sotho.293.yourceleb_athome
O ne a kene lapeng lena a se na letho ka mora ho hlalana le monnahae, empa sebohodi sena sa tsa dipapadi sa ha SABC, Carol Manana, motse ona wa hae o sebakeng se pele sa Fourways mane Joburg, o se a le motlotlo haholo ka ona
MAFELO a 2006 ho ya ho 2007, e ne le nako e thata haholo ho nna. Ausi o ne a hlokahale a siya morahae ya monyane, nna ka nako eo ke ne ke hlalane le ntate wa bara ba ka ba babedi mme nna ke ne ke tlamehe ho ya dula ha ausi wa ka ke se na le thepa e anetseng.
Ke ne ke dule motseng wa hae o nang le dikarome tse nne tsa ho robala le bara ba ka Joel (ya dilemo di supileng), Solly (ya dilemo di pedi), mora wa ausi, Mpho (ya dilemo di tsheletseng), ke ena le TV le bethe. E ne e le nako e boima haholo!
Ho dula ke le mong e ne e le phetoho e hlokahalang ho nna, empa ho ba le ngwana ya neng a le monyane jwalo ka Solly, e ne e le mathata a maholo.
Ntlo ena e ne e le kgolo, empa ntho ya bohlokwa ke hore ke ne ke lokolohile. Ena e ne e le qaleho ya bophelo bo botjha ho rona bohle, mme ra qala ho itlhophisa botjha ka pele.
Ke kgethile sebaka sena hobane se bohareng. Bana ba kgona ho ya dikolong tse haufi mona Sandton, athe hape ho bolokehile. Sa bohlokwa ho nna ka lelapa, ke hore e be sebaka moo lelapa le kopanang, le phomole, sebaka moo le ka inahanang hantle teng.
E nngwe ya dintho tseo ke di hopolang ka motse ona, ke ka Tshitwe ngwahola ha lelapa le na le braai mmoho. Re na le lelapa naheng ka bophara. Re ne re etelwe ke bomotswala bao re neng re ba qetele kgale ba ne ba fihle, ra besa nama, ra sesa ha ba monate. Ke lakatsa hore nka be ke na le nako e ngata ya boithabiso hore batho ba nne ba nketele: sena ke seo ke rerileng ho se etsa haufinyane. Ha jwale ke rata ho qeta nako e ngata ke le ketjhineng ha ke le lapeng. Ke rata ho pheha lasagne le oxtail.
Ha ke le lapeng, ke qeta nako e ngata le bana ba ka. Re rata ho phomola kamoreng ya ho phomola moo re ipapalla di-game.
Lapeng ke moo o phomolang teng, ke ka hona ke nang le plasma tv e kgolo moo ke kgonang ho shebella difilimi tsa ka hantle.
Ha ke sheba, ke a bona hore di ngata dintho tseo ke seng ke na le tsona: ho tloha re dula fatshe, hobane re hloka ditulo. Ke motlotlo ho ba le motse ona. [s]
Pale: Ntokozo Maseko
Ditshwantsho: Peter Whitfield
SEBAKA SA KA SA TSHEPO
RE LAPENG LE BONA
1. Sebaka sena se bolokehile bashemaneng bana (ho tloha ho le letshehadi) Joel, Solly le Mpho ba ka bapala seterateng.
2. Carol o re o rata ho kgabisa ka mebala e sa kgetheng e nyalanang le ntho yohle.
3. Kaofela ba rata difilimi mme dintho tsena tsa boithabiso ke tsona dintho tse bitsang tseo Carol a ileng a di reka haesale a fihla motseng ona.
4. Phomolong ya hae le bana ho kenyeletsa ho bapala di-playStation games.
5. Carol, o se a hapile dikgau tse ngata ngata.
6. Carol o pheha pasta e monate.
7. Joel o se a nkile kamore ena jwalo ka ya hae, empa o na le bethe e sa robaleng motho.
