sotho.2909.Mzekezeke
Empa na ke motho a le mong"
SEPHIRI SA Mzekezeke se ne se utullwe mohla a neng a tlameha ho ya arabela qoso ya hae lekgotleng la dinyewe la Randburg ka mora ho qwaketsana ka mantswe le mosadi e mong mane Sandton Square. O ne a lokollwe, empa ho tloha tsatsing leo, ho ipata ha hae sefahleho ho neng ho mmehe maemong mminong wa kwaito, ho ne ho senolwe.
Setumo sa hae sa bonaledi ha se a thefuleha ke sena, ke ne ke bone seo dikantorong tsa hae tsa ho hatisa Auckland Park.
Mongodi wa hae o ne a bolele ka bolokolohi a re: "S'bu o tseleng e tlang kwano."
Ka mora metsotso e ka bang 20 e mong wa bathehi ba TS Records, sebohodi sa mehleng sa YFM le lenaneo la Friends Like These, Sibusiso Leope - ya tummeng ka la S'bu - a hata a kena a ba a ntshwara ka letsoho.
"Ke kopa tshwarelo, ke ne ke se ke lebetse." Dikantoro kaofela di ne di sebedisitswe mme a nketella pele ho ya kantle moo ho neng ho futhumetse ha monate.
Jwalo ka ha a sa tswa itokolla ho YFM, S'bu jwale o tsepamisitse maikutlo a hae mosebetsing wa hae wa ho hatisa. "Ke ne ke ntse ke rata ho ba seyalemoyeng seo, empa maemo a ile a nqobella hore ke tlohele," ke yena eo.
S'bu o ntse a atleha jwalo kaha a sa tswa qala ho ba sebohodi sa lenaneo la hoseng ho Ukhozi FM mme le Y-Lens, CD ya hae ya ngwahola le yona e se e rekisitse dikhophi tse fihlellang maemong a platinum.
NTLE ho bomadimabe bo ileng ba mo tlamella hore a utulle lekunutu la hae, empa S'bu o ntse a sa tswe le taba ha a botswa hore hantlentle Mzekezeke enwa ke mang. Hape ka nako eo Mzekezeke a neng a phatlalatsa hore ha a sa tla bina setjhabeng le S'bu o ne a bolele hore o a itokolla ho YFM.
S'bu o a itshehela bakeng sa ho araba tsena dipotso. Jwale, mpolelle, hobaneng ho ne ho hlahiswe Mzekezeke"
"Re ne re hlahise Mzekezeke mminong hobane re rata ho bontsha batho bana ba ipolellang hore bona ba ke ke ba kgona ho etsa letho hore ba ka kgona," ke yena eo. "Maikemisetso e ne e le ho kgothatsa batho ba sa itshepang hore ba ka kgona ho phethahatsa ditoro tsa bona."
Re ne re rerile hore Mzekezeke a ntshe albamo e le nngwe feela, empa thahasello ya batho ya re qobella hore a ntshe e nngwe.
"Haufinyane, Mzekezeke o tla be a hasa lenaneo la dipuisano ho SABC 1," ho ntse ho bolela yena S'bu a hlalosa hore TS e se e kene le mananeong a TV. Lenaneo la Sifuna Ukwazi e tla ba lona la sethathong. Re tla bua ka dintho tse kang Black Economic Empowerment.
"Ha o botsa batho ka BEE ba o bolella hore eo ntho ke ya batho bana ba kgannang makoloi a pele," ho rialo S'bu.
"Lenaneo leo le tla tlisa kutlwisiso bathong ka sena. Mzekezeke o tla hasa lenaneo lena le batjha ba bang ba tla beng ba hlokometse dintho tse ding."
S'BU o holetse Tembisa, Wela Mlambo ba fallela Hospital View mane Daveyton. O hodisitswe ke nkgonwae moo a neng a dula le batjhana ba hae ba robedi ho fihlela a reka ntlo eo e leng ya hae ka borwa ho Joburg.
Jwalo kaha a se a na le ntlo e kgolo, rakgwebo enwa ya sa leng monyane, o qeta nako e ngata le metswalle ya hae kapa a bapala dipapadi tsa TV.
"Ke nako eo ka yona ke ntshetsang pele dinaledi tsa mmino tse hatisang ho nna," ke yena a ntse a bonya.
S'bu o ne a pase materiki Sekolong se Phahameng sa Central mane Tshwane ka 1993. A ya ntshetsapele dithuto tsa hae Witwatersrand Technikon a etsa dithuto tsa electrical engineering.
A hlahella ka nako eo a neng a sebeletsa seteishene sa setjhaba mane Tembisa moo e neng e le sebohodi sa lenaneo la mantsiboya ho fihlela ka Phupu 2000. Ka nako eo a neng a sebetsa ha Telkom e le technician, hona selemong seo ka Phato, Leope a nehwa mosebetsi ke ba ha YFM. O ne a hlahise mme hape e le sebohodi sa lenaneo la Beauty And The Beast.
Ho ba le khampane ya ho hatisa haesale e le toro ya hae ho tloha bongwaneng, o ne a kopane le molekane wa hae kgwebong Thembinkosi Nciza, ya tummeng ka la TK ho YFM. Nciza a mo eletsa hore a iqalle kgwebo ya ho hatisa - ya ba ho thehwa ha TS Records.
Ha nka ba ka hlabeha leha e ne e thehwe nakong eo Mzekezeke a neng a phoqaka dinaledi tse ding a re di ikahela setumo ka ditsela di sele mane ho YFM! Ha ke ne ke siya ho YFM, ho ne ho ena le diteishene tse neng di mpatla empa ka hana hobane mananeo a bona e ne e le a thapama kapa a bosiu.
Kajeno TS Records e se e hlahisitse dibini tse kang Ntando ya kileng a hapa dikgaung tsa SAMA, Brown Dash le Robbie Malinga. Empa Ntando le Brown Dash ba se ba tswile mme ho sa tswa phatlalatswa hore Nhlanhla Nciza wa Mafikizolo o tla hatisa teng. [s]
BONA SESOTHO - May 2007
Ha o mo toba o mmotsa hore na ke Mzekezeke, o a bonya...
Merero ya S'bu ka bokamoso ba hae - le seo Mzekezeke a ikemiseditseng ka sona matsatsing ana...
pale ka TEDDY GOMBA ditshwantsho ka ROBERT TLAPU
Ke mang monna
enwa
S'bu o kgutlile hape kgasong, e se e le sebohodi lenanong la hoseng ho Ukhozi FM.
Mzekezeke e tla ba sebohodi sa lenaneo la dipuisano ho SABC 1
BONA SESOTHO - May 2007
