sotho.288.zola
Ha a batle ho senye- tswa nako!
O bapetse dikarolo tse mmalwa tsa bonokwane le dithunya empa diketsahalong tsa Yizo Yizo kapa Tsotsi ha ho e ileng ya mo hlophisetsa hore a tsebe ho tobana le katleho ya Zola 7 le ka moo babohi ba mo nkang ka teng...
BONA SESOTHO - August 2006
pale ka DOUG GORDON
HA O batla thuso ya Zola, ha ho hlokahale hore o mo supe ka sethunya kapa o mo hlabe ka thipa hobane tseo tsohle o fetile ho tsona. Ntle ho mehala eo a e fumanang le di-SMS tsa batho bao a sa ba tsebeng ba batlang ho hlahella ho Zola 7, monna enwa wa batho o se a kile a hlajwa ke ba bang ba batlang hore a ba thuse ho fumana mosebetsi le yona tjhelete.
Bonginkosi Dlamini (29) o se a kile a sielana sebaya le dinaledi tse kang Snoop Dogg, a bapala le karolo ya Papa Action ho TV - empa Zola 7 ke lenaneo la hae ka tswalo!
O ikemiseditse tse tjhentjha bophelo ba dikgutsana, a phethise ditoro tsa ba se nang mahae ka lenaneo lena le qadileng ho SABC1 dilemong tse tharo tse fetileng. Sebini sena se tjhentjhile, se nkwa e le mesiya. Mohlahise wa lenaneo, Nthabiseng Mokoena o re thahasello ya babohi e entse hore ba qetelle ba kenyeletsa le dikarolo tsa ha a se a fihla setjhabeng ho bontsha ka moo a amohelwang ka teng.
"Zola o thabisa batho empa ho Zola 7 o etsa mosebetsi wa bohlokwa, o ka hodimo ho oo batshehetsi ba hae ba mo tsebang ka ona," ho bolela yena.
"Re lakatsa ho araba mangolo ohle ao re a fumanang ke ka hona re seng re ena le Zola 'Dream Team' leano leo ho lona re kgothalletsang batho ho iketsetsa molemo ka bobona."
HONA ho molemo hobane mosebetsi wa Zola ho tsa boithabiso o mo hloka haholo lefatsheng lohle haholoholo jwalo ka ha filimi ya bona Tsotsi e ratwa haholo mme ebile e hapile le kgau ya Oscar.
Filimi ena ke video ya mmino wa Zola jwalo ka ha a ne a bapala karolo e pele le dipina tsa hae tse tsheletseng tse ratwang haholo di a bapalwa. O se a ile a hahlaula Spain, Fora le Jeremane ka Phupu mme o tla bina meketeng e 30 ya mmino dibakeng tse fapaneng tsa US selemong se tlang.
Ka Mphalane pina ya hae e ratwang, Don't Cry e tla be e hlahiswa Jeremane mme o tla be a qala leano la hae la ho bokelletsa tjhelete bakeng sa ho nehela phepong ya bana ba Afrika.
"Ho thata ho kgotsofatsa bohle," ho bolela Zola. "Ho betere ho mamella boitshwaro ba batshehetsi ba Zola hobane tse ngata tse buuwang ka nna ha se nnete. Bongata ba bananyana bao ke kopanang le bona ka batla ho ntshuna, ba nkake ba be ba batle hore ke saene dintho tse ding tsa bona.
"Ho buuwa leshano ka nna, ho thwe ke na le dikgarebe tse ngata, tse ding tse ngata di imme, hape ke dutse ke tshepisa ba bang manyalo. Ho a mmakatsa hore ebe ho na le batho ba mponang ke le mohlala ho bona." Leha ho le jwalo, batshehetsi ba Zola 7 ba lebelletse tse kgolo ho yena!
O RE batho ba fihla ha hae ka mekotla ba tlo batla thuso. "Ba re ha ba na taba leha ba ka robala kantle moo ho fihlela ke kgona ho ba thusa, ba hana ho ngola mangolo.
"Nkile ka kopana le ba neng ba batla thuso hona hoo ba neng ba ntshupa ka sethunya, ba ntlhaba ka thipa hobane ba re ha ke ba tsotelle.
"Ke fumana makgolokgolo a mehala ka letsatsi, ya batho bao ke sa ba tsebeng - le di-SMS, bang ba re ke ba founele. Ba nahana hore ke na le tjhelete. E, ho na le batho ba bangata ba neng ba lokelwa ke thuso lenaneong la Zola 7 - empa batho ba batlang hore ke ba rekele biri le kwae bona ba lebelletse hore ke nahane hore ba qakehile""
Batho ba tenang Zola ke bana ba batlang ho sebedisa monyetla wa hobane ba tseba lelapa la habo. Ho na le banna ba keng ba fihle ho yena ba re ke ngwana wa bona hobane feela ba tseba hore mmae o ne a se na molekane. "Ba nahana hore ba bohlale. Ba etsa phoso."
"Ke hlola ke bolela hore ha ke na ntate empa ha ke so bolele hore ha ke mo tsebe hore ke mang! Ke nnete ha ke a lokela ho tenehela batho ba qakehileng e le ka nnete empa ha ke na nako ya batho ba sebedisang menyetla, ba batlang ho dula ba kgaketswa."
ZOLA o lakatsa ho hola haholo kgwebong ya mmino le difilimi. Ka mora Tsotsi, mmino wa hae o boetse wa ba selelekela filiming e nngwe ya Afrika - The Blood Diamond ya naledi ya Hollywood, idol Leonardo di Caprio.
Zola o ne a nehilwe karolo e pele empa a hana ho e nka hobane a qakehile haholo ho Zola 7.
"Mesebetsi yohle ya ka e tla kena dikgeong tsa mosebetsi wa ka ho Zola 7," ho bolela yena. Tshusumetso ya Zola lefatsheng lohle ka mora Tsotsi ebile e tebileng haholo le ho feta ho bapala karolo ya Fela.
Mohlahise wa Britania, Peter Fudowski o ne a qale ho utlwa mmino wa hae wa kwaito ka 2003 ka nako eo a neng a le Joburg ho tla etsa dipatlisiso. A rata mmino wa Zola jwalo ka Ghetto Fabulous, mme a batla hore a bine selelekela sa Tsotsi.
Kajeno ka mora ho rekisa dikhopi tse 500 000, Zola o bona leano le letjha la ho rekota Jeremane - mmaraka o moholo wa ho rekota naheng ya Yuropa - e le katleho e kgolo mminong wa hae.
"Tshehetso ya boraditaba ke yona e etsang hore mosebetsi wa ka o bitswe ka mahohle," ho bolela yena. [s]
"Banana ba bangata bao ke kopanang le bona ba batla ho nkaka, ba ntshune.," ho bolela Zola.
BONA SESOTHO - August 2006
Zola leha a atisa ho bapala dikarolo tsa banna ba lonya empa ha a mobe hohang - ke ngwana wa setsoha le pelo ya maobane.
