sotho.2933.Queen
Botle le maikemisetso!
Bala ka mosetsana ya pholositseng Queen Moroka...
QUEEN MOROKA ke thatohatsi ya babohi ba TV dipaleng tsohle tsa marato tseo a di bapalang. O a rateha ka mahlo hae a boleya.
"Nakong eo ke neng ke qala ho kena ho Generations, ke ne ke lakatsa karolo ya mohaladitwe o Karabo," ho dumela Sophie Ndaba.
"Empa he karolo ya Queen ke yona e nkahetseng lebitso."
Sophie ya dilemo di 33 o ne a le ditlhong ha a sa qala mme bahlahise ba pale ba ne ba dutse ba mmolella kamehla a leke ka hohlehohle ho ntlafatsa maemo a hae. "Ha ba sa qala ho ngola pale ena, ba ne ba e ngole Queen e le mosadi ya imametseng. Ba ne ba rerile hore ha e no ba motho ya tla hlahella haholo paleng eo," ho boletse yena Sophie.
"Ke ne ke le dilemo di 21, ke le monyane ha ke ne ke qala ho bapala dipaleng tse pele mme ke ne ke rere ho ntlafatsa karolo ya Queen ka tsela eo nka kgonang ka yona.
"O ne a le motle ho tloha qalong, a apara ka makgethe mme jwalo ka sebontshi, ke ne ke eja koto hore ke hlahelle hantle mahlong a batho.
"Empa Queen a tlameha ho ba le ditabatabelo le boitshepo.
"Ke hlahetse Bara, ka holela Mofolo le mme wa ka o hotse e le mmabotle, ka hoo, ka sebedisa monyetla oo bakeng sa katleho ya Queen."
Ho ikgantsha le ho itsebisisa ha Queen, ho mo entse a ratehe haholo ho TV. "Ha ke fihla ha SABC, ka hora ya bosupa hoseng, ke kena phaposing ya mekgabiso ya sefahleho, ke kentse diborele, ke ebe ke le Sophie, mme wa lapeng, ya nahanang ka bana ba hae le hore o tla phehang mantsiboya," ho rialo Sophie.
"Ha ke tswa phaposing eo, ke ebe ke se ke le Queen - ke nahana ka lenaneo la letsatsi, puo ke se ke sebedisa ya moo, e leng Setswana, Senyesemane esitana le Sefora ke bile ke ntse ke nahana ka botlokotsebe boo nka bo etsang hore ke tsebe ho ya moketeng o pele. Ke ntho e iketsahallang, ha ho hlokahale hore ke be ke e nahane."
BONA e botsitse Sophie hore na o ikutlwa jwang jwalo ka ha a ntse a tlameha ho tjhentjha jwalo ka letsatsi.
"Seo se etswa ke mekgabiso, diaparo le karolo eo o e bapalang," ho hlalosa yena.
"Ho nna se hapang mahlo a batho haholo ke dintshi tseo tsa hae tse telele tsa maiketsetso. Nna tsa ka dintshi tse kgutshwane, ha di bonahale hantle, ka hoo, ha ke se ke kentse tsena tse telele, ha ke itjheba ka seiponeng, ke ipona ke le yena Queen ka sebele."
Se ileng sa makatsa haholo ho Generations, ke karolong eo ho yona mosadi enwa ya amohelang baeti, a iphetola a hlahella jwalo ka monna hobane a rata ho ya tlelapong ya banna moo a neng a rata ho bona hore hobaneng ha borakgwebo ba bangata ba rata ho nwa jwala ba sekgowa ba tsube le di-cigar.
"E ne e be phephetso e kgolo," ho rialo setsebi sa mekgabiso sa Generations, Nonhlanhla Nambewu. Haesale a ntse a sebetsana le ho fetola Sophie hore e be Queen dilemong tsena tse 10 tse fetileng mme jwale a tlameha ho sebetsa dihora tse ngata ba fetola Sophie hore e be monna ya seng a hodile, Mong Ernest Masile.
Setsebi sa moriri, Ishmael Lise, o ne a tlise wiki e nang le lefatla le ditedu tsa maiketsetso tse neng di kgona le ho kwaela dipounama tseo tse tlwaelehileng tsa Sophie.
Queen o ne a kgone ho ya moo tlelapong ya banna, empa o re mosebetsi o moholo e ne e be ho tsuba cigar.
"Ha ke tsube, ka hoo ke ne ke e hula hanyane feela mme ke phakise ke butswele mosi pele o nqhwela," ke yena eo.
"Re ne re rata feela ho qabola babohi jwalo ka ha qetellong re ne re etse hore ba hlokomele hore eo e ne e le Queen." Setsebi sa diaparo, Gugu Mlambo o re karolo ya Queen e tswa pele ho TV - mme botle le ho ikgantsha ha hae ke tsona tse kgahlang babohi haholo!
"Queen o tsebisahala haholo ka mahlo ao a hae," ho hlalosa Gugu.
"Le diaparo tseo a di aparang, ke tse ikgethang tseo re di rokelang yena feela." Sophie o a o rata mosebetsi wa hae wa TV, ha a se ho TV, mahlo a hae ha a jwalo ka ha o tlwaetse ho a bona.
Ha ho seo a hlileng a reng o tshaba ho bua ka sona. "Ke mosadi ya nang le bana ba seng ba hodile," ke yena eo a ntse a tsheha. Nnete ke hore botle ba hae ke bona bo kgahlang haholo." [s]
BONA SESOTHO - June 2006
"Ke sebedisa boiphihlelo ba ka ho ka atleha karolong ena ya Queen," ho rialo Sophie Ndaba.
O iphetotse...
pale ka DOUG GORDON
ditshwantsho ka PETER WHITFIELD
...Mong. Ernest Masile
Banna ha ba a ka ba hlokomela hore eo e ne e le Quen.
Moifo wa Queen, setsebi sa diaparo Gugu Mlambo, sa moriri Ishmael Lise,
mongodi wa pale Byron Abrahams le mokgabisi wa sefahleho, Nonhlanhla Nambewu.
BONA SESOTHO - June 2006
Ngwanana wa TV
