sotho.2956.consumernew
Diselefounu?
Na o a tseba ka
WAP. 3G. GPS. GPRS. Digital zoom. Ke o dikelletse? Ithute ka ditlhoko tsena tsa selefounu, o se nna o qhekellwa ke barekise...
BONGATA ba rona re sebedisetsa diselefoune tsa rona bakeng sa ditlhoko tse tlwaelehileng feela. Ka hoo, ha ho makatse hore dipatlisiso tseo re sa tswa di etsa di bontshitse hore bongata ba rona, re a tseba ka dikhamera tsa diselefounu mme ba bane hara ba bahlano ba tseba le ka di-MMS, empa ke ba mmalwa haholo ba tsebang ka mantswe a kang 3G, WAP le GPRS.
Ke di fe tseo o hlokang ho di tseba ka melemo ena e meng ya selefoune - mme ke efe e seng bohlokwa hakaalo? Ke tsena dikeletso tse ka o thusang hore o tsebe ho botsa morekise wa selefounu ka nako e tlang dipotso tse nepahetseng mohla o rekang e ntjha...
BLUETOOTH:
Ke mokgwa
wa tegniki o sa sebediseng dithapo, o hokahanyang dietswa tsa motlakase tse kang diselefounu le dikhomputara tse arohaneng ka 3m. E sebediswa le mabenkeleng a maholo ho romela melaetsa ya tlhokomediso. E hloka ho kenngwa motjheng pele e sebediswa.
DIGITAL ZOOM: Khamera e kgona ho atametsa setshwantsho hore se shebahale se le seholo hantle leha se le thoko. Di ba ntle empa o tla hloka ho ba le optical zoom lens - leha e etsa khamera e be tenya.
GPS: "Global Positioning System" e sebedisa satalaete ho tseba sebaka seo o leng ho sona leha o lahlehile. Di a fapana, ha re etsa mohlala, ka Nokia, o tlameha ho kena ho server hape mohala o be le WAP. Ho ya ka tumellano ya hao, o ka lefiswa nakong eo o keneng ho server. Athe tse ding (tse kang HTC), o ka nna wa lefiswa tjhelete e itseng ha nngwe feela bakeng sa molemo oo mme seo o se hlokang feela ke SIM card.
LCD: "Liquid Crystal Display." Ke seipone se seholo sa mohala se hlahisang ditshwantsho tsa boleng.
MICROSD: E kenngwa mohaleng mme e thusa hore o kgone ho boloka dintho tse ngata hape o kgone ho hlakola tse ding, jwalo jwalo.
MP: Ke "megapixel" e bolela boholo ba setshwantsho seo o ka se nkang ka mohala le boleng ba sona ha o se hatisa - 2MP ke e bohareng e hantle ha o batla ho di romela ka MMS kapa ka e-mail; 5MP ke e ntjha ya maemo ha e tshwantshwa le 8 ho ya ho 10MP.
MP3: O ka boloka ditshwantsho, o di bapale ka nako e tlang. MP4 e ntjha e matla e bile e etsa le digital video.
PICTURE ID: E o dumella ho kenya setshwantsho mohaleng hore o bone ya o letsetsang.
PUSH E-MAIL: E romelwa ka mohala mme o kgone ho sheba le melaetsa ya e-mail mohaleng.
TOUCHSCREEN: O kgona ho tobetsa ka monwana kapa ka seetswa sa teng se ikgethang seiponeng sa mohala. Mohala wa teng o boi .
TV OUTPUT: O kgona ho bona ditshwantsho le di-video tsa yona ho TV o sebedisa kheibole ya teng e ikgethang.
WAP: "Wireless Application Protocol," o ka sheba sohle ho Web mohaleng wa hao. [s]
Pale ka: Patricia McCracken
KA HO PANYA HA LEIHLO!
Re a utlwa ka 3G, ebe e bolelang hantlentle? E, 3G ke moloko wa boraro wa tegniki ya diselefounu, e romelang melaetsa e boholo ba 2.5G. Bakeng sa bareki ho bolela hore o fumana ditshebeletso tse ngata, tse kenyeletsang le ho hula ditaba ho Internet ka potlako e kgolo. 3G e fumaneha mmoho le...
GPRS: O se e ferekanye le GPS, "General Packet Radio Service" e potlakisa melaetsa ka dipakana bakeng sa hore e kene e latellana ka bonngwe. Molemo wa yona ke hore SA ditjeho tsa hao di ya ka nako eo o e dutseng ho Internet le bongata ba ditaba tseo o di hulang teng.
EDGE: "Enhanced Data For Global Evolution" e romela melaetsa ka ho panya ha leihlo jwalo ka GPRS. O kgona ho e sebedisa ha o le dibakeng tse itseng feela tsa naha ena jwalo ka ditoropong tse kgolo.
HSDPA: E potlaka ho feta EDGE, e hula melaetsa ka pele ho Internet. O kgona ho e sebedisa ho ya ka mohaleng le network eo o e sebedisang.
BAREKI
