sotho.2935.feedback
Kgwebo Soweto
Le ne le fihle le sa hane letsatsi leo e neng e le kgale le lebeletswe la mokete wa BONA Empowerment Club la kgwedi ya Mphalane leo lepetjo la lona le neng le re "Kgwebo Soweto," mane Tuscan BBQ, Maponya Mall. Baeti ba ne ba tswa ka makgalo ohle, ke bolela le dibakeng tse kang KZN le Swatsing...
BONA SESOTHO December 2008
TLALEHO YA BEC
Ba hlabana malo-tsana
Chichi Maponya o amohela kobo ho tswa ho Peter Tlholoe wa ha Club Aranda. Ya nang le bona ke Nkele Monyeke wa ha Revue Liaison.
DIBUI tse ngata e ne e le baetapele ba ikgethang ba kang Nancy Nxumalo, mopresidente wa Soweto Chamber Of Commerce And Industry, Moruti Dick Khoza, Mmatshilo Motsei le Chichi Maponya.
Nancy o motlotlo jwalo ka ha e le monga Marung Restaurant mane Carlton Centre, Joburg mme hape ke molaodi wa Ubuntu Kraal mane Soweto.
O ile a bua ka menyetla ya tsa kgwebo mme a thetsa mona le mane ka moo di-SMME di ka qalang di lekole teng indastering ya tsa temo mona Soweto.
O ile a bua ka bohlokwa ba ho tlisetsa setjhaba ditshebeletso tseo di se hlokang, ho tshehetsa dikgwebo tse nyane mmoho le dihlahiswa tse hlahisitsweng naheng ena.
Chichi Maponya o ile a kumela baeti ka moo ba ka iqallang dikgwebo tsa lelapa ka teng - a ba bolella ka moo yena a qadileng ho fihlela moo a leng teng kajeno.
Chichi o boetse hape a bolela ka moo ntatae Richard a neng a qale ka teng kgwebo ya lelapa, ba rekisa diaparo, lebese mme ba bula le lebenkele.
Kajeno lelapa lena la ha Maponya le na le setsi se seholohadi sa mabenkele mane Soweto.
Moruti Dick Khoza yena o ne a bue ka tsa bophelo, o ne a bolele ka moo a dutseng a ipotsa hore hobaneng ha tumelo e hanyetsana le ditaba tsa meetlo.
Ho ne ho mo nke nako ho utlwisisa sena, empa qetellong, o ne a utlwisise hore Modimo, ke Modimo wa bohle.
O boletse ka moo meetlo e ka etsang setjhaba se tiileng ka teng - baahisane ba phedisane hantle, bana bohle ba tsebe hore motho ohle e moholo ke motswadi ho bona, mme o tshwanelwa ke hlompho.
O ile a bapisa sena le se etsahalang kajeno mesebetsing moo batjha ba sa hlompheng batho ba baholo, ka moo ba ba tshwarang hampe ka teng ha ba le maemong, bona mohlomong e le bahlwekisi kapa batho ba rongwang.
Mmatshilo Motsei eo e leng sengodi sa dithothokiso, ya seng a hapile le dikgau tse ngata, yena o kopile hore batho ba bontshe botho, hape ba fane.
Borui ha se ba tjhelete feela, o boletse jwalo. Borui ke tsebo le thuto.
Rebecca Masilo, o ile a bua ka menyetla ya di-SMME.
Rebecca o na le kgwebo e fanang ka dikeletso ho tsa kgwebo.
Basadi Women Of Jazz e ne e thabisa baeti ka mmino wa kgale wa Sophiatown - e netefatsa hore baeti ba natefelwa ke mokete wa BONA Empowerment Club moo Soweto!
Dikgau tsa Start-up
Celiwe Nhleko wa Orlando East o ile a fumana kgau ya Mageu Number One Business Start-up.
O ne a qale Phutha Sechaba Cleaning Services ka 2002. Jwale o se a kene ho tsa kaho jwalo ka ha a etsa paving, a rulela, a kenya ceiling, a bile a teratela.
Ditsela tsa ho etsa tjhelete
Mona hape ho ile ha bulwa Club Aranda, Peter Tlholoe o ile a bolella batho ka moo ba ka iketsetsang tjhelete ka teng ka ho reka ba rekise dikobo tsa ha Aranda.
Speedo Horn wa ha Elite Properties o ile a eletsa batho ho etsa matsete ho tsa matlo.
Bakeng sa dintlha
Ho ka ikopanya le batshehetsi bana, letsetsa 011-883-8829 dihoreng tsa mosebetsi. [s]
Ba a di bitsa mane BBQ, Maponya Mall...
E mong wa baeti ba neng ba jele koto.
Mohlodi wa dikgau tsa Mageu Number 1 Small Business Start-up Celiwe Nhleko o amohela moputso wa hae ho Dorah Ditshwene.
Baeti ba ne ba thabetse mmino.
Moruti Dick Khoza.
Speedo Horn wa ha Elite Properties.
Borui ha se ba tjhelete feela, empa ke ba ho fana hape
