sotho.2947.beauty
BONA SESOTHO - June 2007
1 Iketsetse 'exfoliator'
Exfoliation ke ho hohla letlalo o tlosa makgekgeba hore le madi a phalle hantle. O ka tswaka kgabana ya oatmeal le ya plain yogurt. O di dube ho etsa hlama mme o tshele halofo ya apole e kereitilweng le dikgabana tse pedi tsa lero la sirilamunu e foreshe. Tlotsa letlalo le omelletseng mme o e tlohele metsotso e mehlano pele o iphotla ka metsi a fofo. Itlhakole hantle.
2 Tola ho hlapolla mmele
Tshela letsoho le tletseng la rosemary e foreshe bateng - e tla o thusa ho kokobetsa mahloko mmeleng.
Kapa o tshele halofo ya kopi ya baking soda metsing a ho tola hore letlalo le be foreshe le be boreletsana.
3 Iketsetse 'spa'
Dula ka metsing a tjhesang metsotso e 20, o ntano tshela letswai la lewatle le tletseng letsoho o hohle dirope le dikarolo tse ding, hona ho tla thusa hore madi a phalle hantle ho fokotsehe le dibotjhe. O ka sebedisa dietswa tsa ho hohla makgekgeba hore letlalo le dule le le boreletsana.
Itlhakole o ntano tlotsa mokedikedi wa ho nolofatsa letlalo kapa oli ya mmele ha le omella haholo. Tiisa haholo dikarolong tse kang ditsu le direthe.
4 Ntjhafatsa maoto
O ka sebedisa baking soda bakeng sa foot powder hobane le yona e bolaya bakteria mme e monye mofufutso.
Rosemary e foreshe e tla fokotsa lephoka le lebe la dieta.
5 Hlwekisa mala
Phema dijo, o nwe lero la ditholwana feela matsatsi a mabedi nako le nako ha ho tjhentjha dinako tsa selemo ntle haeba o ena le mathata a bophelo a kang a lefu la tswekere.
Enwa dikgalase tse robedi tsa lero la ditholwana. Lebella ho nyekelwa ke pelo letsatsing la bobedi.
6 Letlalo le letle
Ntho ya bohlokwa e bolokang letlalo le le foreshe, ke dijo tseo o di jang. Enwa metsi a mangata o je bonyane ditholwana le meroho ha hlano ka letsatsi.
7 Iketsetse 'mask'
Letlalo le ommeng: Tswaka kgabana ya mahe a dinotsi le avocado e butswitseng e foreshe.
Letlalo le mafura: Tswaka kgabana ya oatmeal le perekise e thumilweng.
Letlalo le hare: Ebola mme o kgobe cucumber o e tswake le plain yogurt le marothodi a rose water.
Itlotse ka o mong wa metswako ena o dule metsotso e 15 pele o iphotla ka metsi a fofo. O ka nna wa beha selae sa cucumber kapa sa tapole ho kwala mahlo le ho a phodisa, le ho ruruha ho tla theoha.
8 Lwantsha dihloba
Ha di o hlaha lesumatha, inela boyanatshwele lerong la sirilamunu mme o di tlotse.
9 Kokobetsa ho ruruha ha mahlo
Beha boyanatshwele bo inetsweng ka hara chamomile tea mahlong metsotso e 15 ho fokotsa kgatello.
10 Kuta dintshi hantle
Ha di kutilwe hantle di hlakisa mahlo hantle. Netefatsa hore o di kutela kganyeng. Rala mola wa tsona ka petleloto ho o tataisa. Fothola ntshi ka nngwe o qala bohareng o lebisa lehlakoreng la tsebe.
Qala hape o lebisa lehlakoreng la nko. Se di fothole haholo hore di hlake hantle ho tlelella ka mathoko.
11 Tseba letlalo la hao
Le tsebe hore ke la mofuta ofe pele o ka reka ditlolo tsa sefahleho. O le tseba hantle ho feta bohle, ka hoo hlalosetsa setsebi sa ditlolo tsa botle ka lona.
12 Hlapa sefahleho pele o ikwetlisa
Tlosa mekgabiso ya sefahleho pele o ikwetlisa. Ho fufulelwa ho hlwekisa letlalo mme ha masobana a lona a kwetswe ke mekgabiso ya sefahleho hona ho ke ke ha etsahala ka tshwanelo.
13 Tlotsa sunscreen ka dinako tsohle
Maswebe, matheba le ho fiifala ha letlalo - ke a mang a mathata a bakelwang ke botsofadi le ho tjheswa ke letsatsi. Ka hoo, nahana feela ka tjhelete eo o tla e senya o reka ditlolo tsa ho fedisa maswebe letlalong, o ka be o a qobile ka ho itlotsa ka setlolo se nang le SPF15 kamehla.
14 Nolofatsa letlalo ka mahe a dinotsi
Mahe a dinotsi a bonolo a ka thusa ho tlotsa mefuta yohle ya letlalo. Itlotse sefahlehong eka o a se sidila, o ntse o inela menwana metsing a tjhesang. Metsi a thusa ho phothula tshila e kgorametseng. Iphotle ka metsi a fofo.
15 Leka kalafo ya tlhaho
Batla dintho tse ka rarollang mathata a hao a letlalo ka kitjheneng ya hao!
Olive oil e ka nolofatsa moriri o ommeng le o mosesane ntlheng.
Coconut oil ke cleanser e ntle, ke conditioner hape e nolofatsa moriri.
Avocado oil e loketse letlalo le ommeng.
Oatmeal e thusa ho alafa letlalo le ommeng haholo le bileng le hlohlonang le le boi.
Tshela oats ka metsing a fofo a ho hlapa ho nolofatsa letlalo la
hao. [s]
Hlola ho omella ha letlalo, dihloba, ho ruruha ha mahlo, o kute le dintshi...
15 dikeletso tse theko e tlase tsa botle
BONA SESOTHO - June 2007
ka CHRISTINE HAMMANN
mothusi JESSICA MITCHELL
ditshwantsho CHRISTOPHER LAURENZ
mekgabiso ya sefahleho le moriri CATHERINE VEER
sebontshi SIPHOKAZI wa Models International
