sotho.2875.toilet
Clivé Mashele o motlotlo ho re bontsha kgau ya hae.
CLIVE Mashele, o tswa ka ovarole ka hora ya bohlano hoseng ho hong le ho hong, a kganne 250km ho leba mosebetsing Tzaneen. Mosadi enwa o etsa seo ka motlotlo ka ka ho mo tswela molemo.
O nehilwe mosebetsi wa ho aha matlwana a 1 500 metseng e 21 ho masepala wa Vhembe moeding wa Afrika Borwa le Zimbabwe.
"Hoseng ho hong le ho hong, ke kganna ho ya sebakeng sena seo ke sebeletsang ho sona, ho ya netefatsa hore dintho di entswe ka tshwanelo," ho hlalosa yena.
Dilemong tsena tse pedi tse fetileng, o se a ahile matlwana a 10 000 lebatoweng leo. Leano lena le thusitse batho ba ka hodimo ho ba 20 000 ho fumana mesebetsi!
Ka 2007 o ne a hape Kgau ya Women In Water, Sanitation And Forestry ka kaho ya hae ya matlwana le ntshetsopele ya tsa tlhweko. Kgau ena ya matjhaba e ne hlophiseditswe ho kgothatsa basadi ba sebeditseng ka thata ho ntlafatsa maphelo a batho ba bang.
"Ke ne ke ikutlwe jwalo ka mohlodi," ho bolela mme Mashele. "Kgau ena e ile ya nkgothatsa hore ke sebetse ka thata le ho feta ho theha mesebetsi le ho ntlafatsa maphelo a batho ba bang."
O dilemo di 41, ke mosadi wa Lekeisheneng la ha Nkowankowa haufi le Tzaneen, o amohela diphephetso.
E ne e le mosebeletsi wa setjhaba dilemo tse 14 kaofela pele a lahla ka 2005 ho ya theha kgwebo ya hae. "Ke ne ke batla ho etsa phapang," ho hlalosa yena.
Kajeno khampane ya hae e hirile batho ba 26 ba sebetsang ka ho feletseng kantorong mme o ikgetha ka ntshetsopele ya setjhaba, ho etsa dipatlisiso le ho netefatsa tsa tlhweko.
O thusa le setjhaba se neng se amohuwe mobu mehleng ya kgethollo hore se o buseletswe. O Hape o laola leano la ho thibela lefu la EITSI le ho hlophisa dikopano tsa ho hlahlella setjhaba ka mahlale, a sebetsa mmoho le mafapha a mmuso. Ho na le tlhodisano ya sekolo se hlwekileng, e tshehetswang ke khampane ya Mashele.
Meputso e a fapanang ho tloha dikhomputareng ho ya ditafoleng tsa sekolo le ditulo mme mme Mashele o re: "Maikemisetso ke ho kgothatsa barutwana ho boloka sebaka seo ba phelang ho sona se hlwekile."
O bile a fumana moputso wa a tjheke ya R12 000 a e nehwa ke Letona la Joburg mme Lindiwe Hendricks mohla la Phato 31 ngwahola, ka leano leo la hae la kaho ya matlwana.
Mme wa bana ba bararo, o re ke nnete o se a hapile kgau ka leano la hae la ho theha mesebetsi le ho aha matlwana, empa o boetse hape o kgothalletsa tlhweko le thuto ya tsa bophelo bo botle.
"O ke ke wa kgolwa ha ke o bolella hore ho na le batho ba futsanehileng ka ntle ka mona, ba so kang ba eba le matlwana hohang bophelong ba bona," ho bolela yena.
"Re tlameha ho kgothaletsa basebeletsi ba tsa bophelo bo botle ho tswa ba kena ba ruta batho ka bohlokwa ba tlhweko ya matlwana. Ho bonolo ho sebedisa matlwana mme hape ho bonolo ho a hlwekisa," ho bolela yena. "Re ba tlisetsa le metsi a ikgethang a ho hlapa matsoho."
O dumela hore kgwebong ena ya ho aha ho sa ntse ho tletse banna haholo empa mmuso o hlahisitse menyetla e metle ya ho thusa basadi hore le bona ba kene ka sekgahla.
"Nna ke ile ka sebedisa monyetla ona mme nka thabela ha basadi ba bang le bona ba ka etse jwalo!" ho bolela yena. [s]
PALE LE DITSHWANTSHO KA NEVILLE MAAKANA
Matlwana a hlwekileng
Batho ba habo rona
Makgwebo enwa ya hlwahlwa o buletse basadi ba bang menyetla kgwebong ya ho aha - mme hape o ruta le setjhaba sa habo rona sa maheng
Matlwana a matjha a mamati a mafubedi a entseng mola o motle mmileng o lepoqo wa mahaeng.
Ba holofetseng le bona ba kgotse molemo wa ho ahelwa matlwana.
