sotho.2930.teen
Mahlo mahlong le Fat Charlie
DIKGATISO tsa Loetse le Mphalane selemo le selemo di dutse di ena le dikeletso tsa ho tobana le ditlhahlobo. Ke tsa bohlokwa, empa nnete ke hore, di fihla nako e se e jele mabedi.
Haeba o ne o bapala diketo selemo kaofela, dikeletso tseo ha di o thuse ka letho, ha di kgutlise nako eo o bapetseng ka yona.
Ka hoo, se ka emela nako ya mafelo a selemo, qala ho itokisetsa e sa le jwale!
Ha o ka qala e sa le jwale ho etsa mosebetsi kamehla hanyane hanyane, o ke se be le mosebetsi o mo ngata mafelong a selemo ha nako e se e jele mabedi.
Ke yona tsela eo o ka bang le tiisetso ya hore o a atleha ditlhahlobong tsa hao ka yona!
O se lebale he hore mathwasong a selemo sekolong ho bolela monyetla wa ho iponahatsa, ka hoo, etsa 2008 e be selemo seo o tlang ho iponahatsa ka sona...
#1 UTLWISISA MABAKA
Fat Charlie o kile a bua ka taba ena nakong e fetileng, empa ho na le tlhokeho ya hore a boele a bue ka yona hape. Sekolo ke ntho e thata, empa o tlameha ho feta ho sona. Ke ntho eo o tlamehang ho e amohela. Ho tletleba ho ke se o tswele molemo wa letho.
Sekolo ke papadi eo o tlamehang ho e bapala, haholoholo jwalo ka ha o tlameha ho atleha ho yona, e tla o bulela menyako e mengata.
Ho latela melao ya papadi ena ho tla o bebofaletsa dintho le ho feta. O tla kgaohana le mathata, o iphelele hantle.
Batho ba hlotsweng ke sekolo, ba reng ho ithuta ke tshenyo ya nako, ba ka nna ba shebahala ba phela ha monate empa ha o se o ba shebela haufi, o tla ba hlokomela hore ha ba a thaba hohang. Ba tseba hantle ho tloha botebong ba dipelo tsa bona hore ha ba bue nnete.
#2 NKA BOIKARABELO
Hlokomela sena ka sekolo, o se o tla tlameha hore e be wena ya ikarabelang ka bophelo ba hao. Re bolela hore bakeng sa katleho, o tla tlameha hore e be wena ya inkelang diqeto tsa dintho tseo o tlamehang ho di etsa, ha o na lebella metswalle hore e be yona e o bolellang hore o etse eng kapa o tlohele ditoro tsa hao.
#3 HLOLA DITSHITISO
Ha se hore Fat Charlie ha a bohlale - bongata ba dikolo tsa rona di maemong a mabe, empa haeba o tseba seo o se tletseng sekolong, o ka hlola dintho tseo kaofela.
Ekaba ho lerata phaposing" Kapa ho tjhesa haholo" Kapa ho bata haholo" Se natse dintho tse kang tsena. Tsepamisa kelello ya hao bokamosong - o pase mme o tswele setjhabeng!
#4 BOLOKA NAKO, O IKEMISETSE
O tla atleha haeba o ikemisetsa sekolong. Ho dula o potlakile le hona ho a kgathatsa. Haeba o bona ho le boima ho tsoha hoseng, ho betere o fumane tshupanako e tla o tsosa.
Hlophisa dintho tsa hao ka la maobane, ka ho etsa jwalo, o ke se lebale dintho tsa bohlokwa.
#5 E BA LE DITLHOKO TSOHLE
Re bolela le dintho tse kang mokotla wa dibuka esitana le "disebediswa" tsohle tseo o tla di hloka phaposing tse kang pene, pensele, rulara, teotsa, protractor, compass le tse ding tse ngata. O tlameha ho di hlokomela!
Itshware hantle ka phaposing:
O se kene mosuwe hanong. Ha o na le potso, phahamisa letsoho mme o botse potso ya hao ka tlhompho;
Se ye hodimo le tlase ntle leha o laetswe ho etsa jwalo;
Hlompha ba bang le dintho tsa bona;
Boloka phaposi e hlwekile;
Latela melao yohle ya sekolo.
Jwalo ka nako, ho ka nna ha bonahala e ka ke ntho e nyane, tsona dintho tseo tse nyane di qetella di fetohile tse kgolo.
Ha o nka dintho hanyane o tla sala mme e re o re mahlo tloha, e be se e le ka mora nako. Phahamela marole hore o qete mosebetsi le pele ho nako eo o neng o e lebeletse!
#6 MAMEDISISA KA PHAPOSING
Ke ntho ya bohlokwa hore o mamedise ha ho rutwa.
Ho mamela ke ntho ya bohlokwa mme ho hloka kelello e tjhatsi.
Tsetsisa kelello hore o tle o natefelwe ke dithuto tsa hao. Hopola hore le haeba o sa bone bohlokwa ba thuto eo, empa ho bohlokwa hore o e pase.
Ke ka hona ho leng bohlokwa hore o mamedisise.
Mamela titjhere ya hao, o latele melao mme o botse moo o sa utlwisiseng...
#7 TOBANA LE PHEPHETSO
... le haeba ho le teng seo o sa se utlwisiseng, o se fele matla! Mamedisisa ka thata mme o leke ho sebetsa ka matla! Kopa bao o bonang hore ba utlwisisa betere ho o thusa.
#8 DULA O TSWA PELE
Lona baena le dikgaitsedi, ha o qeta mosebetsi wa hao e sa le nako, o tla bona hore o tla ipebofaletsa mosebetsi. Ha ho ntho e monate jwalo ka ho qeta mosebetsi ka nako mme o shebelle ba bang ba se ba tatasela ka motsotso wa ho qetela.
#9 ETSA MOSEBETSI WA HAO
Mosebetsi wa sekolo ke ntho ya bohlokwa. O etse hang hang mme o tla ba le nako ya ho iketsetsa tsa hao dintho tseo o di ratang.
Hlophisa dinako tsa hao tsa mosebetsi mme le dumellane le batswadi ka tsona. Ka ho etsa jwalo, o tla qoba mathata le diphehisano.
Re ka etsa mohlala ka hore o nke kgefutso ya metsotso e 30 pele o qala mosebetsi. Haeba batswadi ba hao ba tseba ka dinako tsa ho ithuta ha hao, o ke ke o ba o utlwe ba ntse ba o kgathatsa nakong eo o ithutang.
Ke ntho e molemo hore o phomotse kelello ka ho nna o ipha kgefutso nakong eo o ntseng o etsa mosebetsi. Ditsebi di eletsa hore o kgefutse metsotso e 15 horeng e nngwe le e nngwe eo o ithutang ka yona. Le yona kgefutso eo e hlakise lenaneong la hao la ho ithuta hore batswadi ba se makale ha ba bona o le siyo tafoleng ya hao.
Ba tla o thusa, ba be ba bolelle bana ba bang hore ba se o sitise mme le mesebetsi e meng ba e behele mafelo a beke.
Hopola ho sebedisa lenaneo la hao ka nepo. Ke yona tsela eo ka yona o ka bontshang maikemisetso batswading ba hao ka yona - e leng se tla etsa hore ba o jarele mefokolo dinthong tse ding!
#10 MAKGETHE A A SEBELETSWA
Mosebetsi wa hao ha o be makgethe, o shebahale. Hlahloba tjhebeho ya ona, diphoso mantsweng esitana le ho nepahala ha puo.
Mosebetsi o makgethe o bontsha maikemisetso. Matshwao a matle ao o tla a fumana e tla ba ona moputso wa hao.
#11 SE TSHABE HO BUA KA YONA
Ho ya sekolong se phahameng ke ntho e thabisang, empa e ka nna ya ba nako e boima hape. Ho teng se o ngongorehisang" Haeba ho le jwalo, o tlameha ho tobana le yona ntho e o ngongorehisang.
Haeba mathata a hao e le kgatello ya metswalle, ena ke nako ya hore o bue ka yona le motho e moholo. O ka kopa thuso mothong o mo tshepang jwalo ka motswadi, moeletsi kapa yona titjhere.
YA HO QETELA...
Ha o leka ka matla hore o etse mosebetsi wa hao ka nako, o tla dula o tswa pele hobane ha o sebetsa ka thata, dintho di tla ba bobebe ho wena... [s]
Katleho sekolong
BONA SESOTHO - February 2008
Dihlopheng tse pedi tsa batjha, 2008 ke selemo se ikgethang - ba qalang sekolong se phahameng le ba seng ba qetela.
Ho sa natsehe hore o sehlopheng se fe, ena ke nako e nepahetseng ya ho qala hantle sekolong...
BONA SESOTHO - February 2008
u
Ka moo o ka balang buka
Ho hlalosa buka eo o e badileng e ka nna ya ba mosebetsi o boima le haeba o le motho ya tlwaetseng ho bala. Ntho e ka o bebofaletsang mosebetsi, ke hore o utlwisise dikarolwana tsena tseo dingodi tsa dibuka di di sebedisang...
Dibapadi: Ena ke karolo ya pele eo o tlamehang ho e lekola ha o bala buka. Sebapadi se pele ke sona se bapalang karolo ya sehlooho, ke sona se qalang papadi. Tse ding tsona o tla kopana le tsona ha pale e ntse e loela.
Thero: Ke moo pale e tsamayang ka teng. E ka nna yaeba pale ya lapeng, naheng, toropong, sekolong kapa leha e le kae feela moo sengodi se ratang. Karolo ena e hlahiswa qalong ya papadi.
Nako: E ka ba pale e sa tswa etsahala kapa e neng e etsahale kgale. Hangata, le yona nako e bontshwa qalong ya papadi.
Bothata: Hangata, bothata e ba qabang pakeng tsa sebapadi sa sehlooho le se seng. Ka nako e nngwe, bothata e ka nna ya eba sefefo, ntwa kapa leha e le eng feela e ka bang tshita baholo bophelong.
Diketsahalo: Ana ke matsapa a ho rarolla mathata paleng. Ho ba le boiteko bo bongata ba ho rarolla bothata boo ba paleng.
Tharollo: Ka moo bothata bo rarollotsweng kapa tsela eo bo fedileng ka yona. Hangata sena se hlahella ho ya qetellong ya pale. Nakong e nngwe tharollo e hlahella leqepheng kapa sona seratswaneng sa ho qetela sa pale.
Ho tseba dikarolo tsena ho ka o bebofaletsa mosebetsi wa ho utlwisisa pale le hore o tsebe phapang pakeng tsa mefuta e fapafapaneng eo dingodi di e sebedisang.
t
Mosebetsi o makgethe o bontsha maikemisetso le haeba o se motle hantle wena thutong eo.
BONA SESOTHO - February 2008
Robala ka botlalo!
Ho ya ka dipatlisiso tsa USA National Center On Sleep Disorders, bana ba tlameha ho robala bonyane dihora tse robong bosiu molemong wa bophelo, polokeho esitana le tshebetso e ntle sekolong le dikarolong tse ding bophelong.
Ho se robale ka ho feletseng, ho ka baka mathata a kang ho se tsepamise kelello dithutong, ho ferekana esitana le ho se kgone ho laola maikutlo.
"Ka ho le leng, ho robala ka ho feletseng ho bohlokwa jwalo ka ho ikwetlisa le ho ja molemong wa kgolo ya ngwana," ho bolela Dr Claude Lenfant. "Ho bohlokwa hore o robale ka ho feletseng jwalo ka ha o se o qala ho ya sekolong." Jwalo ka motjha, o tla hlokomela jwale bohlokwa ba ho robala ka nako.
