sotho.2892.tb
Ho alafa lefuba
Ekaba karolo tse pedi borarong tsa Maafrika Borwa a kenweng ke Lefuba - empa ba ka le hlola hobane hangata lefu lena le a alafeha le hona ka bonolo...
NALEDI ya kwaito, MaWillies (39), o sa tswa hlokahalla sepetleleng se seng sa Jozi, ho belaelwa hore o kenwe ke LEFUBA. KZN le Kapa Bophirima teng ho dumelwa ha motho a le mong hara ba 1 000 a ena le lefuba.
Empa ha ho hlokahale. Ka 2007 tliliniki ya Mitchell's Plain e ne e alafe bakudi ba yona ka katleho e kgolo le hona kaofela ha bona. Sa bohlokwa haholo ke hore mokudi a hlokomelehe lefu le sa ntse le qala, a nehwe kalafo mme a utlwisise hantle bohlokwa ba yona.
Lefu leo bangata ba le bitsang TB, ke lefu le tshwaetsanang. Le bakelwang ke bakteria - Mycobacterium tuberculosis - e hlaselang matshwafo, motho a heme ka thata. Empa e ka nna ya hlasela le dikarolo tse ding tsa mmele jwalo ka masapo, manonyeletso, letlalo, esitana le methapo.
Ekaba batho ba babedi borarong ba nang le bakteria ena mmele empa e hlasela ha feela mmele o sa fepeha hantle, o le tlasa kgatello, o tsofala kapa o kenwe ke kokwanahloko ya HIV.
Ke a fe matshwao a lona?
Ho ya ka Lefapha la Bophelo bo Botle, a tlwaelehileng ke: ho kgohlela ho sa feleng (ho fetang kgwedi); ho hema ka thata; pelo e ntsho; ho theoha mmeleng; ho kgathala; ho fufulelwa bosiu; serame le sefuba; ho opelwa ke manonyeletso; sefuba le ho kgohlela madi.
Le tshwaetsana jwang?
Kokwanahloko e tswa ha motho a kgohlela, e tswele moyeng mme e mong a e hemele ka hare.
Ha o na le kokwanahloko ya EITSI, o ba kotsing haholo hobane mmele wa hao o ebe o fokola. Hape ha o sebetsa morafong, o hahlamelwa ke silica, o ka kenwa ke lefuba ka potlako.
Seo nka se etsang ha ke tshwaetsehile?
Ba lefapha la tsa bophelo bo botle ba tla nka sekgohlela ho ya se etsa diteko mme hape o kotjwe ho etsa X-ray sefubeng.
Ka bomadimabe ho nka nako ho fumana hore o tshwaetsehile kapa tjhe le hore ke ya mofuta ofe. Le alafeha le haeba o na le tshwaetso ya EITSI. Menyetla ya ho alafeha ha bobebe e ba meholo ha le hlokomelehile le sa qala.
Haeba o ipelaela, eya tliliniking, ngakeng kapa sepetlele ka potlako.
Ke efe kalafo eo nka e fumanang?
Mefuta e mmedi ya kalafo ya lefuba. Empa o lokela ho tseba hore kalafo e nka nako e telele, ho tloha dikgweding tse 6 ho ya ho tse 9 mme ho bohlokwa ho e qeta ka nako e badilweng.
"Batho ba bangata ba atisa ho tlohela kalafo ka mora matsatsinyana ha ba ikutlwa ba le betere," ho rialo Sister Heidi Booyens wa TNS Clinic, Amanzimtoti, KZN.
Ho tlohela kalafo pele ho nako, ho etsa hore o boele o tshwaetsehe, ho sa natsehe hore o ikutlwa o phetse hantle ho le ho kae ka nako eo. Ho se qete kalafo ha batho, ho bakile ho ropoha ha mefuta e mmedi ya TB. Wa MDR le XDR TB tseo hape di leng manganga ho alafeha.
Hopola...
Tlhlahlobo le kalafo ya TB ho mahala ditsing tsa mmuso tsa lefapha la bophelo bo botle...
PALE THANDI ZULU
TSABOPHELO
BONA SESOTHO - May 2008
u
t
Thuso ya ho hlola lefuba...
Lefapha la Bophelo bo Botle le sebedisana le batho ba bangata setjhabeng ba kang basebeletsi ba tsa bophelo bo botle ba thusang ho ntshetsapele leano lena le bitswang Directly Observed Treatment, Short-course strategy (DOTS).
Ke tshwaetsehile mme he nka sireletsa ba lelapa leso jwang?
Lefuba le tshwaetsana ka bonolo, ka hoo, ho molemo hore:
O se thetsane le ba bang.
O robale hole le bona.
Kamore ya hao e dule e otlwa ke moya.
Hlapa matsoho ka mora ho thimola, ho kgohlela kapa o qeta ho ithetsa sefahleho kapa nko.
Kwala molomo ka ntho ha o kgohlela, o thimola kapa o tsheha.
BONA SESOTHO - May 2008
Ho bohlokwa haholo ho qeta kalafo ya hao
Bakeng sa dintlha
Ikopanye le Lefapha la Bophelo
bo Botle:
Ntlokgolo, Tshwane
Foreisitata: 056-212-2271;
Gauteng: 011-355-3408;
KwaZulu-Natal: 033-395-2586;
Limpopo: 015-290-9126;
Mpumalanga: 013-712-5837;
Leboya Bophirima: 018-297-0962;
Kapa Leboya: 053-830-0697;
Kapa Bophirima: 021-483-5431.
Lefuba le EITSI
Hobaneng batho bana ba le kotsing ya bohloko bona?
Ho ya ka mokgatlo wa matjhaba wa Bophelo bo Botle, 33 lekgolong la batho ba dimilione di 40 lefatsheng ka bophara ba phelang le HIV/AIDS ba nang le lefuba, ho bolelwa ha ba tsheletseng kapa ba supileng ho ba nang le EITSI lefatsheng ka bophara, e le ba Afrika Borwa.
Sena se bakwa ke hobane ho boima ho hlokomela le ho alafa lefuba mothong ya phelang le kokwanahloko ya EITSI.
Kalafo ya lefuba e ya ka hore na le bonahetse ka potlako ho le ho kae le hore motho o ja kalafo ka nepo kapa tjhe, bathong ba phelang le kokwanahloko ya EITSI teng hoba boima ho hlahloba lefuba.
Lefuba le matlafala haholo ha mmele o fokola.
Ha lefuba le sa hlokomeleha kapa le sa alafeha mokuding wa EITSI, le ka bolaya.
Ditlaleho tsa matjhaba ka tsa bophelo bo botle, di bolela hore kalafo e sa nepahalang e baka hore bakudi ba 90 lekgolong ba nang le EITSI, ba timele dikgwedinyana feela ka mora ho tshwaetswa ke lefuba.
Ba bolela hape ha di-antiretrovirals di sa utlwane le kalafo ya lefuba, ka hoo, ho molemo o buisane le ba tsa bophelo bo botle.
Haeba o na le kokwanahloko ya EITSI, mme o ne o alafelwa lefuba peleng, ho molemo hore ha o boela o fumana kalafo e nngwe ya lefuba, e behwe leihlo le ntjhotjho hobane ho ka etsahala lefuba leo le be manganga.[s]
