sotho.2927.sci
Ditimamollo
O BA bona hohle, ba qetelle tletse lerole, empa ba ditimamollo di pholosa maphelo - le thepa. Empa ho ka utlwisisa ka moo ba sebetsang ka teng, o tlameha ho tseba hore mollo o sebetsa jwang...
Ke eng mollo"
Mollo o bakwa ke khemikhale e tukang nakong eo e kopanang le oxygen mona moyeng esitana le e meng mekedikedi e tukang e kang peterole esitana le yona patsi.
Patsi le peterole ha di tuke hobane feela di potapotilwe ke oxygen, empa di tlameha ho finyella motjesong o hodimo...
Ke sena se etsahalang ha o besa ka patsi:
lHo na le se tjhesang patsi ena e finyelle motjhesong o hodimo. Sena se ka bakwa ke dintho tsa ngata jwalo kgohlano kapa leha e leng eng feela e tukang jwalo ka thutswana ya mollo.
Motjheso ona o bodisa dintho tsena tseo ho beswang ka tsona. Ketsahalo ena e ntsha meya e kang hydrogen, carbon esitana le oxygen.
lHa moya o se o tjhesa haholo, dikhemikhale tsa teng di a aronahana mme di boele di kopane le meya e kang oxygen le metsi, carbon dioxide le tse ding.
lHa meya ena e kubella e nyolohela moyeng, e etse malakabe. Maqhetswananyana ana a masesane a kubellang, a baka malakabe. Ke ka hona dintho di "tukang."
lMotjheso ona wa malakabe, o baka hore khemikhale ena e tuke, sena se etsa hore e tswelepele le ho tuka ha feela o ntse o rotetsa kapa ho ntse ho kena peterole.
Jwalo kaha o iponela, di tharo dikarolo tse hlokahalang mona: motjheso; oxygen (kapa o mong moya o jwalo); le patsi. Jwale he ditimamollo, di etseditswe ho bolaya e nngwe ya dikarolo tsena.
Tsela e bobebe ya ho tima mollo ke ho tshela metsi. Sena se phodisa mafura ana a etsang hore mollo o tuke. E nngwe tsela ya ho qeta oxygen, ke ho kwahela mollo oo. O ka etsa sena ka ho pola mollo ka kobo (haeba o le monyane) kapa o o time ka lehlabathe. Ho ntsha mafura ke ntho e boima. Re ka etsa mohlala ka mollo o beswang ka tlung, ntlo ka boyona e tshwana le mafura. Mafura ana a fela ha malakabe a se a tjhele.
Di sebetsa jwang
Ditimamollo tsena di entswe ka dibotlolo tsa lesenke tse nang le metsi kapa mokedikedi o kgonang ho tima mollo. Hodimo botlolong ena ho na le konopo eo e reng ha o e peteletsa, metsi kapa mokedikedi ona o tswe ka matla.
Tsela e nepahetseng ya ho sebedisa ditimamollo tsena ke ho tima mafura ana a bakang mollo, e seng o time malakabe ka sebele. Ho na le ditimamollo tse fapafapaneng ho ya ka mofuta wa mollo. Class A e ka tima mollo o tlwaelehileng jwalo ka wa patsi, dipampiri le dipolasitiki. Class B yona e ka tima mollo wa dintho tse kang peterole. Class C e ka tima mollo disebedisweng tsa motlakase. Class D ha se mofuta o atileng, mofuta ona o tima mollo ditshepeng. Metsi ke ona sebediswa se pele mosebetsing ona wa ho tima mollo. Empa maemong a mang a ka nna a ba kotsi. Metsi a ka tima dintho tse kang patsi, dipampiri, dikhatebote, empa ha a kgone ho tima dintho tsa motlakase. Dinthong tsa motlakase, metsi a ka nna a o etsa hore o tshwarwe ke motlakase. E nngwe ntho e kgonang ho tima mollo ke carbon dioxide. Carbon dioxide ena e bolokwa ka hara botlolo e le tlasa kgatello e kgolo. Ha botlolo ena e bulwa, e a tswa e tlale tlale moyeng.
Carbon dioxide e boima ho feta oxygen, ka hoo, ha e fihla ho oxygen, e a e imela, mme oxygen e be nyane, e be mollo he o a tima.
Ditimamollo tse ngata di sebediseha ka bonolo ka metsotswana feela. Mefuta ena e menyane ya ditima mollo e kgona ho tima mollo o monyane, ha mollo o le moholo, o hloka engine ena e kgolo! [s]
e bokeleditswe ke WALTON GOLIGHTLY ditshwantsho ka CLIVE THOMPSON
KA HODIMO: Seetswa sa ho tima mollo. HODIMO HO LE LETONA: Ho ntshwa lethopo le bulwe mme ho pepetwe.
BONA SESOTHO - December 2005
Projeke ya BONA
