sotho.290.beach
Natefelwa ke lewatle lehlabuleng lena
Dikeletso tsa polokeho
HOPOLA hore boipaballo bo molemo ho feta setlhare - ke tsena dikeletso tse ka thusang bana ba hao ha ba le mathateng...
Bolella bana seo o se lebelletseng ho bona ha le le lewatle. Ba bolelle ka kotsi ya ho lahleha - ka moo ho leng bohloko ka teng le bohlokwa ba ho dula le le mmoho ka dinako tsohle.
Ba bolelle hore ba lokela ho bapalla bohole bo bokae le wena mme hape ba se ke ba suthumeletsa bana ba bang ka metsing.
Ba bolelle nnete ya hore o tshaba hore ba kgaqwe ke metsi.
Mamela seo ba se buang mme o arabe ka botshepehi.
Ba tsebe selefoune ya hao ka hlooho.
Ba hlokomedise hore ha ba lahlehile, ba shebe eo ba ka mo tshepang mme ba kope thuso ho yena.
Bakeng sa bana ba banyenyane, ho bohlokwa ho ngola lebitso le mohala wa hao o di boloke ka polastiking eo o tla e tlamella leha e le thekeng la ngwana.
Neha bana matshwao a fapaneng le ditaelo tse ikgethang tse tsamaisanang le tsona jwalo ka hore "Lefu la tswekere, o hloka lebese la dinawa."
Hape ba tentshe diaparo tse kganyang tseo o ka kgonang ho ba bona ka tsona leha ba le hole.
Ha o lahlehelwa ke ngwana...
... eya ho bapholosi ba bophelo ba lewatle hanghang, o botse le balebedi ba dikoloi le ba bang ba lebelang lewatle mme o ba hlalosetse hore ke ngwana ya jwang ya o lahlehetseng.
Eya seteisheneng sa sepolesa, o siye setho se seng sa lelapa kapa motswalle moo.
Ha o ka thola ngwana...
...o ebe o rwetse boikarabelo ba ho netefatsa hore o kopana le batswadi ba hae a bolokehile.
Se hlole o mmotsa dipotso tse ngatangata. Mo tshware ka letsoho le tsamaye ho ya batla ba habo kapa moo le ka fumanang thuso teng.
Nwesa ngwana metsi hanghang, mohlomong o ebe a se a qala ho fellwa ke metsi mmeleng.
Ha ho se motho ya reng o lahlehetswe ke ngwana, batla matshwao a bontshang ditshwantsho tsa bana ba lahlehileng kapa ha e le ngwana ya seng a hodile, mmotse mohala wa batswadi ba hae.
Ha o sa thusahale, leba ho bapholosi ba bophelo ba lewatle ho ya tlahela ngwana.
O ka mo siya matsohong a mopholosi wa bophelo eo o bonang a tshepahala kapa sepoleseng - e seng bathong ba bang feela ba sele!
O ka mo siela dinomoro tsa hao tsa mohala haeba o ka lakatsa hore batswadi ba hae ba o letsetse ha ba mo fumana, o ba bolelle hore o mo fumane kae le hona jwang. [s]
BONA SESOTHO - December 2007
pale ka PRIMROSE MRWEBI
ditshwantsho ka GREAT STOCK!
Ka moo o ka netefatsang hore wena le bana ba hao le a bolokeha ha le lewatle...
