sotho.2901.parenting
botswadi
Masea a dutseng tshophodi
BONA SESOTHO - August 2007
HORE lesea le tle le belehwe ka mokgwa wa tlhaho, hlooho ya lona e lokela ho sheba tlase ka popelong, ho ya ka moo Sister Lilian a bolelang ka teng bukeng ya Pregnancy And Birth Companion.
Hlooho ya lesea e sheba hodimo maqalong a boimana mme e re ka mora dibeke tse ka bang 32 ho ya ho tse 36, le fetohe le lebise hlooho tlase.
A mang a fetoha ka motsotso wa ho qetela, athe a mang a qetella a sa fetoha hohang!
Haeba ho fihla nako ya ho beleha, lesea le sa ka la fetoha, seo se bolela mathata nakong ya pelehi mme le tlameha ho belehwa ka opereishene.
Lesea le lebisitseng hloohong hodimo ha se hangata le belehwang ka tsela ya tlhaho hobane bophelo ba lona bo ba kotsing.
Ke ka hona ho leng bohlokwa hore o se fose matsatsi a ho bonana le ngaka kapa mooki hore ba nne ba hlahlobe tsela eo lesea le dutseng ka yona.
Sesosa ke se fe"
Maemo a sa lokang ka popelong a ka baka mathata ana ho fihlela lesea le belehwa. Dintho tse kang sebopeho sa popelo ke tse ding tsa tse amang madulo a lesea ka popelong.
Mafahla a atisa ho lebisa hlooho hodimo hobane ho se sebaka se bulehileng hantle. Ho haella kapa bongata bo fetisisitseng ba lero le popelong ho ka baka mathata ho fetoheng ha lesea. Masea a bileng le mathata di tloha feela popelong, a ba le mathata a ho fetoha hona.
Mefuta ya tsena
u Hlooho e shebile hodimo: Lesea le ebe le kotsame.
u Hlooho e shebile hodimo: Hlooho e shebile hodimo mme maoto a lebile hodimo hloohong.
u Ekare le eme: Mona maoto a lona a lepeletse ho ya tlase.
u Le finne: Lesea le dutse ka tsela ya hore ha le belehwa ho tla hlaha mangole pele.
Ho le thusa ho fetoha
Haeba o rata ho beleha ka tsela ya tlhaho mme jwale ho bonahala hore o tla tlameha ho beleha ka opereishene, ka lebaka la tsela eo le dutseng ka yona, a ko leke dikeletso tsena:
u ECV: Dingaka tse ding di ka nna tsa sebedisa mokgwa ona wa ECV (External Cephalic Version) ho leka ho fetola lesea. Ngaka kapa yena mooki, a ka leka ho fetola lesea leo ka matsoho. Lesea le tlameha le be le phela hantle hore ECV e tle e atlehe - ho a etsahala ka nako e nngwe e re le qeta ho fetolwa le boele le fetohe le boele madulong a lona a pele.
u Ho ikwetlisa: Kgumama fatshe mme o itshwarelle ka matsoho hlooho e thetse fatshe. O ka etsa sena metsotso e 15 habedi ka letsatsi matsatsi a mahlano ka beke. Lesea le ke se kgone ho fetoha haeba le se le kenelletse lesapong la mokokotlo. Empa he boikwetliso bona bo tla etsa hore lesea le kgone ho tswa moo lesapong leo.
BAKENG SA TSE DING DINTLHA
Conception, Pregnancy & Birth ka Dr Miriam Stoppard (DK, 2000)
Sister Lilian's Pregnancy And Birth Companion (Human & Rousseau, 2005)
Ha lesea le robetse tshophodi, ha le kgone ho belehwa ka mokgwa wa tlhaho...
Ya bomme le bontate...
MEKGWA E fapafapaneng eo batho ba itshwarang ka yona e ba etsa ba be bontate ba fapafapaneng. Leha taba ya bohlokwa haholo ho wena jwalo ka ntate e le lerato baneng le lapeng la hao, empa ho ntse ho na le dintlha tse mmalwa tse o hlalosang jwalo ka ntate.
Ekaba o molemo" Bontate ba bohlokwa ba dutse ba hlokometse malapa a bona.
O rata ho thabisa bana ba hao" Ekaba o ke o bapadise bana ba hao"
Ntate o tlameha ho bapala le bana ba hae, a mathe le bona ka jareteng, le mantsiboya a ba etsetse ditshomo. Ya kgalemang: enwa ke ntate ya hatellang hore bana ba latele melao. O rata ho ba mohlala o motle baneng ka hore a etse seo a se buang.
Ya bonolo: ke ntate enwa ya bonolo ya reng 'E' le moo mme yena a reng 'TJHE.'
Eo e leng molekane: ke ntate ya dutseng a tshwarisane le molekane wa hae kgudisong ya bana. O dutse a kgalema bana mmoho le mme, empa ka nqa e nngwe o ntse a ba le nako ya ho bapala le hona ho thabisa bana ba hae.
Kwetlisa mesifa e haufi le popelo
Boimana bo ka kgathatsa mmele wa hao jwalo ka mesifa e haufi le popelo e ntseng e utlwela ha o beleha. Hopola hore ho matlafala ha hormone ena e thibellang ho nontshwa ha lehe ho ka nolofatsa mesifa e haufi le popelo haholo hakakang jwalo ka ha e tla saroloha nakong ya pelehi. Sena se ka etsa moroto o "itswele" ha o tsheha kapa o ohlola.
Ho ikwetlisa ho ka matlafatsa mesifa ena mme ho thibelle mathata ao re seng re a boletse, e leng ho itswela ha moroto.
Ho matlafatsa mesifa eo e haufi le popelo:
E tihise jwalo ka ha e ka o tshwere moroto hore o se itswele.
E tihise metsotswana e mmalwa mme o e tlohelle.
Phetapheta sena makgetlo a leshome ka letsatsi. Qala hanyane hanyane mme o nne o nyolle nako ho tloha metsotswaneng eo e mmalwa.
Ho se kgone ho tshwara moroto, ho ka nna ha eketseha ha o ntse o hola hape ho ye ka hore o se o na le bana ba ba kae.
Haeba o sa kgone ho itshwara ha o tshwerwe ke moroto, o itswela ha o thimola kapa o tsheha, seo se ka bolela hore o na le mathata. Ha o ipona o na le mathata a kang ana, bonana le ngaka ya hao mme yona he e tla o neha kalafo e tla o thusa ho a fokotsa.
O ntate wa mofuta ofe"
BONA SESOTHO - August 2007
e bokeleditswe ke NONHLANHLA KHUMALO
u
t
botswadi
Ruta bana ba hao
Batswadi ba bangata ba botswa dipotso tse ngata ke bana ba bona ba batlang ho tseba dintho. Eo ha se ntho e thata - hlophisetsa bana ba hao dintho tse ngata mme o etse hore ba ithute ka seo...
BONA SESOTHO - August 2007
Otlolla maoto
Ho otlolla maoto ka ho tsamatsamaya pakeng o boha tikoloho, e ka ba ntho e makatsang. Ngwana a ka bona difate, diphoofolo le dikokonyana - hape a ka bona le dintho tse ngata a fofonele le menko e sa tshwaneng.
O ka nna wa hlophisetsa lelapa la hao pikiniki pakeng moo ba tlang ho kgona ho boha le hona ho ithuta ka tikoloho.
Ithabiseng ka ho ya reka
Ha o le mabenkeleng le ngwanahao, bua le yena ka mefuta ya dijo tseo o di rekang. E ya le yena karolong ya meroho le ditholwana o mmontshe mefuta le mebala ya tsona. Mo bontshe tse bolokwang sehatsetsing le tse sa bolokweng teng.
Ngwana o tla thabela sena hobane o tla tswa moo lebenkeleng a ithutile ho hong.
Bua le ngwanahao
Ngwana o ithuta ho bua ka ho nna a mamela ha ho buuwa le yena. Bua kgafetsa le ngwanahao hobane seo se ka ntlafatsa boiphihlelo ba hae ba ho bua.
Ha re bue ka ho bua feela, re bua le ka ho mamela, esitana le ho bua o sebedisa ditho tsa mmele, jwalo ka ho sisinya hlooho e le hore a kgone ho utlwisisa.
Bana ba banyane ba a ho thabela ho bua, ka hoo, mo thabise ka ho qoqa le yena.
Mo phetele pale
Bana ha ba ho rate ho bala hobane ba ho nka e le karolo e nngwe ya mosebetsi wa sekolo. O ka mo ntsha monahanong oo ka hore o mo rute ho bala a sa le monyane. Ho bala ho ntlafatsa tsebo ya ngwana puong ya hae e leng karolo ya bohlokwa thutong ya hae.
u
BONA SESOTHO - June 2007
t
botswadi
Se ka tsubisa ba lelapa
BOHLE re a e tseba kotsi ya ho tsuba, empa ha ho bobebe ho tlohela kwae. Leha ho le thata hakaalo, empa ho teng seo o tlamehang ho se hopola - bophelo ba ba lelapa la hao!
n Ho tsuba nakong ya boimana kapa ho dula o hahlamelwa ke kwae boimaneng, ho ka beha lesea le so belehwe kotsing. Netefatsa hore ha ho mang ya tsubelang ka tlung nakong ya boimana ba hao.
n Ho hahlamelwa ke kwae ho ka beha bophelo ba lesea le so hlahe kotsing e kenyeletsang le mathata a ho hema.
n Bana ba dutseng ba hahlamelwa ke kwae ba kotsing ya ho kenwa ke kankere ya matshwafo ha ba hola.
n Bua le ngaka haeba o na le mathata a ho tlohela kwae hobane ho na le meriana e ka o thusang ho tlohela kwae.
Netefatsa hore ha o behe bophelo ba lelapa la hao kotsing ka ho tsubela hara bona. Ha o tsuba, netefatsa hore o tsubela kantle kapa o tsubele sebakeng se etseditsweng hona.
O rekela ngwanahao dieta lekgetlo la pele
LESEA la hao le se le hodile, le se le qadile ho tsamaya mme jwale o le hlokela dieta.
n Polokeho ke ya mantlha: Mo rekele tse mo lekanang hantle, e be tse sa thelleng, re ka etsa mohlala ka tse nang le direthe tsa rekere.
n Di reke mantsiboya: Jwalo ka motho ohle, maoto a ngwana a a ruruha le ona motsheare, ka hoo, ho molemo ho reka dieta mantsiboya, maoto a sa ntsane a ruruhile.
n Netefatsa hore di mo lekana hantle. Tsamaya le yena hore a tle a di lekanye. Hore o bone hore di fela di mo lekana hantle, monwana wa hao o tlameha o kgone ho kena ka morao seretheng esitana le ka hodima leoto la hae a ntse a rwetse seeta seo.
BONA SESOTHO - August 2007
NNETE KAPA LESHANO"
O ke se belehe ka moroko makgetlo a fetang bobeding
LESHANO! Ha feela makgetlong a fetileng o sa ka wa ba le mathata ho beleheng ka moroko kapa o so ka o ba le moroko mpeng, o ka nna wa beleha kgetlo la boraro ka moroko. Dingaka tse ding di ka o belehisa ka tsela ya tlhaho le haeba o kile wa beleha ka moroko pele.
Hopola hore ho beleha ka moroko ho ntse ho na le mathata jwalo ka opereshene efe kapa efe mme le hona ho ntse ho beha bophelo ba hao kotsing.
Lebese le ka o thusa ho ima
HA o kgone ho ima" Na o ne o tseba hore ho nwa lebese le mafura le ho ja ice-cream ho ka nyolla menyetla ya ho ima"
Dipatlisiso tsa Harvard University di bontshitse hore basadi ba jang dijo tse nang le lebese le mafura bonyane ha nngwe ka letsatsi ha se ha ngata ba bang le mathata a ho ima. Lebese le se nang mafura lona ha le thuse ka letho.
Haeba o ja dijo tse phepo, o ke se be le mathata a ho nona leha o ja lebese le mafura.
Lebese leo le tla nyolla menyetla ya ho nontshwa ha lehe, le o nehe calcium e matlafatsang meno le masapo. Calcium hape e boloka mmele wa hao o le boimeng bo nepahetseng. [s]
