sotho.2950.aya
'Lerato le a arolelanwa'
Aya o ho TV. "Mosebetsi wa ka o mongata haholo ha ke na nako ya marato," ho bolela yena.
BONA SESOTHO November 2008
NALEDI
O ipitsa "Sistah Of Love," ke e nngwe ya dinaledi tseo Afrika Borwa e dulang e thehile tsebe ho di utlwa Sontaha se seng le se seng...
pale ka Doug Gordon
LEBALA ka dikoranta tsa menyenyetsi - sebini sa soul, Aya Mpama (24), seo e leng sebohodi sa lenaneo la dipuisano la SABC 1, Soul Sundays, moo o utlwang maikutlo a dinaledi tseo o di ratang. Ke ka moo Sistah Of Love a di ratang di le ka teng.
"O bua le baeti ba hae ka ka moo dipina tsa lerato di etsang ba ukutlwe ka teng le se etsang ba ikutlwe ba lokolohile ha ba qoqa," o boletse jwalo ka botle. "Ke ba kopa ho re binela melanyana ya dipina tsa bona mme re bue le ka bophelo ba bona."
Ha re utulle mahlatso a bona, re batla ho utlwa ditaba tsa lerato le ho arolelana le bona maikutlo le ona maele a bohlokwa.
"Lerato re lokela ho le arolelana," ho bolela Aya. Empa o re yena ha a na moratuwa ha jwale ho fihlela ha a le dilemo di 30. "Ke qakehile haholo ke mosebetsi," ho hlalosa yena.
"Ha ke na nako ya ho ithabisa le baratuwa." Aya o ikakgela ka matla ho seo a se etsang mme a lebelle kamohelo o mofuthu, a batle ho tshwarwa jwalo ka mafumahadi wa sebele.
"Ke rata boithabiso haholo mme ke thabela le melaetsa ya di-SMS, dipalesa esitana le ho rekellwa ditjhokoleiti. Ke batla ho ratwa nna ke monna, e seng bosawana."
Seo Aya a se ratang haholo ka ho ba le molekane ke hore o kgona ho ba le motho eo le ithabisang le yena ha o se mosebetsing: Le ikgatholla mmoho ka dijo le veine le shebelle le mmino le difilimi. Ke ka hona ke thabelang ho ba sebohodi sa lenaneo la Soul Sundays hakana," ho bolela yena.
"Ha jwale, ha ke na motho eo nka ithabisang le yena empa ke kgona ho ithabisa ha ke ena le baeti ba ka, hona lenaneong lena."
Ka nako e nngwe o kopana le batho ba mo kgahlang. "Nke ke nahane ka thata ka mohlankana eo ke mo ratang, eo ke so kang ke kopana le yena," ho bolela yena. "Jwalo ka L'il Wayne - naledi ya mmino.
"Kapa yena Siyabonga Nkwekazi, sebohodi sa lenaneo la The Real Goboza. Ke ne ke mo rata haholo ke sa kena yunivesithing ke mo bone ho Street Journal. Re metswalle jwale mme ha ke sa mo rata jwalo ka pele, ke se ke bone ba bang."
Ke sona seo a lekang ho se hlahisa lenaneong la Soul Sundays. O re lenaneo lena la baratani le qadile ka Hlakubele mme le hlophiseditswe selemo kaofela.
HARA baeti ba hae ho fihlella jwale re ka bala Simphiwe Dana, DJ Sbu, Ntando le Katlego Danke.
"Ke ba phomosetsa kofi le dikuku," ho bolela Aya, ya neng a sa tshabe ho botsa Sbu ka moo lefu la moratuwa wa hae le neng le ame mmino wa hae ka teng le hore ho kgaohana ha Simphiwe le moratuwa wa hae wa dilemo ho ne ho tjhentjhe boqapi ba hae ba mmino jwang.
"Ho ne ho makatse ho utlwa a bua ka bolokolohi ka dikamano tsa hae le bana ba hae mme ka ba motlotlo haholo ha ke hlokomela hore o a ntshepa," ho bolela Aya.
Bamamedi ba a founa le bona ba botse dinaledi tsena tsa bona tsa mmino wa jazz, wa soul le wa R&B, bang ba kope ho bapallwa di-video tse itseng tsa mekaubere ena.
Dinaledi di a phuthuloha, mme Aya o a ipabola sedikadikweng sena sa mmino - ke setlabotjha se neng se ikgapele ditumellano tsa ho rekota ka ho nka maemo a bobedi tlhodisano ya Idols.
"Ke tseba dinaledi tse ngata tse kang Loyiso le Lira, tseo nkileng ka sebetsa le tsona," ho bolela yena.
"Empa Chomee, re ne re qala ho kopana. Ke ne ke hlola ke mo bone a bina ka dikete tse kgutshwane, mme ke ne ke tshohile ke nahana hore ho ka nna haeba le dimakatso moqoqong wa rona.
"Empa tsohle tsa tsamaya hantle. Chomee a bua ka dithuto tsa hae tsa media studies tseo a di etsang."
AYA O TSEBA hantle hore ho bohlokwa ho ba bohlale ho feta ho tshepa botle. O hlahetse Swatsing, a kena sekolo Thekong, a bala le Yunivesithing ya Natala moo a entseng teng dithuto tsa mmino le drama.
Tlhodisano ya Idols e ne e mo kenye mminong hanghang ka 2005, a fumana ditumellano tsa ho hatisa selemong sa pele a tswile yunivesithing. Albamo ya hae, A State Of Aya e totobaditse hore ke sebini se matla sa jazz.
Soul Sundays e entse hore a mengwe ka mahohle lehlabuleng lena. "Ha ke liking ya bonaledi empa ho hlahella ho TV beke le beke ho etsa hore ke tsebisahale le ho feta," ho bolela yena.
"Ke ne ke sa lebella hore ke tla etleha ka pele hakana. Batshehetsi ba Soul Sundays ba mokgelo ho ba mmino wa ka - ba a ntumedisa ha ba kopana le nna mabenkeleng a maholo le mebileng mme bohle ba na le dipina tsa lerato kapa dipale tseo ba batlang ho qoqa ka tsona."
O re ka nako e nngwe dipale tsena di hlomola hoo motho a beng a sekise meokgo. Jwalo ka ya mme ya neng a kope pina ya Christina Aguilera, Hurt bakeng sa moradi wa hae ya neng a hlokahale kotsing ya koloi.
"Ke ne ke amehe maikutlo ha bohloko," ho bolela Aya. "Le motjha ya neng a imme, moratuwa wa hae a mo balehela. O ne a ena le tshepo ya hore mohlomong o tla tjhentjha maikutlo ka mora ho bona video eo.
"Lerato ha se ntho feela ya moshanyana ha a qala ho bona ngwanana eo a mo ratang empa ke pale ya nnete ya Afrika Borwa - monate wa ho hlahisa maikutlo a hao, a monate le a bohloko.
"Ke sona se amang motho maikutlo haholo." [s]
"Ke rata bahlankana bao ke so kang ke ba bona le ho ba bona"
"Meqoqo ya rona e hlahisa botebo ba nnete ba maikutlo a Maafrika Borwa - monate wa ho utulla dintho tse itseng bophelong le bohloko ba tahlehelo," ho bolela Aya.
BONA SESOTHO November 2008
