sotho.2915.petrol
Baballa peterole
HA re tla tabeng ya ho baballa peterole, re bua ka taba ya ho shebisisa "dintho tse nyane!" Re bolela dintho tse kang ho fetola mokgwa oo o kgannang ka ona - o sebedise se tla o tswela molemo - se o bolokele le tjhelete.
Sena se ile sa netefatswa ke dikeletso tseo re di fumaneng ho babadi ba BONA paballong ya peterole...
KELETSO #1: Se sebedise koloi kgafetsa
Ho fela ho le jwalo, ho ka o baballela peterole. "Le ka kopana la etsa mokgatlo ha le ya mosebetsing kapa le tjhentjhanye dikoloi tsa lona, le sebedise ya hao kajeno, ka le leng le sebedise ya e mong," ho eletsa SARITA WALLER wa Sea Point.
"O ka boloka peterole, mme le fumane le nako ya ho qoqa ka dintho tse etsahalang mosebetsing!"
Ka ho etsa jwalo, o ka fokotsa le tshubuhlellano mmileng - ka hodimo ho moo, o fokotsa le ho tsofala ha ditshepe tsa koloi ya hao.
Sarita o eletsa hore o rere hantle bakeng sa ho ya mabenkeleng. Ho etsa jwalo, ho tla fokotsa le ditjeho tsa korosari ya hao mme le koloi ya hao e tshwarelle nako e telele!
KELETSO #2: Sebedisa dipalangwang tsa setjhaba
Haeba o sa kgone ho tsamaisana le e mong, kapa ho nna le tjhentjhanya dikoloi, sebedisa dipalangwang tsa setjhaba, ho eletsa OSMAN MAKHAMBA wa Wellington mmoho le BUSISIWE MAHLANGU wa Mhluzi.
O ntse o tla kgola melemo e tshwanang le ya ba palamisanang, hape o tla fumana le nako ya ho ipalla koranta ho ena le ho nna o mamela ditaba tsa hore mang o etsang mosebetsing!
Ha re bolele hore o se sebedise koloi ya hao - empa re re se ka e sebedisa kgafetsa.
KELETSO #3: E ba sedi
Babadi bohle ba re ngoletseng, ba re neha dikeletso, ba badile bohlokwa ba ho boloka koloi ya hao e le maemong a matle!
Air filter e ditshila kapa di-spark plugs tse lemetseng, di ka eketsa tshebediso ya peterole ho fihlela ho 20 lekgolong.
O tlameha ho boloka moya wa mabidi tekanyetsong e boletsweng ke baetsi ba ona. Mabidi a nang le moya o monyane, ha a qetelle ka ho nyolla tshebediso ya peterole feela, empa a phakisa ho phumuha, athe hape a kotsi.
KELETSO #4: Ela hloko
Mokgwa oo o kgannang ka ona o bohlokwa haholo. Hata accelerator jwalo ka ha eka ho na le lehe leo o tla le mpshatla tlasa yona. Se ka hata mafura haholo o boele o rike ka potlako, sena se etsa hore peterole eo e tswileng nakong eo o peteletsang haholo, e be e senyehang feela nakong eo o rikang ka potlako.
Hata mafura hantle ha o tlosa koloi mme ha o ilo ema, tlosa leoto mafureng mme koloi e ye butle ho fihlela e ema.
"Kganna ka lebelo le nepahetseng," ho bolela YAKOOB CASOOJEE wa Nigel.
"Mokganni ya bohlale ha a bapalle mariking. Leka ka hohle hohle bo boloka koloi e le kiyareng e hodimo, sena se etsa hore koloi e se dumele hodimo."
Keletso ya Yakoob e molemo ha feela o sa kgame koloi ka kiyare e tlase. Hopola, kiyare o kgannang ka yona e tlameha ho tsamaisana le lebelo leo o kgannang ka lona.
KELETSO #5: Bula Aircon (ka nako e nngwe)
E nngwe ntho eo e leng kgale ho phehisanwa ka yona, ke ya hore ke ofe mokgwa o baballang peterole ho kganneng o butse aircon o kwetse difenstere, le ho kganna o kwetse aircon o butse difenstere. Ho bobebe, ho baballa peterole, kwala difenstere, o bule aircon!
Aircon e ntse e nka matla enjineng, e leng se bolelang hore e ntse e sebedisa peterole, empa e seng e ngata.
Ha o kganna butle sephethephetheng, kwala aircon, o bule difenstere, empa hang feela ha o kena mmileng o otlolohileng, o eketsa lebelo, kwala difenstere, o bule aircon hobane ha o butse difenstere, moya o kenang ka sekgahla, o tutlela koloi morao mme ho hlokahale hore enjine e hule ka thata, e sebedise peterole e ngata ho feta e hlokwang ke aircon.
Nnete ke hore, hlokomela koloi ya hao mme o e sebedise ka nepo. Qoba ho nna o tshwaseha sephethephetheng ha o leba leha o kgutla mosebetsing. [s]
BONA SESOTHO - May 2008
Nakong e fetileng, re ile ra kopa babadi hore ba fane ka maele a ho baballa peterole. Ra boela ra kopa dikeletso ho ditsebi tsa dikoloi. Ke tsena tseo re di fumaneng...
PALE GAVIN FOSTER
BOLOKATJHELETE
BONA SESOTHO - May 2008
u
R5 000 ka selemo!
Ho a bitsa ho tshwaseha sephethephetheng
Ba ha Automobile Association, ba sa tswa tlaleha ka moo ho kgaoha ha motlakase ho nyollang tshebediso ya peterole ka teng.
Tabeng ya tshitiso e bakwang ke ho se sebetse ha mabone a sephethephethe, molaodi kakaretso wa ha AA, Ed Kok, o re: "Ho tshwarelleha mmileng ho nyolla tshebediso ya peterole, ho phatsamise le bakganni ba tlwaetseng ho bala dikilomitara tseo ba di etsang ka tanka tsa dikoloi tsa bona."
Kok o re 55km eo o neng o e qeta ka metsotso e 35 ka lebelo la 95km/h, jwale o se o e qeta ka metsotso e ka bang 90, e leng se bolelang hore ho na le metsotso e ka bang 110 e eketsehileng eo koloi e tlamehang ho dula e duma ka yona.
Koloi ya 1,6 litre, e ka sebedisa litara le sekoto ka hora e duma e sa tsamaye, ka hoo, ka selemo ho bolelang hore o senyehelwa ke dilitara tse 660 kaofela ka ho tshwaseha sephethephetheng, e leng se o jang R5 000 ka selemo.
E time...
Ho jwalo kapa tjhe"
Babadi ba BONA e leng ALOUIS SITHOLE le BUSISIZWE MAHLANGU ba eletsa hore ha ho le teng motho eo o mo emetseng, ho molemo o time koloi ho ena le hore o eme koloi e ntse e duma.
Empa he nnete ke hore seo se ka o tswela molemo haeba o tla ema nako e ka fetang motsotso kapa e mmedi.
Hopola, ho tima koloi o boele o e dumise hape, ho tsofatsa setatara le leshala, e leng dintho tse bitsang ho di reka.
Moya
O ka o nyollela ditjeho tsa peterole
Ho phutlwa ke moya ho na le sekgahla se seholo tshenyehong ya peterole. Ntshetsa sephaka kantle koloi e le lebelong le hodimo, se otlolle mme bokahare ba letsoho bo shebe moo koloi e lebang teng. O a utlwa ho etsahalang"
O tla utlwa boima boo koloi ya hao e tobanang le bona ba ho tutlelwa morao ke moya.
Ha o kenya diraka tsa ho laitsa ka hodimo, qoba ho sebedisa tse tla etsa hore koloi e hule ka thata.
Malcolm Kinsey, ya seng a hapile mojaho wa dikoloi wa Total Economy Run makgetlo a 14, o boletse hore yena o pholetjha le hona ho bentsha dikoloi tsa hae tsa mojaho haholo pele ho mojaho mme o bolela ha sena se mo tswetse molemo.
"Ntsha diraka tsa ho laitsa haeba o sa di sebedise," ho bolela Kinsey. "Ha o laitsa koloi ya vene, leka hore morwalo o se fete bophahamo ba hlooho ya koloi."
Ditsebi tse ding di bolela hore ha o kganna vene, o ka fokotsa tshenyo ya peterole ka hore o bule lemati la ka morao ho fokotsa ho tutlwa ke moya kapa o hle le ntshe haeba o sa le sebedise kgafetsa.
BONA SESOTHO - May 2008
Ho kganna o butse aircon ho ka o bolokela peterole!
R10 litara"
Ha ho bobetere
Ha re ne re ngola pale ena, bo ramoruo ba ne ba hlokomedisa setjhaba hore ho se ho se ho kae litara ya peterole e bitse R10. Ho bonahala maemo a mpefala.
David Shapiro wa ha Sasfin Frankel Pollak Securities, o hlokomedisa hore ho bonahala eka ho na le se okaokelang Afrika Borwa le lefatshe ka bophara.
Puong ya hae ngangisanong ya kabo ya ditjhelete e neng e tshwaretswe Thekong ka Hlakola, o boletse hore moruo wa matjhaba o ya o ntse o theoha, ha wa Amerika ona o le haufi le ho putlama jwalo ka ha manane a dijo le oli a hlwa mekwalaba.
Ho bonahala ho na le mathata tlhahisong ya dijo jwalo ka ha manane a poone a nyolohile ho phetilweng habedi dilemong tsena tse leshome, e leng se etsang hore bahlahise ba dijo, ba nahane ho iketsetsa a bona mafura bakeng sa tlhahiso ya dijo. "Ho se tsitse ha maemo a dipolotiki, bonokwane, bobodu le mathata a motlakase, ho ferekanya batsetedi ba dinaha tsa kantle ho tla tsetela Afrika Borwa," ho bolela yena. Jwalo ka ha ho lebeletswe ho nyoloha ho hong ha manane, beng ba makoloi ba lebeletswe ho lahlehelwe ke e nngwe bilione ya diranta ka kgwedi peteroleng. Bilioneng eo, dikgwebo di lahlehelwa ke R670m ka kgwedi, ha setjhaba sona e le R330m, ho bolela Tony Twine, ramoruo e moholo wa ha Econometrix. Ha a ne a bua le ba koranta ya Sunday Tribune, Twine o boletse hore dikgwebo di tla sebedisa tjhelete e nyane meputsong ya basebetsi, e leng se kenyang moruo tlasa kgatello e kgolo.
Ba ha Sunday Tribune ba botsitse Lefapha la Mahakwe le Matla kgatisong ya mohla la 24 Hlakola hore ho tla nka nako e kae pele lenane la peterole le finyelle ho R10 litara mme Muzi Mkhize o arabile ka hore: "Afrika Borwa e malala-a-laotswe, seo nka se bolelang feela ke hore, ha re ikemisetseng ho lefa haholwanyane bakeng sa peterole."
