sotho.2949.bank chrges
Hlola
ditefello tsa banka
EKABA o e mong wa mahlatsipa a matjha a dibanka" Diketekete tsa Maafrika Borwa di kgollwa hore di qobellwa hore di bule diakhaonto tsa bankeng molemong wa ba bang.
Ditjhelete tsohle di se di lefuwa ka khomputara bankeng. O ka amohela ka beke kapa wa amohela pei ya mmuso tsohle di etswa ka khomputara. Ka hoo, ha ho mathata a basebeletsi ba tshireletso esitana le ba tla lefa.
Kapa le wena o e mong wa dimilione tse tletlebang ka ditefello tse hodimo tsa dibanka tse bileng di qobellang hore Khomishene ya Ditlhodisano e etse dipatlisiso"
E sa le hoseng haholo hore re ka bolela ha sena se ka etsa hore letona la tsa ditjhelete, Trevor Manuel le etse seo le neng le se bolele hore le ka se etsa dibankeng dikgweding tse 18 tse fetileng. Bala pale ena mme o bone ka moo o ka qobang ditjeho tsena tsa bankeng ka teng. Ke o na mokgwa...
Tshwana le rakgwebo
Se natse dipapatso tsohle tsena tse hohelang, tse bolelang hore dibanka di hlokomela batshehetsi ba tsona ka tsela e ikgethang. Hopola hore ba kgwebong mme ba tlameha ho etsa phaello bakeng sa beng ba diabo, ka hoo le wena e ba bohlale jwalo ka bona.
Sena se bolela hore o:
lBale ditjeho tsena ka hloko: Sena se tla etsa o se tatele ho bula akhaoto e tla etsa o lefelle ditshebeletso tseo o sa di hlokeng - kapa ka nako e nngwe e be e sa tlo o neha seo o se hlokang (jwalo ka debit order) o qetelle o na le diakhaonto tse pedi tse sa o tsweleng molemo.
lTseba seo o se hlokang: Ha ho molemo hore o be le tshebeletso e ditefello di tlase empa o fufulelwa pele o ka fumana tjhelete ya hao.
lEba sedi: Dibanka tse ngata di o bolella ka molemo wa karete ya bankeng e o nehang bolokolohi ba ho ntsha tjhelete motjhining bosiu le motsheare. Ba tiisitse, empa sheba hore na sebakeng seo o atisang ho tsamaela ho sona e mekae metjhini eo. Ho seng jwalo, o tla iphumana o ntsha tjhelete leha e le motjhining o fe feela o kopanang le ona, e leng se tla o etsa o lefe ditjeho tse ka fihlellang ho R5 ka ho ntsha tjhelete motjhining oo e seng wa banka ya hao (SASWITCH).
Haeba mohlomong o na le akhaonto ya ha ABSA ya FlexiSave kapa ActiveSave, hopola hore ba na le metjhini e tsheheditsweng ke bona ba ha ABSA mona mabenkeleng, dikharatjheng le dibakeng tse ding mme ha o ntsha tjhelete metjhining eo, o lefa R2,80 ntle le ditjeho tsa ho ntsha tjhelete.
lDilemo tsa hao: Haeba o le moithuti kapa o le dilemo di ka tlase ho tse 24, o tlameha ho ba sedi hobane dibanka tsena di hlile di shebile batjha hobane ba sa na le nako e telele bophelong.
Itjhebe
Ho qoba mathata ka akhaonto ya hao, tseba ditlhoko le tjhelete eo o nang le yona. Ipotse hore:
O rata ho tshwara tjhelete letsohong: O rata ho tshwara tjhelete ka matsoho, o lefe mekitlane ya hao ka tjhelete letsohong. Ha ho le jwalo, sheba akhaonto e sa bitseng ha o ntsha tjhelete:
uPostbank Smartsave, ha e na ditjeho tsa ho ntsha tjhelete mme le tekanyetso ya tjhelete o e ntshang e dutse e le tlase. Athe hape o ka nna wa sebedisa bukana ha o le motho ya dutseng a rata ho tseba hore o na le bokae bankeng - empa ka bukana o kgona ho ntsha tjhelete ka dihora tsa mosebetsi feela.
uFNB Smart Account e o neha monyetla wa hore o ntshe tjhelete metjhining ya ho lefa mona mabenkeleng esitana le metjhining e menyane ya ho ntsha tjhelete ka R1,50 - empa lebenkele ke lona le ka o behela tekanyetso ya tjhelete eo o ka e ntshang ho ya ka tjhelete eo ba nang le yona lebenkeleng. Ho ATM e tlwaelehileng, o ka lefa tjhelete e finyellang ho R6 ha o ntsha tjhelete e fihlellang ho tekanyetso ya karete ya hao.
uCapitec yona e bitsa R1,80 ho sa natsehe hore o ntsha bokae mme o fumana lenaneo la ditjhelete mahala. Leha banka ena e sa le nyane, e se na makala a mangata dibakeng tse ding, empa e sa le yona feela e bulang dihora tse ngatanyana.
uAkhaonto ya banka ya ha Pick 'n Pay e o bitsa R2 feela ho ntsha tjhelete mabenkeleng a teng, e be R3 haeba o lefella le thepa o e rekang ka nako e le nngwe.
uAkhaonto ya Mzansi yona e o bitsa R4 ho ya ho R5 ha o ntsha tjhelete motjhining, empa ho ya ka banka - hape haeba o ntsha ka makgetlo a fetang bohlanong ka kgwedi, o fumana kahlolo.
uNedbank Transactor account yona e bitsa R4,45 ha o ntsha tjhelete motjhining, e leng tjhelete e nyane ho feta ya Mzansi mme hape e na le molemo wa debit order eo Mzansi e se nang ona, empa posong teng, e teng.
O rata karete: O rata karete ya sekoloto kapa ya bankeng mme ha o rate ho tsamya le senyethe sa tjhelete. Hopola he hore:
uKa karete ya bankeng, o ke ke wa sebedisa tjhelete e fetang o nang le yona bankeng, empa se lebale hore ho teng ditefello nako le nako ha o e sebedisa - ntle le ha Capitec moo tshebeletso ena e leng mahala. Dibankeng tse ding, o lefa pakeng tsa R1,50 le R4,90 ho ya ka banka o e sebedisang.
uHa ho ditjeho tsa letho ha o sebedisa karete ya sekoloto - ha lebenkele le ka o lefisa ka ho e sebedisa, le tlalehe bankeng.
uHo na le ditjeho tsa karete ya sekoloto tse lefellwang hang ka selemo. Ho na le dibanka tse kang FNB tse lopetsang batshehetsi ba batjha ka ho neha ditho tse ding tsa malapa a bona dikarete tsena. Ha o etsa jwalo, motho ohle ya nang le karete, o tlameha ho hlahisa resiti ha a tswa sebedisa karete ya hae mme ho ngolwe fatshe le ntse le hlokometse hore le se fetise tekanyetsong ya lona.
uQoba ho nna o ntsha tjhelete kgafetsa motjhining hobane ho a bitsa. Ntsha tjhelete e ngata hang. E ntshe tlasa maemo a tshohanyetso.
O rata ditjheke: Ha ho le jwalo hlokomela...
uOna ke ona mokgwa o bitsang wa ho lefa jwalo ka ha dibanka di se di qeaqea ho sebedisa ditjheke hobane di na le bonyofonyofo haholo.
uHo lefa ka tjheke ho a diehisa hobane banka e nka matsatsi a 15 ho netefatsa tjheke.
uHa o sebedisa tjheke, tseba hore dintlha tse kang nomoro ya akhaonto le ya lekala la hao la banka di pepene moo tjhekeng.
uMabenkele a mangata ha a sa di amohela ditjheke ka lebaka la maemo a hodimo a bonyofonyofo naheng ena, ba bang ba o batla bukana ya boitsebiso.
O rata tegniki: O ekeha ha bobebe ke ditshebeletso tseo o di fumanang motjhining wa ho ntsha tjhelete jwalo ka ho ntsha le ho kenya tjhelete kapa hona ho sebedisa selefounu. Tsena tsohle dibanka di di etsa molemong wa tsona wa ho fokotsa lenane la basebeletsi ba tsona. Haeba o sa kgolwe, hlokomela mona:
uHo lefa diakhaonto ka motjhini. Ena tsela e a bitsabitsa, empa e betere ho ena le ho ntsha tjhelete o tsamaye o yo lefa. Mona ha o na letswalo la ho lahla tjhelete, o tlameha ho hlokomela karete ya hao feela.
uHo banka ka Internet. Ho sebedisa tshebeletso ena ho ntse ho itshwanela le ho sebedisa motjhini wa ho ntsha tjhelete leha ho na le melemonyana e meng dibankeng tse ding e kang ho fumana lenaneo la hao la ditjhelete mahala ka khomputara. Sa bohlokwa ke hore khomputara ya hao e tlameha ho ba le software e sireletsehileng.
uHo banka ka selefounu. Batho nang le diselefouno ba bangata ho phetilweng ha 20 ho feta ba nang le Internet mme ke ka hona ho nang le tshebeletso ena Afrika Borwa.
Bala ditjeho tsa hao
Ha o se o bokeleditse tjhelete ya hao, kgetha mofuta o nepahetseng wa akhaonto moo o ka e bolokang teng:
lHo reka airtime: Haeba o rata ho reka airtime, bapisa hore na ho bitsa betere ho e reka motjhining wa tjhelete kapa ka yona selefounu. FNB Smart Account e o bitsa R1,50 ho reka airtime motjhining mme ABSA FlexiSave yona e o bitsa R3. Empa ho ntsha tjhelete e kalo ka R250 motjhining wa ha ABSA, ho o bitsa R5,05. E sa bitseng ho di feta ke Capitec yona e o bitsang 75c feela.
lKopanya: Hopola hore nako le nako ha o sebedisa karete ya hao, o ntse o lefa ditefello tsa tshebeletso ka nngwe. Haeba o tla ntsha tjhelete hanyane hanyane, ho molemo hore o sebedise akhaonto e bitsang hanyane, ho seng jwalo, ho molemo hore o ntshe tjhelete e anetseng hang feela. Ho seng jwalo ho bitsa betere ho lefa ka karete ya sekoloto kapa ya bankeng metjhining e kang ya ha Easypay kapa tjhelete e tshwarwe bankeng kapa o sebedise tjheke ho thibela hore o se tsamaye o tshwere tjhelete.
lKahlolo ya banka: Haeba letsatsi la hao la ho fumana moputso le sa tsitsa, o ka nna wa ba le tahlehelo ka ditefello tsa kotlo ya banka ditshebeletsong tse sa atlehang hobane o se na tjhelete e anetseng akhaontong ya hao. Re o eletsa ho kgetha akhaonto e bitsang betere e kang Standard Bank E-Plan yona e o bitsang R31,50 habedi ka kgwedi leha eba ba hulang tjhelete ba lekile makgetlo a fetang bobeding kapa Capitec yona e o bitsang R2 feela ka debit order e sa atlehang.
Ya ho qetela...
Ha bo sa le yo botshepehi dibankeng matsatsing ana, ao ke mantswe a Thami Bolani wa ha National Consumer Federation. O tlameha ho ba sedi, o hlahlobe ditshebeletso tsa banka ya hao bonyane ha nngwe ka selemo jwalo ka ha ditshebeletso tse ntjha di fihla kgafetsa dibankeng.
Ho tjhentjha akhaonto ho ka o bakela mosebetsi o moholo, o tlamehe ho buisana le lefapha la meputso mosebetsing esitana le mabenkele a ikgulelang tjhelete akhaontong ya hao. Empa leha ho le jwalo, o ka etsa seo haeba feela o tla kgola molemo wa letho. [s]
BONA SESOTHO - March 2006
pale ka PATRICIA McCRACKEN
Phuputso ya BONA
Ekaba dibanka tsa SA di o ja tsuo"
Ho jwalo, ho bolela Dr Hans Falkena tlalehong ya hae ya Reserve Bank dikgweding tse 18 tse fetileng. Ha e bapiswa le dinaha tse kang US, Jeremane, UK, Australia le Canada - SA e tswa pele ka ho bitsa - e feta Canada ka dipersente tse 142 ha re etsa mohlala.
Dibanka tsa Afrika Borwa di lefisetsa ditshebeletso tse ngata haholo mme dipersente tse 55 tsa phaello ya tsona, di di etsa ka ditjeho tsena, ho rialo ba ha World Bank, mme e feta dinaha tse ruileng ka dipersente tse 40, e fete tse mahareng ka tse 30.
Re o tlisetsa ditsela tse tla o bolokela tjhelete ditefellong tsa ditshebeletso tsa banka...
Haeba o rata ho sebedisa tjhelete, hlalefa o kgethe banka e nang le ditefello tse tlase tsa ho ntsha tjhelete motjhining.
BONA SESOTHO - March 2006
u
t
Ha ho sa na botshepehi dibankeng matsatsing ana
