sotho.2945.science
Di sebetsa jwang dihatsetsi
HA LETSATSI le tjhesa, o itshela ka metsi sephakeng, a tla o phodisa, ha ho jwalo" Sena se etswa ke hobane ha metsi a kubella, a monya motjheso, a phodise.
Ona ke ona mokgwa oo sehatsetsi se sebetsang ka ona! Ke sesebediswa se boima, se lerata, empa tsela eo se phodisang ka yona, e bobebe haholo.
Empa se makatsang haholo ke hore, sehatsetsi ke se seng sa disebediswa tsa mehleng ena tse fetolang maphelo a batho.
Dihatsetsi di boloka dijo di bata - ho bata ho etsa dijo di dule di le foreshe nako e telele hobane menyetla ya ho hola ha bakteria e tlase haholo.
Re ka etsa mohlala ka hore, bakteria e ka senya lebese ka dihora tse tharo haeba le sihilwe kantle motjhesong o tlwaelehileng wa ka tlung. Haeba o ka beha lebese leo sebakeng se batang, le ka dula nako e telele mohlomong dibeke tse ka bang pedi!
Jwalo ka ha re se re boletse, mosebetsi wa sehatsetsi o bobebe haholo - ho kubella ha serame seo sa teng, ho monya motjheso.
Metsi a ka sehatsetsing a a kubella, a batise ka sehatsetsing.
Sehatsetsi se na le dikarolo tse hlano tsa bohlokwa:
compressor;
dipeipi tse ntshang motjheso - ke dipeipi tse kang voroso tse ka morao ho sehatsetsi;
dipeipi tse ntshang motjheso - ke tse ding tse harahaneng ka hare ho motjhini wa sehatsetsi;
expansion valve;
refrigerant - ke metsi a kubellang ka hare a batisang sehatsetsi.
Compressor yona e baka kgatello kgaseng ya refrigerant. Sena se nyolla kgatello ya themperitjhara, ka hoo, dipeipi tse ntshang motjheso tse ka ntle ho sehatsetsi di dumella refrigerant ho qeta motjheso o bakwang ke kgatello eo.
Nakong eo e ntseng e phola, refrigerant e a tiha e be metsi a phallang ka hare ho expansion valve. Ka mora moo, metsi ana a leba sebakeng sa kgatello e hodimo le e tlase, ha a fihla moo, a kokomohe, a kubelle. Dipeipi tseo tse ka hare, di dumella refrigerant hore e monye motjheso, e leng se bolokang sehatsetsi se bata. Sena eba ntho e phetaphetehang.
Sena se etsahala nakong eo o utlwang sehatsetsi se baka lerata...
Di-CFC
Ammonia ke yona refrigerant e sebediswang haholo - mme ke yona e ntseng e sebediswa ke dihatsetsi tse kgolo tsa diindasteri.
Empa he ammonia e tjhefo haholo, jwalo ka ha sehatsetsi e le sesebediswa se sebetsang haholo ka lapeng, borasaense ba ntse ba batlana le refrigerant e nngwe eo ba ka e sebedisang bakeng sa ammonia.
Ka dilemo tsa bo 1930, ba ne ba tle le tse ding di-refrigerant tse bitswang CFC (chlorofluorocarbons), tse sa hahlameleng.
Empa ka dilemo tsa bo 1970, ho ne ho fumanehe hore di-CFC tseo di ne di le kotsi haholo moyeng. Empa ho tloha ka bo 1990, ha fumaneha hape hore di-CFC tseo ha di sa le kotsi moyeng. [s]
pale ka WALTON GOLIGHTLY ditshwantsho ka CLIVE THOMPSON
Ke ntho e tshwanang
O ka kgolwa ha o rata, disebediswa tsena tsa ho kgantsha sakarete ha o tsuba, le tsona di sebetsa ka mokgwa ona. Le tsona di na le butane e kgonang ho bela - e be kgase - motjhesong wa ka tlung.
Kgaketla ena ya teng ya lesapo, e na le kgatello e kgolo e etsang butane e dule e "phodile."
Ke ka hona disebediswa tsena di sa sebetseng hantle ha ho bata haholo. Ho bata ho kantle ho etsa butane ena e ka hare e be tlase haholo, ka hoo, e ke ke ya kgona ho kubella ya tseba ho kgantsha ha o kgantsha.
KA HODIMO: Sohle se etswa ke ho kubella feela. Ke enjine - kapa yona compressor - e etsang sehatsetsi sa hao se "sebetse." Ka hodimo ho compressor, ke dipeipe tsa motjheso, tse etsang sehatsetsi se ntshe motjheso.
BONA SESOTHO - October 2005
Projeke ya BONA
