sotho.2951.rape
Peto:
O ka tlaleha peto jwang
People Opposing Women Abuse (POWA) ke bona ba re thusitseng ho bokelletsa ditlaleho tsena:
1 O ka tlaleha peto seteisheneng sefe kapa sefe sa mapolesa - ha ho hlokahale hore ebe se haufi le sebaka sa heno kapa moo ketsahalo ena e etsahetseng teng.
2 Ke nnete ho na le ditlaleho tsa mapolesa a hanang ho thusa batho ba betilweng kapa ho ba bulela nyewe haholoholo ha e le basadi ba betilweng ke baratuwa ba bona - empa molao ha o dumelle mapolesa ho etsa jwalo, ho ya ka moo POWA e bolelang ka teng.
Ha lepolesa le sa o thuse, kopa ho buisana le mookamedi wa seteishene seo kapa o kope Station Commander.
3 Se potlakela ditaba ha o bolela tsa ketsahalo ena. Iphe nako ya ho nahana hantle o leke ho hopola sohle se etsahetseng.
4 Athe ha motho eo a kile a o hlorisa pele kapa a sa qale ho o beta mme o kile wa mo repota kapa tjhe, o tla lokela ho hlalosetsa lepolesa leo o buang le lona e le hore le tsebe ho sheba lebaka le neng le etse hore nyewe eo e se ke ya ntshetswapele le hore dipaki tsa hao e ne le bomang le ditlaleho tse ding tsa bohlokwa.
5 Etsa bonnete ba hore o bonana le ngaka ya mmuso e le hore e tsebe ho o hlahloba ka tshwanelo e o nehe kalafo e o loketseng. Leha ho se monate empa ho bohlokwa hore o se ke wa hlapa ka mora ho betwa hobane hona ho senya bopaki. Leka ho sheba sena e le tsela ya ho netefatsa hore ya o hlorisitseng o tla fumana kotlo e mo loketseng.
6 Pele o tsamaya seteisheneng sa mapolesa, netefatsa hore o tseba:
Lebitso la seteishene seo
Lebitso la lepolesa le tla etsa diphuputso ka taba ena
Nomoro ya hao ya nyewe
Nomoro ya mohala moo o tla ba founele ho utlwa ka tswelopele ya nyewe.
BONA SESOTHO - June 2006
Tokelo ya hao ya ho itshireletsa
mofuta
o mong wa polao
O HLONAME ekare o shwetswe ke ba habo kaofela. O ikutlwa eka o hatelletswe ke moya o ditshila, mmele wa hae o nkga hampe mme ekare ho na le dintho tse mo tsamayang mmeleng. "Nako le nako ke utlwa seboko se tshabehang ditsebeng tsa ka," ke yena eo. "Ha ke leka ho itiisa hore ke se ke ka lla ke utlwa ekare mmele wa ka o a opa, e ka ke otlilwe ha bohloko, ekare ke hlahetswe ke ntho e tshabehang, ekare pelo ya ka e hlabilwe ka tsenene."
Eo ke Nomusa (ha se lebitso la hae la nnete) ha a leka ho itebatsa bomadimabe bo neng bo mo hlahele dikgweding tse 18 tse fetileng, a etswa mosebetsing. O ne a tsamaya jwalo ka tlwaelo ha a theoha tekesing le moahisane wa habo.
Ba feta moo ho leng lerotho ka thoko ho sekolo seo bobedi ba neng ba kena ho sona. Monna eo a mo hulela ka thoko ho tsela. A mmeha thipa molaleng, a mo beta.
"Ke ikutlwa ekare ke sethoto se makatsang hore ebe ha ke a hlokomela hore o nkwetletse lerumo, ke balehe," ho bolela Nomusa. "Ke ne ke le dihlong hampe - ke bona ekare ke tla tlotlolla le ba lelapa leso ha ke tlaleha taba ena."
Haufinyane o ne a kena sehlopheng sa mahlatsipa a peto moo a thuswang ho fetisa ketsahalo ena hore a tsebe ho tswelapele le bophelo.
O dumela hore ho bua ka peto ho mo thusa ho lebala ka se neng se etsahale ho yena hape a kgone le ho thusa basadi ba bang bao e leng mahlatsipa. Empa nnete ke hore Nomusa a ke ke a hlola a lebala lekgale. Hohle-hohle hona o ne a itebatsa yona mme sena se ne se tshwana le ho ikahlolela lefu.
Nomusa a itela ho tobana le bophelo ba hae leha kajeno a le HIV-positive. Empa hona ho ne ho sa hlokahale hohang.
Tokelo ya ho pholosa bophelo
Motho o lokela ho nka mehato ya bohlokwa ho fetisa bohloko ba ho betwa, ho ya ka Sister Dudu Mofokeng wa Ukuba Nesibindi, moo ho tshediswang ba betilweng mane Thekong ho Warwick Triangle:
n Ke nnete o hloka dikeletso tsa profeshenale leha tshehetsho ya ba lelapa le metswalle e le bohlokwa.
n Dihoreng tse 72 motho a betilwe, o tlameha ho nwa meriana ya antiretroviral ho fokotsa menyetla ya ho kenwa ke EITSI. E fumaneha ngakeng ha o tlaleha peto mapoleseng kapa ho ba mekgatlo e itseng (letsetsa ho LifeLine kapa Stop Gender Helpline ba lekala le haufi le wena).
Dipersente tse 40 tsa bahlankana ba dilemo di pakeng tsa 20 le 29 - ke bona ba atisang ho beta - athe hape ba na le kokwanahloko ya EITSI ho ya ka moo dipalopalo tsa ba ha People Opposing Women Abuse (POWA) di bolelang ka teng. Ke ka hona ho leng bohlokwa hore re be le sebete sa ho beha tsietsi ena bakeng sa thuso.
Kalafo ya ho thibela EITSI ke tokelo ya hao ha o betilwe, ho ya ka molao wa naha wa tsa bophelo bo botle, ka hoo se dumelle mang kapa mang ho o nahela ka tokelo eo.
Hona ha ho ye ka hore o tlalehile peto sepoleseng kapa tjhe. Empa ke nnete hore ha o entse jwalo, ngaka ya mmuso e tla o thusa mohlomong ke ona mokgwa o bonolo dibakeng tse ding wa hore motho a fumane kalafo ena ka nako.
Ho alafa bohloko ba ho betwa
Sister Mofokeng le bao a sebetsang le bona, ba kopana le basadi ba ka bang 30 ka kgwedi bao ba bang ba bona ba leng dilemo di 50, ba betilweng. Ke palo e kgolo haholo eo ka letsatsi, ya batho ba balehelang hara toropo ya Thekong.
"Lehlatsipa la peto le ebe le tetebetse maikutlo le bile le ferekane," ho hlalosa moeletsi wa Ukuba Nesibindi, Bongiwe Thusi, "mme rona re mo thusa hore a kgone ho laola maikutlo a hae.
"Batho ba bang ba bangata ba tetebela meya dikgwedi tse tsheletseng ho ya selemong athe ba bang bona ba nka dilemo tse mmalwa. Mahlatsipa a peto a rata ho dula a bua ka yona," ho hlalosa sebui sa People Opposing Women Abuse (POWA). "Ka nako e nngwe o nka ka hore ke yena ya molato mme a se ka a itshepa.
"Empa mo tshepe, o tla thusahala, ha a fumana tshehetso e ntle, a nehwa nako e lekaneng, tsohle di tla feta."
Pele peto e ne e ntho ya ho utlwisa motho bohloko le ho mo tlosa seriti - empa kajeno e ka nna ya eba kahlolo ya lefu ka lebaka la HIV/AIDS
pale ka PATRICIA McCRACKEN
Leano la Molao wa EITSI le re thusitse ho bokelletsa ditlhalosetso tsena tse molemo:
1.Dihoreng tse 72 motho a betilwe, o lokela ho hlahlela nyewe ya hae mapoleseng, ao ona a tlang ho mo fetisetsa ngakeng ya mmuso kapa sebakeng se seng se thusang batho ba betilweng.
2. Ba botse ka kalafo ya antiretroviral e thusang ho fokotsa menyetla ya ho kenwa ke HIV - yona e bitswa post-exposure prophylaxis kapa PEP.
3. O tla eletswa ho etsa diteko tsa HIV - mme o thuswe hore o tle o amohele sephetho sa ona se le setle kapa se le sebe.
4. O hloka ho nehwa kalafo ya PEP e tla nka matsatsi a mararo ho fihlela sephetho sa diteko tsa madi a hao se etswa.
5. Ha madi a hao a le HIV positive, o tla tlohela ho nwa meriana ena ya PEP mme o tsebiswe ka mefuta e meng ya kalafo eo o ka kgethang hara yona.
6. Athe ha o le HIV negative teng, o ka nna wa kenwa ke kokwanahloko ya HIV mohlomong ka mora nakwana, ka hoo o tla tswelapele le kalafo ya PEP. Etsa bonnete ba hore o fumana kalafo e lekaneng ho nka matsatsi a 28.
7. Ka nako e nngwe kalafo ena ya PEP e ka nna ya o tshwara hampe, mohlomong o tshwarwe ke hlooho, o kgophohe, o kgathahe, o tsholle o be o nyekelwe ke pelo. Athe ha o ka e tlohela teng ntle ho taelo ya ngaka o tla be o beha bophelo ba hao kotsing e tshabehang.
8. Le ka mora hore o qete ho ja kalafo ya PEP, o ntse o tla hloka ho ya etswa diteko tse ding tsa madi hanngwe kapa habedi - dibekeng tse tsheletseng ho ya dikgweding tse tharo ka mora diteko tsa pele.
Se lebale ho botsa ka pidisi e bitswang morning-after e thibelang kemaro le dipidisi tse ding tse bolayang dikokwanahloko ha mohlomong e ka nna ya ba o kenwe ke mafu a mang a nelehetsanang ka thobalano.
Seo hlokang ho se tseba ka peto, le ka moo o ka thibelang HIV ka teng
BONA SESOTHO - June 2006
Moo o ka fumanang thuso
LifeLine: 08612-322-322
Child Line: 0800-055-555
POWA: (011) 642-4345/6; a/h 083-765-1235
AIDS Helpline: 0800-012-322
Stop Gender Violence Helpline: 0800-150-150
