sotho.2874.legaldec
ya hao ka molao
O e tlisetswa ke ba ha BONA le Scorpion Legal Protection
SE NKILWE KE SEBONTSHI
Re netefaditse hore dikeletso tsohle tseo re di nehwang ke tse nepahetseng. Empa nnete ke hore nyewe ka nngwe e hloka ho fuputswa mme Scorpion Legal Protection (Pty) Ltd, ditho tsa BONA le baphatlalatsi ba makasine ena, ba ke ke a rwala boikarabello ba ha motho a hlotswe ke nyewe kapa a utlwisitswe bohloko ka mokgwa ofe kapa ofe hobane a ile a latela dikeletso tseo re faneng ka tsona.
BONA SESOTHO - December 2007
Romela mathata a hao ho BONA Legally Yours, Box 32083, Mobeni 4060 - mme o fumane monyetla wa ho buisana le leqwetha metsotso e 30 mahala, mohlomong dikantorong tsa ona hohle naheng ena kapa ka mohala.
Ho rarolla mathata a basebetsi mosebetsing (1)
BOTHATA: Mosebetsi wa ka ke ho rarolla mathata a basebetsi. Batshwari ba ka ba hlooho di thata mme ba batla ke nke diqeto tse thata. Nka fihlela sena jwang- Nka thabela keletso ya lona.
KELETSO YA HA SCORPION:
Ntho ya pele eo o tlamehang ho e hopola, hara tseo o tlamehang ho di etsa, re ka bala tse latelang:
O tlameha ho netefatsa hore o etsa mosebetsi wa hao ka botshepehi hape molemong wa mohiri wa hao;
Ka dinako tsohle o tlameha ho sebetsa jwalo ka mosireletsi wa basebetsi khampaneng.
Dintlha tsena di ka thatafatsa mosebetsi wa hao.
Jwale - ha re tle tabeng ya ha ho na le nyewe mosebetsing. Tabeng e jwalo, khampane e ba le dikgetho tse pedi - ho leka ho rarolla mathata kapa ho nka mehato ya kgalemo moo ho ka etsahalang mosebeletsi a lelekwe.
Pele o nka qeto, ipotse dipotso tse kang tsena:
t Na taba eo e fupuditswe ka botlalo mme ho na le bopaki bo ngotsweng fatshe-
t Na ekaba bopaki boo bo badilwe hantle ha hahlojwa diphoso tse ka bang teng ho bona-
t Na mosebeletsi ya molato o nehilwe monyetla wa ho hlalosa ketso ya hae- Faele ya hae mmoho le nalane ya hae di hlahlobilwe-
t Na ebe e kaba molemong wa khampane hore ho tswelwepele le qoso kapa ho shejwe tsela ya ho rarolla bothata boo-
t Na ho teng tshusumetso o e fumaneng ho mohiri ho ka fihlela qeto ya hao-
t Na ekaba mohiri wa hao o o phahamisetsa maikutlo hore o utlwisise qeto eo a e hlokang-
O se nke bohato bo fe kapa bo fe kapa yona qeto o sa arabe dipotso tsena. O se tshabe ho kopa keletso. Khampane e tlameha ho ba le leqwetha kapa yena mosebeletsi wa ditaba tsa basebetsi. Mo letsetse mohala mme o tla ba motlotlo ho bua le wena. Kgatisong e latelang, re tla shebana le ka moo ho leng molemo ho leka ho rarolla mathata ho ena le ho sebedisa tsela ya komiti ya kgalemo. [s]
