Sotho.2890.yourceleb_10ques
DIPOTSO
Doris Msibi
SEBOHODI SA LENANEO LA Forgive And Forget se BUA LE RONA KA SEO sE neng se KA SE ETSA DIHORENG TSE 24 ha e le tsa qetelo, LE ka diTLHOHONOLOFATSO TSA SONA BOPHELONG
1. Hae ke kae-
Ke hlahetse Rustenburg empa ka holela Joburg, sebakeng sa Pimville, Soweto.
2. O na le nako e kae o le sebohodi sa Forgive And Forget-
Ke dilemo di pedi.
3. Ke sefe seo o sa se lebaleng-
Bophelo bo monate haholo hore nka bo lebala. Empa ho na le dintho tse sa lebaleheng hobane ha ke rate ho pheta diphoso tseo nkileng ka di etsa pele.
4. Ke efe pale ya Forgive And Forget e neng e o ame moyeng-
Mohlolohadi ya neng a kgone ho tshwarela mmolayi ya neng a bolaye monnae ka mora dilemonyana feela ba nyalane. E ne e nkame haholo!
5. Ho sebetsa ho TV ke seo o neng o se labalabela-
Hohang! Ke motho ya dihlong haholo! Ke ne ke batla ho ba titjhere jwalo ka mme. Ke sa ntse ke phethisa seo hobane ke ruta ka Bokgoni ba Bophelo Sekolong se Phahameng sa Phafogang, ke seo ke se etsang ho thusa setjhaba.
6. O qadile ho sebetsa kae-
Ke ne ke tlanya ka motjhini mme ka mora beke ka qala wa ho hlophisa mekete mme wa pele e ne e be wa bomabotle ba Malaika. Ka boela hape ka hlophisa mokete wa Dikgau tsa KORA All Africa Music.
7. O kile wa ba mabotle - hobaneng o ne o kenele tlhodisano eo-
Mohlomong ke hobane e le seo e sa leng ke se rata. Mme o ne a nkenye ho ya Miss Pimville Junior ke le dilemo di robedi. Ka fumana dikgau, ya Miss Eldorado Park ka 1998, Miss Teen Gauteng ka 1999, Miss Soweto ka 2000 le Mrs SA Globe ka 2006.
8. O nyetswe, hona o na le bana-
E. Ke dilemo di hlano jwale ke nyetswe, ke na le bana ba babedi. Njabulo(4) le moradi Masego (1).
9. Haeba o ne o saletswe ke dihora tse 24 tsa bophelo o ka etsang-
Ke ne ke sa tlo sebetsa. Ke sona seo ke seng ke iphumana ke se etsa ka dinako tsohle. Ke ne ke tla dula le ba lelapa la ka, re je re ithabise, ho be monate, re tshehe.
10. Ke efe tlhohonolofatso e kgolo eo o bileng le yona bophelong-
Lerato. Modimo wa ka, mme, monnaka le lelapa la ka kaofela! Ke thabela lerato la bona kaofela le ho feta tsohle tseo ke nang le tsona kapa tseo ke di fihletseng bophelong. [s]
E bokeleditswe ke: Ntokozo Maseko
TSA DINALEDI
