SESOTHO.2939.yourceleb_joseph
Moo mmino
O PHELANG TENG
Moetapele wa Ladysmith Black Mambazo, Joseph Shabalala, o se a hahlautse lefatshe ka mmino mme a hapa le dikgau tse ngata. Empa o re ha ho monate o fetang ho ba motseng wa hae o Kloof haufi le Thekong
"Ha ke a e tlwaela khamera," ke Joseph Shabalala ka boswaswi kantle ho motse wa hae o Kloof, Thekong.
RE LAPENG LE BONA
KE dilemo di leshome ke na le ntlo ena, mme hape ke na le o mong motse Ladysmith. Empa ha ke le siyo mona, ha ke nahane ka yona - ke nahana ka batho.
Ke nahana ka mohatsaka Thoko, bana, ditloholo - jwalo ka Ntando ya dulang le rona, le bohle ba re thusang kerekeng.
Ha ho etsahetse ra eta nako e telele, re e re kope ba lelapa hore ba re etele moo mme re be lelapa.
Ke hopola ka selemo sa 1958, ke sa pheha hoteleng ya Guineafowl, Ladysmith, ke ne ke sa nahane hore ka le leng ke tla ba le ntlo e kang ena - e kitjhene e kgolo e kgabisitsweng hantle leha ke so ka ke ba le monyetla wa ho phehela ho yona! Empa mohatsaka o a rata ho pheha, mme ke rata nama ya kgoho e hadikilweng.
Thoko ke yena ya kgethileng fenitjhara le mekgabiso o e bonang ka tlung ka mona - nna ke ne ke le maphathephathe le mmino wa rona - mme ha a na kgathatso le seo.
O sebedisa mebala e kganyang jwalo ka o perese le o lamunu mme tsohle di boheha hantle. O ka iphomolela hantle mona.
Leha o sa ka wa bona lebitso la Ladysmith Black Mambazo hekeng, empa o tla tseba hore ke dula mona. O tla bona ka dikgau tsa mmino le difoto tsa ka jwalo ka ka nako eo ke neng ke hlontjhwa ka tlotla ya bongaka ke Yunivesithi ya Zululand mane holong ya toropo ya Thekong.
Baeti ba rona ba dutse ba makatswa ke karatjhe ya rona - re boloka ditulo le ditente ho yona!
Ke tseo re di sebedisang ha re ilo phatlalatsa Lentswe la Morena. Ke mobishopo kerekeng ya Church Of God In Africa mme toro ya rona ke ho kopanya dikereke tsohle.
Ha ke le mona, ho a phethesela, ho tlala baruti le badumedi ba bangata - o tla utlwa ka pina feela.
Hona jwale ke ntse ke rapella ho atleha ho theha sekolo sa mmino mane Ladysmith - boo e tla ba bohato bo makatsang. [s]
Pale: Patricia McCracken
Ditshwantsho: Sally Chancei
Josepho o apere hempe ya Seswatsi mme o motlotlo ho re bontsha dikgau tsa Grammy le tse ding tseo sehlopha se di hapileng.
"Ena ke e nngwe ya dintho tseo ke di ratang tseo ke di rekileng lapeng lena," ho bolela mohatsa Joseph, Thoko.
Mekgabiso le ditshwantsho tsena di eketsa tjhebeho ya motse ona wa ha Shabalala.
Joseph Shabalala le setloholo sa hae se dilemo di robedi Ntando.
