sotho.2896.health
Natefelwa ke MENYAKWE
HO SE tsohelwe ha banna (erectile dysfunction) (ED), ha se mathata a ba seng ba hodile feela. Kapa bofokodi ba bonna. Karolo ya boraro ya banna lefatsheng e na le mathata ana. A bakwa ke maemo a dintho tse pedi - ho kula mmeleng le kelellong.
Madi a lokela ho phalla ka tshwanelo ho ya botoneng hore bo tsebe ho tsohelwa. Empa ho na le tse ka nnang tsa nyopisa tseo tsohle.
Mathata ana a ka bang 70 lekgolong sesosa sa ona ke ho kula mmeleng - mme e ka nna yaeba tlhokomediso ya lefu le leng le kotsi, ho ya ka moo Ngaka Shingai Mutambirwa, wa Soweto, setsebi sa kalafo ya senya se hlolang se alafile batjha ba dilemong tse 20 ba sa tsohelweng.
Ha re etsa mohlala, banna ba bararo hara ba bane ba nang le lefu la tswekere ba iphumana ba ena le mathata a ho se tsohelwe le ho se kgone ho etsa menyakwe thobalanong," ho bolela yena. Monna o tsohelwa ha madi a phalla ka matla ho ya botoneng, a etse hore bo tie. Empa di ngata dintho tse ka nyopisang mosebetsi ona o motle.
HO TAHWA TLOLO YA MOLAO
Ha o le monna ya nwang jwala tlolo ya molao, o kotsing ya ho iphumana o se o sa kgone ho tsohelwa. Ha se jwala feela bo etsang hore monna a be mathateng ana, empa le mefuta e meng ya meriana kapa mafu e ka nna yaeba sesosa.
Kgatello e hodimo ya madi le cholesterole e ngata mading - kapa mafu afe a sitisang phallo ya madi, e ka ba sesosa.
KGATELLO
Kgatelllo le ho phela ka dikgohlahano ho nyenyefatsa menyetla ya ho tsohelwa - ho sa kgathallehe hore monna o dilemo di kae. Ke ka hona ditsebi tse kang Profesara Raymond Rosen, mookamedi wa leano la US le thusang banna hore ba tshohelwe, di reng ha o sa tsohelwe, ha ho bolele hore ha o sa le monna wa sebele.
Ho tlwaelehile hore monna a kgathatsehe ka mosebetsi le bokamoso ba ba lelapa la hae, e leng tse ding tsa dintho tse ka nnang ka mo bakela mathata, a qetelle a tetebetse maikutlo.
"Monna o a kgathatseha, a halefe mme a we moya - ho bua nnete ka nako e nngwe, o qetella a se a sa tshohelwe hohang, e leng se tla mo tetebetsa maikutlo le ho feta," ho bolela Rosen.
Hape ho nyatsa moratuwa kapa ho batla e motjha, ho ke ke ha thusa ka letho. Bonneteng, ho ka mpefatsa maemo le ho feta. Kalafo e sa nepahalang e ka mpefatsa maemo le ho feta.
O KA THUSAHALA.
Hlokomela botona ba hao! Ho se tsohelwe ha se ntho e lokelang ho o hlabisa dihlong. Ke a mang a mathata a bophelo a alafehang ka katleho mehleng ena! O hloka feela ho iteta sefuba, o kope thuso ngakeng ya hao! [s]
Pale: Patricia McCracken
Bakeng sa ditlhalosetso tse ding, ikopanye le SA Sexual Health Association: 0860-100-262; www.sexualhealth.co.za
Pele o kena kgabong, o tshela mafura - ba bangata ba e lahla hona moo. Empa, re ka a hlola mathata ana a ho se tsohelwe ha banna...
TSA BOPHELO
Kalafo e sa nepahalang e ka mpefatsa maemo le ho feta
BASADI BA KA ETSANG
Se iphapanyetse mathata ana: Banna hangata ba tshaba ho bua ka mathata ana. Monna ya nang le mathata a ka nna a thusahala ha mosadi wa hae a tshepahala, a mo kgothatsa ha a e otlile botsekeng, a roriswe, hore a tie lengole," ho bolela Rosen.
Se inyatse:
Ho nahana hore ke molato wa hao ho ka nna ha mpefatsa maemo le ho feta.
Kgothaletsa kalafo:
Kalafo ya mathata a ho se tsohelwe ha e bakele hore motho a kenwe ke kokwanahloko ya HIV, ho ya ka moo Ngaka Rosen a bolelang ka teng. Ke tumelokgwela feela eo. Kalafo e ka thusa ho pholosa lenyalo la hao haholoholo ha banyalani bobedi ba thusana ho lwantsha mathata ana!
Ke ka hona le moriana wa Sezulu wa kalafo ya mofuta ona e bitswang "vusumuzi," o tsosa lelapa, ho bolela Ngaka Jackie Gumede.
