sotho.2942.diabetes
Ke tla e hlola tswekere!
"Ke nna ya nang le boikarabello bophelong ba ka, ngaka e ka nthusa ka dikeletso feela" ho rialo Shaleen Surtie-Richards.
Maele a matjha mmoho le kalafo e ka bebofatsang taolo ya lefu la tswekere - empa leha ho le jwalo, lefu lena le ntse le le kotsi haeba o sa le ele hloko
NALEDI ya TV, Shaleen Surtie-Richards le radipolotiki, Dr Mangosuthu Buthelezi, ha ba tshwane - empa ho na le se tshwanang ka bona. Ka bobedi, ba phela le lefu la tswekere.
Ho lokile. Re dutse re utlwa ka lona, empa ke eng lefu la tswekere"
Ena ke kokwanahloko e amanang le glucose le lebete. Re ka re glucose ke tswekere ya bohlokwa mmeleng mmoho le di-carbohydrates, ha lebete lona e le setho se fumanehang haufi le diphio mme sona se ntsha lero le bitswang insulin, e leng khemikhale e thusang masole a mmele hore a amohele glucose ho tswa mading e hlokahalang bakeng sa matla.
Lefu la tswekere le etsahala haeba o ja dijo tse ruileng ka di-carbohydrates mme ka lebaka leo, mmele wa hao o ba le glucose e ngata mme lebete le se kgone ho ntsha insulin e anetseng hore glucose eo e tsebe ho kena masoleng a mmele.
Jwalo ka ha mmele o e o leke ho ntsha glucose eo, ho a etsahala hore o e ntshe haholo, e leng se qetellang se se se bakile mathata mmeleng. Empa ho ja ka nepo, ho ikwetlisa kgafetsa le ho sebedisa meriana ya teng, ho ka thusa ho laola glucose eo e mading o hlole le mathata a yona. Ka bomadimabe, tswekere e se e ba ntho e tlwaelehileng jwalo ka ha batho ba ja haholo, empa ba sa ikwetlise ka ho feletseng, ao ke mantswe a Prof Francois Bonnici, eo e leng mopresidente wa mokgatlo wa kalafo la tswekere, SA Diabetic Association mane Yunivesithing ya Kapa le Sepetleng sa Groote Schuur.
Lefatsheng ka bophara, ke batho ba ballwang ho dimilione tse 246 ba phelang le lefu lena mme batho ba baholo ba ka bang dimilione tse nne, ba timela selemo le selemo ka lebaka la lona lefu lena.
Mathata a lefu lena la tswekere, a tla neha ditshebeletso tsa bophelo bo botle mathata mane USA dilemong tse leshome tse tlang haeba mmuso wa teng o sa phahamele taba ena, ho bolela Michael Brown, molaodi wa tsa kalafo wa Centre for Diabetes And Endocrinology mane Joburg - mme rona mona Afrika Borwa re se ntse re setse.
"Re nahanela hore ke batho ba ka bang dimilione tse 3,5 ba seng ba hlasetswe ke lefu lena," ke yena eo. "Re a tseba hore lenane lena le ntse le phahama. Empa ha di yo dipatlisiso tse re bolellang hantle se tla etsahala mme le mmuso ha o etse letho ho lwantsha bothata bona."
Kotsi ya tswekere
"Se tshosang ke hore palo e ka hodimo ho sekoto sa ba nang le lefu lena, ha ba tsebe hore ba na le lona," ho rialo Prof Bonnici. "E tla re ba hlokomela, tshenyo e tla be e se e le kgolo."
Motho a le mong ho ba 12, o kotsing ya lefu lena jwalo ka ha re phela hara lona. Shaleen o ne a hlokomele hore o na le lona ha a ne a wa ka pela khamera ho hatiswa lenaneo ka selemo sa 2000.
"Ha glucose e se e sa laolehe mmeleng wa motho, e phatsamisa le ho sebetsa ha dikhemikhale ho ona le lehano le qetella le nkga hampe," ho bolela ngaka ya hae. "O ka se kgone ho itaola mme o thekesela jwalo ka motho ya tahilweng - le batho ba ka qetella ba nahanne ho hong."
Batho ba tswekere ba ka ikutlwa ba tshwerwe ke bodutu, motho a bone e ka ho tla ba boima ho phela.
Ba bang ba be ba nahane hore ke bomadimabe. Ha ho moloi ya ka o kenyang lefu la tswekere.
Ho phela le tswekere
Tswekere ke lefu leo motho a ka le laolang ka ho ba le lenaneo le nepahetseng la ho ja mmoho le meriana ka dinako tse ding. E nngwe taba, ho rialo Prof Marin Abrahamson wa Harvard University, USA, e ka nna ya thibelwa ka hore batho ba batenya ba theole boima ba mmele bonyane ka 5 lekgolong le ka ho ikwetlisa kgafetsa.
Lefu la tswekere leo bongata bo le laolang ka nale ke Mofuta 1.
E bakwa ke glucose e ngata mading le ho haella ha insulin e leng se etsang hore masole a mmele a se kgone ho amohela glucose. Ka lebaka lena, mmele o e o leke ho ntsha glucose nakong eo motho a rotang, e etse moroto o be tswekere. Ha e sa alashwe, motho a ka kula haholo a qetelle a timetse.
Hangata, Mofuta 1, o itlhahisa pele motho a kopanya dilemo tse 30, ho bolela Prof Bonnici, mme e atisa ho hlasela motho a le mong ho ba leshome. Mofuta 2, o mokgelo ho ona wa pele ka sesosa le kalafo, ho tiisa yena. Mofuta ona o hlasela batho a robong ho ba leshome.
Mofuta 2, o hlasela batho ba batenya ba dilemo di ka hodimo ho tse 30 - lebaka le leholo ke ho fetoha ha dijo Afrika Borwa, ho ya ka Prof Bonnici, batjha le ngwana a le mong ya dilemo di robong ba se ba fumanehile ba na le mofuta ona wa lefu. Tse monate ka mofuta ona wa bobedi, ke hore mahlatsipa a lona a ka le laola ka ho fetola dijo tseo ba di jang hape ba boele ba ikwetlise kgafetsa. Ha ba ntse ba hola, ba ka nna ba hloka thuso ya dipidisi kapa yona nale.
"Mofuteng ona wa bobedi, ho ne ho ntse ho sa sebediswe moriana - e sa tswa qalwa morao tjena," ho rialo Prof Abrahamson. "Empa jwale re se re na le meriana e se nang ditlamorao tse kgolo, e atamellaneng haholo le insulin jwalo ka o fafatswang mahananeng ha re etsa mohala.
"Re se re alafa mofuta ona wa bobedi e sa le nako ho thibela ditlamorao tsa lona." Ditlamorao tsa teng ke tse kang ho foufala, mathata a diphio, diso maotong, ho pongwa ditho, lefu la pelo esitana le ho shwa lehlakore. Banneng ba nang le tswekere, ba ka hodimo ho sekoto ba qetella ba se ba sa kgone ho etsa bana haeba lefu lena le sa laolehe. Lefu la tswekere ha le alafehe, empa le a laoleha. Leha e le mofuta ofe kapa ofe, ho bohlokwa ho hlokomela lenaneo la ho ja esitana le ho laola maemo a glucose mading, hape o nwe meriana ho latela ditaelo tsa ngaka.
Phela hantle
"Batho ba tshwareha ha bohloko ka lebaka la lefu lena hobane ba ne ba bolellwa hore ba se je dijo tsa kamehla tse kang papa, setampo, reisi, mokopu le ditapole," ho bolela setsebi sa phepo, Hlengiwe Mdletshe wa Sepetlele sa King Edward VIII se Thekong. "Hape ba kgathatswa ke taba ya hore ba se sebedise dinoko le letswai."
Dipatlisiso di bontshitse hore ho kopanya dijo hantle ho ka thusa hore di-carbohydrates tse setampong le mokopung di silehe ka bonolo mmeleng. "Setampo le dinawa, papa le moroho, setjhu sa nama mmoho le ditapole le khabetjhe kapa yona lentils le reisi di ka o sebeletsa e le hore o se je dijo tse mokgelo ho ba lelapa," ho bolela Mdletshe.
"Ho bohlokwa haholo hape ho ja meroho hobane ha ho thuse wena feela, empa le ba lelapa!"
Eja dijo tse mafura a manyane ho thibela lefu la pelo, ho eletsa Mdletshe - batho ba lefu la tswekere ba kotsing. Ka hoo, tlosa mafura nameng pele o e pheha le letlalo nameng ya kgoho le tloswe mme hape o qobe dijo tse hadikilweng, jwalo ka polony, dijo tse rekwang di se di phehilwe kapa yona salate e mafura. Le ona mokgwa ona, o molemo bakeng sa lelapa lohle. Qoba letswai, o noke dijo tsa hao ka garlic, pelepele, paprika, curry powder, green pepper, celery le eie. Batho ba tswekere ba kgothaletswa ho ja bonyane ditholwana tse tharo ka letsatsi. Ke bolela le seno sa ditholwana mmoho le jwala, tse neng di sa dumellwa, di se ke dumeletswe jwale. Kopi ya seno le tse pedi tsa jwala di lekane ka letsatsi.
"Ho bohlokwa ho bua ka dijo tseo o di ratang ho setsebi sa phepo kapa yena moeletsi wa lefu lena e le hore o tsebe ho kenya dijo tseo lenaneong la hao la dijo," ho rialo Mdletse. "Ha o a tlameha ho nwa haholo jwalo ka mafelo a beke, maemo a tswekere ya hao a tla o makatsa." Ka nako e nngwe, ke e ke ikutswe ke je tjhokoleiti!" ho bolela Shaleen Surtie-Richards. "Empa ke a tseba hore ke tlameha ho ba le tekanyetso. "Kamehla ke dutse ke ipolella hore ngaka ke mothusi le moeletsi wa ka feela - ke nna ya nang le boikarabelo bo feletseng ka bophelo ba ka mme boiphihlelo boo ke seng ke na le bona, bo se bo nthutile tse kgolo!" [s]
BAKENG SA DINTLHA, letsetsa Diabetes SA: 011-886-3765.
Thuso ya bophelo
pale ka PATRICIA McCRACKEN
O na le lefu la tswekere"
Ikopanye le ngaka kapa tliliniki ka potlako haeba o na le matshwao a fetang a mararo ho a latelang - hobane ho ka nna ha etsahala hore mohlomong o se o ntse o na le lona:
O nyorwa haholo
O rota haholo, kgafetsa le hona
O kgathala
O theoha mmeleng
O sa ikutlwe hantle
O se ka bona hantle mahlong
Mmele o hlohlona
Maqeba a nka nako ho fola
O bonahala o nona
O kula kgafetsa
O lapa haholo
Matsoho le maoto a shwa bohatsu.
Setsebi sa phepo se ka o thusa ho fetola lenaneo la hao la ho ja.
u
t
Haeba o nonne haholo, hlola tswekere ka ho theola mmele ka 5 lekgolong
Ho boloka mmele o phetse hantle ho bebofatsa mosebetsi wa laola maemo a tswekere.
Qoba lefu la tswekere
Afrika Borwa, Batho ba Batsho, Maindia le ba Mmala, ba atisa ho ba le lefu la tswekere. Ke ena tsela ya ho fokotsa kotsi eo:
Kala letheka la hao - haeba le le ka hodimo ho 102cm, banneng le 88cm basading, theola mmele ka 5 lekgolong.
Ikwetlise metsotso e 30 ka letsatsi matsatsi a tsheletseng ka beke.
Qoba dijo tse rekwang di se di phehilwe - dino tse nang le acid, ditjhips, diseneke tse mafura mmoho le nama e besitsweng.
