sotho.2902.beauty (2)
TSA BOTLE
AO, MATHEBA
A LETLALO
NA KAOFELA ha re lakatse ho ba le letlalo le letle le boreletsana, le kang la mabotle wa dipapatsong tse pele? Leha ditshwantsho tsena di ebe di kgabisitswe ka dikhomputara hape re tseba hore letlalo le letle hakaalo ha se ntho eo o ka e fumanang ka bonolo, empa nnete ke hore re ka kgona ho pata matheba.
Mmala wa letlalo o laolwa ke metswako ya tlhaho e kang melanin - ha o ena le melanin e ngata letlalong, le fiifala haholo. Melanin e sireletsa letlalo mahlaseding a bohale a letsatsi mme e thusa ho le boloka le ntjhafetse.
Mathata a letlalo a qetella a kwetse masobana a lona, a le fiifatse kapa le kganye ho feta. Athe ha o ntse o hola, o ka nna wa hlokomela hore letlalo le ba le matheba a matsho. A bitswa matheba a botsofadi.
Hyperpigmentation, ke lebitso la saense le bolelang matheba ana a matsho, a ka nnang a bakelwa ke tse ding tsa tse latelang.
Ho tjheswa ke letsatsi tlolo. Ho ba letsatsing nako e telele ho etsa hore letlalo le ntshe melanin e ngata. O lokela ho sireletsa letlalo ka ditlolo tse nang le sun protection factor (SPF) e ngata.
Ho se je hantle. Ha se je dijo tse phepo jwalo ka ditholwana le meroho e lekaneng, kapa mefuta e meng ya divitamin.
Ho longwa ke dikokonyana, dihloba le maqeba.
Ho na le mekgwa e mengata ya ho alafa hyperpigmentation leha ho le bohlokwa ho ya ngakeng pele o ka kgetha ditlolo tseo o ka di tlotsang.
Ditlolo tsa letlalo ha di bitse haholo mme hape ha di kotsi letlalong ka nako eo di ntseng di le alafa. Di a fumaneha dikhemising, empa ha a le matla, o hloka ho bonana le ngaka.
Bongata ba ditlolo tse kgantshang letlalo di na le seetswa se kwalang melanin mmoho le exfoliant e thusang ho le hohla, ho tlosa makgekgeba a seng a sa hlokahale. Pele o tlotsa setlolo sena, qala ka ho hlwekisa letlalo e le hore le tle le e monye ka tshwanelo. E sebedise habedi ka letsatsi, kapa ho ya ka moo ngaka e boletseng ka teng mme o eme bonyane metsotso e 20 pele o ka tlotsa se seng. O ka lebella phapang ka mora dikgwedinyana - ha di sebetse ka nako le motsotso!
Ho sa kgathallehe hore o kgathatsehile ho le hokae ke matheba, se itlotse ka ditlolo tse hlakisang letlalo hobane di na le metswako e ka le senyang. Hape o se itlotse ka ditlolo tse tswakilweng ka sekete hobane se kotsi.
Hona le mekgwa e meng e thusang ho ntlafatsa letlalo le ho fedisa matheba, e kang ho tjheswa ka laser le ka dikhemikhale. Di sebetsa ka bokgabane bo boholo le hona ka pele empa di a bitsa hape di bohloko.
Mekgabiso e nepahetseng ya sefahleho e ka thusa. Leha e sa tlose matheba, e a pata feela, ho bohlokwa ho buisana le setsebi sa mekgabiso ya sefahleho bakeng sa ho kgetha mekgabiso e tla dumellana le letlalo la hao. Ha re etsa mohlala, mmalana o perese o ka thethefatswa ka o mosehlanyana. Hopola ho hlatswa mekgabiso pele o robala ntle ho moo mathata a tla mpefala.
Mekgabiso ya sefahleho ha e a lokela ho tswakwa ka metswako e hypoallergenic, hobane e atisa ho se utlwane le letlalo. Bosofe ke a mang a mathata a letlalo, a bontshang phokolo ya melanin letlalong, mahlong le moriring. Letlalo le moriri di ba tshweu mme mahlo a be bolou bo kganyang kapa a be maphatshwana. Erekaha letlalo le mahlo ha di na melanin e lekaneng ho sireletsa kganya e matla, a ba boi. Masofe a atisa ho ba le mathata a ho se bone hantle, a bile a na le menyetla ya ho hlaselwa ke kankere ya letlalo.
Ka bomadimabe ha bo na kalafo empa ho bohlokwa ho sireletsa mahlo letsatsing le kganyeng e matla - ka diborele le ka katiba ya letsatsi le ka setlolo sa ho sireletsa mahlasedi a letsatsi hore kankere e se hlasele. [s]
Pale: Charis Dawson
Se itlotse ka ditlolo tsa ho hlakisa letlalo tse nang le steroids kapa sekete
Mathata a mang a senyang letlalo
Ho fiifala le bosofe ha se ho fela ha mathata a letlalo. Ke a na a mang a ona.
Matheba: Matheba a masweu a mangata a atisang ho hlasela batho ba dilemong tse pakeng tsa tse 10 le 30, ao ka nako e nngwe a qalang ka mora ho lemala letlalo.
Ditjhubaba: Di hlasela haholo marameng le nkong. Di atisa ho hlasela haholo ha moimana a se a tla beleha.
Matheba a masesanyane: Matheba a masesane a ipatileng dikarolong tse itseng tsa mmele. Ha a kotsi empa ha a tjhentjha mmala, sebopeho kapa a qala ho tswa madi, e ka nna yaeba sesupo sa pele sa kankere ya letlalo.
Makgekgeba: Le a fiifala, le omelle hape le etse makgekgeba, e ka nna yaeba lefutso.
Lekgwekgwe: Letlalo le a hlohlona, le be le matheba a matsho, a matenya.
Ka moo o ka a laolang ka teng, o a fedise kapa o a pate...
