana ba se nang monyetla wa ho ba le dikamano tse ntle le batho bana bao re seng re ba badile maphelong a bona kapa ba iphumanang ba le matsohong a batho basele, ba ba etellang pele ho ba isa kgohlong ya moriti wa lefu.
Ke hona mona moo ho hlokahalang baithaopi ba kang Big Brothers Big Sisters. Barutwana, basebetsi ba profeshenale le bao e seng bona, ba seng ba le pentjheneng, motho ka mong o ipha hora e le nngwe feela ya ho tla dula le motjha e mong mme a mo kgothatse a thehe dikamano tse ntle le yena, a mo rute boitshepo, a itlhomphe mme a hlomphe le ba bang. Dikamano tsa mofuta ona di atisa ho nka nako e telele haholo.
Leano lena le ne le qale USA ka 1904. Afrika Borwa mona tataiso ya mofuta ona e qadilwe ka tshehetso ya Komishene ya Sepolesa, Lefapha la Thuto le la tsa Kahisane mmoho le batho ba bang ba bohlokwa setjhabeng sa Kapa, ho tloha ka 2001, Gauteng ka 2002 le KZN ka 2005.
"Lena ebile leano le monate haholo ho rona, la re tutubolla mahlo," ho bolela Nadine Mason, mohokahanyi wa leano lena Gauteng.
"Ka nakwana e kgutshwane eo re qadileng ka yona, re se re fihletse sephetho se setle haholo. Selemong sena re tla bula kantoro e nngwe PE, re tsebe ho namela Kapa Botjhabela."
Ke bafe ba dumelletsweng ho ba ditho tsa Big" "Mang kapa mang ya dilemo di ka hodimo ho tse 18 e ka nna yaeba moithaopi," ho bolela Mason. "Motho o etse kopo, a re bolelle batho ba bararo ba mo tsebang hantle bao re ka botsang ka yena ho bona. Ho hlophiswe kopano, moo re tla bua ka dintho tseo a di ratang le tseo a sa di rateng hore ho bonahale haeba a tla tswela leano lena molemo.
"Ba tla boela hape ba hloka tumello ya hore ba hlahlobe bophelo ba hae ba lekunutu, hore ke motho ya itshwereng jwang, ya nang le mangolo afe a thuto, ya sebetsang kae, jwang le tsohle tsa bohlokwa."
Bigs e qala ka ho rupellwa matsatsi a mararo. Ho shebisiswa dintho tse kang melao le boikarabelo ba ho ba setho sa Big, o itshepe, o be le bokgoni ba ho bua le batho, o ahe dikamano tse tiileng, o be le boitshwaro mme o hlomphe meetlo ka ho fapana ha yona.
Ho boela hape ho dikopanwe moo ho buuwang ka dihlooho tse fapaneng tse kang tlhekefetso ya mefuta yohle, peto, moferefere le ho tshediswa ha ba utlwileng bohloko.
Ke bo mang bo Little"
Ke ngwana ofe kapa ofe ya dilemo di tsheletseng ho ya ho 18, ya hlokang tataiso mme hape a hloka ho ba le mehlala e metle bophelong.
Kopano ya pele ya Big le Little o bitswa "Match Day." Ba qala ho tsebana, ba nehane le mehala mme ba hlophise hore ba tla bonana neng hape. Ka mora moo, ba kopana hang ka beke, nako e ka etsang hora selemo kaofela. Dikamano tse ding di nka nako e telele le ho feta moo.
"Ho na le bo Bigs ba bang ba qetellang ba nkile bo Littles ba bona semolao hore ba ikgodisetse bona," ho bolela Mason.
Jwalo ka setho sa Big, o ka nna wa thusa Little wa hao ka mosebetsi wa sekolo, o mo rute bokgoni bo bong ba mosebetsi, le bapale mmoho - empa tabakgolo ke hore le be metswalle.
"Hona le bana ba bang le tshepo ya bokamoso bo botle ka lebaka la leano lena," ho bolela Mason. "Ba qale ho sebetsa hantle le sekolong mme ba itshupe jwale hore ba na le maikemisetso a ho fihlela maemo a hodimo bophelong."
Empa leha ho le jwalo, re sa ntse re ena le mathata - re hloka banna leanong lena. Re etsa boipiletso banneng ba batho ba batsho, re re le sa emetseng re aha setjhaba" Ke nako ya hore le lona le nke boikarabelo ba ho tlisa phapang maphelong a batho ba bang! [s]
BAKENG SA DITLHALOSETSO TSE DING
Letsetsa 011-475-4660.
