sotho.1180.Soul
Ba na le lerato la mmino
Soul Brothers e se e rekisitse dikhophi tse dimilione tse tharo dialbamong tsa bona tse 30 ntle le ho ntsha tjotjo ya letho hore mmino wa bona o bapalwe mme jwale, ba ikemiseditse ho lwantshana le bonokwane bona mminong selemong sena sa 2006...
pale ka DOUG GORDON
SELEMONG sena sehlopha sa mmino wa mbaqanga, Soul Brothers, se qala lenaneo le letjha la ditalente. "O ke ke wa aha dinaledi ka ho dula o lefella bo DJ tjotjo," ho rialo "Black Moses" Ngwenya. "Setumo se ahwa ka mmino, e seng ka tjotjo."
Moses le David Masondo, ba ne ba ahele sehlopha sa bona setumo ho tloha nakong ya kgenthollo.
Sehlopha sena sa mmino wa maikutlo sa Thekong se ne se kgathale ke ho bina meketjaneng le manyalong mme sa leba Joburg ho ya hatisa.
Ba ne ba fetohele ho mbaqanga mme albamo ya bona ya pele ke ya mosollane, e bitswang, Mshoza Wami, mme morethetho wa yona o ne o dumellana le nako eo mmoho le ditlabolane tsa dinako tseo tse kang Brenda Fassie le Chicco Twala. Albamo ya bona ya morao tjena ke Ugruva Nobani" Hangata, Soul Brothers o ne o e fumana mmoho le Ladysmith Black Mambazo. Ho a tshosa ho utlwa hore tse ding tsa diyalemoya tsa borona ha di rate ho bapala mmino wa bona wa morao tjena.
"Ho na le menyenyetsi e tsejwang ya hore mona mminong ho na le bo DJ ba batlang ho ntshetswa tjotjo hore ba tle ba tsebe ho bapala dipina tsa hao," ho bolela Moses.
"Ho thwe tjotjo ena e qala ho
R15 000 ho ya hodimo. Ha o lefa haholo, mmino wa hao o bapalwa haholo.
"Re sehlopha se seholo mme re bile re itshwere, ka hoo, ha ho so ka ho ba le motho ya kileng a re batla tjotjo. Ba ke ke ba e leka eo taba ho rona.
"Empa ha ho le teng diyalemoya tse bapalang mmino wa hao, empa hape ho le teng tse sa o bapaleng, o e o rate ho tseba lebaka.
Ho etsahetseng" 'Mohlomong ke hobane ba sa rate mmino wa lona.' "Empa katleho ya sehlopha sena sa Soul Brothers se ba entse hore ba shejwe hampe ke ba bang - jwalo ka ha ba kgonne ho rekisa direkote tse dimilione tse tharo.
"Ha se seo re se amohelang," ke yena hape. Re kgwebong mme re rata ho phahamisa mmino wa Afrika Borwa matjhabeng, ka hoo, re ke ke ra kgona ho nna re nyobela bo DJ le bahlahise ba mananeo a TV."
Nnete ke hore, ho bolela David hape, Soul Brothers e ne e hlahella mananeong a mangata a TV le ho di-video tsa mmino dilemong tsa bo 1990 nakong eo kwaito e neng e sa qala. David o kgollwa hore e nngwe ntho ke taba ya hore mananeo a kang Ezodumo a ile a fetolwa ho hohela batjha.
Ke ka hona Soul Brothers e hlahisitseng ya yona DVD e nang le dipina tse 11 - ho etsetsa hore balatedi ba bona ba nne ba kgone ho bona dinaledi tsa bona ha ba lakatsa jwalo. "Selemong sena re lwantshana le sohle se ka re busetsang morao," ho rialo David. Ha re tshabe ho ikahela dira. Re ne re qale mehleng e boima eo mapolesa a neng a re mathisa bosiu le motsheare ka taba ya dipasa.
"Re ne re se na moo re robalang teng. Bo ne bo le boima bophelo ho dibini tsa batho ba batsho ka nako eo. Re sebeditse ka thata mme haeba ho le teng ya nahanang hore re ka kgathala, o a ithetsa."
Leha ba atlehile hakaalo, empa David le Moses, ba a e qoba taba ya ho nkwa jwalo ka dinaledi. Ba iphelela bophelo bo tlwaelehileng mme ba tsetlallela hore ba malapa a bona a fihlele ditoro tsa ona. Moses o na le bara ba babedi, e mong o na le thupello ho computer graphics, e mong ho sound engineering. Moradi wa David o dilemo di 14 o ntse a le sekolong.
Moses le David ba dutse ba bina meketeng mose ho mawatle - ka Phato, ngwahola, ba ne ba bine naheng ya Canada ditoropong tse kang Montreal, Vancouver le Toronto mme ba sa tla kgutlela.
Ba bone ona e le monyetla wa ho hlahisa talente batjheng ba Afrika Borwa. Ba tla etsa sena ka hore ba memele batjha ba neng ba sa tsebisahale sebayeng ha ba bina selemong sena. Ba rata ho ntsha sekgobo sena sa hore batjha ba dutse ba hloleha jwalo ka ha Soul Brothers e bina sebayeng, ba bina ka mantswe a bona, ba sa thuswe ke dikhasete.
"Dikgweding tse 12 tsa selemo, tse supileng ho tsona re di sebedisetsa ho hahlaula, re bine dibakeng tse 200 tse kang ditameneng, dibayeng le diholong," ho bolela David. "Re bapala diletsa tsa rona mme le dipina re a ingolla.
"Ha re tshoswe ke ho se bapalwe ha mmino wa rona diyalemoyeng le ho TV - empa tse ding tsona di ntse di o bapala.
"E nngwe feela ntho e re makatsang: Jwalo ka ha re kgonne ho rekisa mmino wa rona ho feta dihlopha tsohle tsa mmino wa mbaqanga dilemong tse 30, hobaneng jwale re ka sebedisa tjotjo hore mmino wa rona o bapalwe diyalemoyeng" Mmino wa Soul Brothers o hohela batho. Ke eng e nngwe e eo ba ka e
batlang"" [s]
Ha re tshohe leha re ka ba le dira
