sotho.2953.bec success-tips
JWALO ka Maafrika Borwa a mangata, Charles Ndabeni, le yena o hodisitswe ke nkgonwae nakong eo mmae a neng a sebetsa diketjeneng. O hlahetse Florida, ka borwa bophirima ho Johannesburg mme a holela sebakeng se senyane sa Uitkyk, se mane Groot Marico.
Sekolo sa Bekkersdal ke sona se mo betlileng ho tsa dipolotiki le tsebo ho tsa setso. "Ke bile lehlohonolo," ke yena eo. "Ke ne ke le motho ya rutehileng ka nako eo."
Charles Ndabeni o hlalosa thuto ka hore: ke sephetho sa ho rutwa. Re ne re na le matitjhere a pele, banna le basadi ba neng ba na le tjhebelopele, maikemisetso, boitshwaro le boitshepo. Ba ne ba emetswe le mane ditherong tsa Tsoselletso ya Afrika."
Jwalo ka ha ho etsahala baneng ba kajeno, e ntse e le mathata le kajeno, bana ka mora materiki ba atisa ho batla mosebetsi hobane ho se tjhelete ya ho ntshetsa pele dithuto.
Le lefapha la mosebetsi oo a neng a rata ho ithutela ona, le ne le hlolehe ho mo thusa ka tjhelete ya ho ntshetsa pele dithuto tsa hae. O ne a qete dilemo tse pedi tjhankaneng ya Krugersdorp ka lebaka la ho tshwarelwa ho tsamaya moo a neng a sa dumellwa teng ka 1985.
Ha a ne a lokollwa ka 1989, a ikamahanya le mokgatlo wa dikereke, South African Council of Churches (SACC), a sebetsa jwalo ka mosebeletsi wa toka le poelano mane Khotso House, Johannesburg.
Dilemo tse hlano a le ho SACC, di ne di mo tswele molemo, haholoholo boetapeleng.
O ne a fumane monyetla wa ho sebetsa le dikakapa tse kang Mobishopo Desmond Tutu, Dr Frank Chikane, mofu Dr Beyers Naude, Saki Macozoma, Joe Seremane le Dr Brigalia Bam, ha re bala ba mmalwa.
Re ka bua le ka ba neng ba le pele mokgatlong wa Toka le poelano ho SACC ba kang Joyce Mokoena, Eddie Makue, mofu Sol Tsotetsi, Mcendisi Siswana le moruti Gift Moerane, le bona ba bile le seabo se seholo ho yona.
Nakong eo, o ne a sebetsa ho ntshetsa pele kgotso le poelano dibakeng tsa morusu tse kang Thokoza, Vosloorus, Bekkersdal, dibaka tse bohareng ba KZN esitana le Bophuthatswana.
Ho sebetsa ha Charles Ndabeni ho SACC, ho ne ho mo nehe monyetla wa ho hahlaula le Afrika esitana le dibakeng tse ding tsa lefatshe. Ho yena ena e ne e le nako ya ho iphekola, ho fumana lerato, mamello, ho kwallwa, boinehelo le ho hola.
Ka 1994, o ne a sebetse le IEC nakong ya dikgetho tsa naha mme hape a ya qeta selemo Eisenhower Fellow mane United States. Ka nako eo, o ne a ntlafatse boiphihlelo ba hae ho tsa kgokahanyo, ho lamola le tsa thero ya kgotso.
Hona leetong leo la hae, o ne a kgothatswe ke batho ba bangata mmoho le Presidente Thabo Mbeki jwalo ka ha ho sohle seo ba neng ba se etsa, ba ne ba tiisa taba ya toka, botshepehi le tshwarelano. Hape o leboha ditjhaba tse kang sa Matloang mane Potchefstroom le Goedgevonden mane Ventersdorp, ba neng ba mo rute hore 'motho ke motho ka batho.'
Ka 1996, o ne a kene ho North West Parks and Tourism Board ya ba motshwari kakaretso ho tsa papatso le ntshetso pele Lefapheng la Temo le Paballo ya Tlhaho. Hara mesebetsi a neng a e etsa, o ne a beha lebatowa leo jwalo ka polokelo ya dintho tsa setso Afrika Borwa mme e nyolla moruo wa naha maemong a dinaha tsa matjhaba.
Ka nako ena, o ne a qetele diploma ya hae ho business administration. Ka Phupjane 2003, o ne a nyollelwe maemong a ho ba Chief Executive Officer ya North West Parks and Tourism Board, moo teng mosebetsi wa hae e neng e le ho laola esitana le ho nka boikarabelo ba boto eo kaofela.
O ne a kgothatswe ke bokgoni ba naha ena le kontinente ya Afrika ka kakaretso haholoholo ho thehwa ha leano la NEPAD ke Kopano ya Dinaha tsa Afrika. O ne a dumela hore tsa bohahlaudi ke seo bohle re tlamehang ho se phela. Mohatsa Charles ke Olebile mme ba na le bana ba babedi.
BONA SESOTHO - February 2006
O HOTSE KA THATA, KAJENO KE MOETAPELE YA PELE
Charles Ndabeni - CEO ya North West Tourism
Bofutsana, tjhankana, merusu ya dipolotiki le ho arohangwa le lelapa, ha ho a ema tseleng ya katleho ya hae
Taste the Soul of Africa... Taste Success with Mageu Number 1
Mokete wa dikgau o bitswang Mageu Number 1 Small Business Awards, o thehetswe ho kgothatsa babadi ba BONA ho iqalla dikgwebo tse nyane.
Tlhodisano ena e tla nka selemo kaofela ho tloha ka Mphalane 2005 ho ya ho Mphalane 2006. Ba fihletseng makgaolakgang jwalo ka kgwedi ba tla phatlalatswa ho BONA. Bahlodi ba tla phatlalatswa moketeng wa mabenyane mane Johannesburg ka Pudungwana 2006.
Se lebale ho kgomaretsa bonyane barcode e le nngwe ya Mageu Number 1 mme o se lebale ho kenya dintlha tsa hao. Hape o tlameha ho kenya dintlha tsa kgwebo ya hao jwalo ka boholo ba yona, sebaka seo e leng ho sona le mofuta wa yona jwalo ka hore, o rekisa dijo, ke spaza shop jwalo jwalo. Ditlankana tsa ho kenela di a fumaneha ho website e reng:
www.empowermentclub.co.za [s]
BONA SESOTHO - February 2006
MAELE A KGWEBO A CHARLES NDABENI:
1 Bohokahanyi.
2 Ikopanye le baetapele.
3 Sebedisa menyetla.
4 Hopola hore Sesotho se re 'motho ke motho ka batho ba bang.'
5 Tshepahala kgwebong.
6 Eba le kgotso.
7 Lekola menyetla.
