sotho.2870.coverstory
KB o laola kgwebo ya hae
BA MO bitsa "KB", ke motswetse wa ngwana moshemane mme o sa tswa fumana mosebetsi wa ho bapala filiming, sebini sena se ratwang sa mmino wa R&B, Keabetswe Motsilanyane o se a ho loketse ho fihlella seo a se batlang. "Ke se ke etseditse batho dimilione tsa diranta ka nako e telele. E fihlile nako jwale ya hore ke laole bophelo ba ka le kgwebo ya ka, ke iketsetse tjhelete," ho bolela yena.
O tjhentjhile le filiming e ntjha eo a e bapalang ho etv ya Rhythm City, moo e leng sehlola sa mosadi, Lucilla.
"Ke rata Lucilla," ho bolela yena a kgatholohile ha monate dikantorong tsa etv, a le motle, ka moriri wa hae o monyenyane. Hoseng ka 9 ho ne ho bata haholo empa KB o ne a se a lebeletse ho tla buisana le BONA ka merero ya hae e metjha.
"Lucilla ke mosadi ya mekgwa e mebe, ya phelang ka ho qhekella ba bang hore a fihlelle maemo a hodimo kgwebong ya ho hatisa mane Joburg.
"Lucilla ha a bine selelekeleng sa Rhythm City - o lelekisana le monnamoholo wa morui, monga kgwebo ya ho hatisa. O tseba hantle hore ke mang ya nang le matla a ho etsa dintho kgwebong ena ha a ikgathatse ka mmino o tswang pele ho Top 40 hape o batla ho laola dibini tse ding."
Mosebetsi
Naledi ena ya mehleng ya Backstage e tseba sohle ka bophelo boo mme o ne a bone hantle ha le wa hae mosebetsi o atleha mme o etsetsa bahlahise ditjhelete. "Empa 2007 ke ya ka." Ha ho bolele hore ngwahola ho ne ho le hobe. Ka 2006 e ne e be motswetse wa Phala.
"Ke ne ke qeta ho tswa ho Backstage ke ilo qala Mtunzini.com," ho hlalosa yena. "Ke ne ke qakehile haholo ke lenaneo leo hape ke bina le meketeng leha nna le molekane wa ka Terry, re ne re batla ho qala lelapa empa ke ne ke so tatele ho ba le ngwana.
"Ka bona diaparo di se di sa ntekane, ka ba ka tlameha ho tjhentjha leeto la ho ya Nigeria hobane ke ne ke sa tlo kgona ho fofa. Ke ne ke sa hlokomele ka moo ho ba mme ho ka ntlafatsang mosebetsi wa ka ka teng," ho bolela yena.
"Ke rata ho dula le Phala. Dibini tse ngata ha di batle ho sebetsa ka thata, re emela bahlahise ba mmino ho re hlophisetsa dintho. Nna ke a iketsetsa jwale, ke batla ho fihlela ditoro tsa ka!"
Moriri
O qadile ho sebetsa ka mora
dibeke tse pedi e le motswetse.
A fumana mosebetsi ho Aladdin Joburg, a bapala karolo ya "KB," kgosatsana ya mmino.
"Mmele o theohile hang ha ke qala
ho itlhophisetsa mmino. Ho bina sebayeng, ke boikwetliso
bo feletseng," o boletse
jwalo a tsheha.
O ne a ikemiseditse ho ya sebetsa ho Mtunzini.com le ho hlahisa albamo e ntjha nakong eo a tjhentjhang tjhebeho ya hae ka ho kuta moriri le ho ntshetsapele senyanyatsi sa Charlie. Empa tsohle tsa tjhentjha ha a fumana karolo ya Lucilla, eo e leng mokgelo hole le sohle seo a kile a hlahella a le sona ho TV.
"Ho na le KB ya motjha jwale mme ke batla bohle ba e tsebe eo taba!" ho bolela yena.
Diphetoho tsena di tla bonahala le mminong wa hae. "Ke ne ke le e mong wa dibini tse tharo - Lebo, TK le KB," ho bolela yena. "Re ne re le metswalle mme ke ba hlolohelwa haholo jwale ka ha ba iketse badimong tjena. Re ne re batla ho beha Afrika Bokwa mmapeng wa lefatshe. Tseo tsohle di setse le nna jwale."
Ntshetsopele
O batla ho fetela le ho Afro-pop ho ya ho Latin, ka tshusumetso ya sebini sa Nigerian, Gbenga. "Mmino wa rona o tsebisahala haholo ka lebaka la ho hlahella le ho MTV le ho etelwa ke dinaledi tse ding."
Sebini sa rap sa Amerika, Eve le mookamedi wa hae, ba rata mmino wa KB mme ba mo kgothalletsa ho ya ntshetsapele albamo ya hae Hollywood.
"Nka thabela ho sebeletsa TV ke le lapeng - ke sebedise bokgoni bohle ba ka ba ho bina le ho tjeka boo ke ithutileng bona dilemong tsena tse robedi tse fetileng.
"Ke se ke le malala-a-laotswe." [s]
BONA SESOTHO - August 2007
Ke nako ya ka ya
ho etsa tjhelete!
O dilemo di 28, o fumane mosebetsi o motjha ho TV, Keabetswe Motsilanyane o se a bo lokeletse bonaledi...
pale ka DOUG GORDON
setshwantsho ka: PHILIP SCHEDLER
setaele: MARINA WALSH
mokgabiso wa sefahleho: BONGI MLOTSHWA
mohokahanyi: JOZIA LOREK
Setshwantsho sa kantle: top: YDE; sefaha: Attitude
"Ke sebetsa ka thata ho fihlela ditoro tsa ka," ho bolela KB.
Sekete se setala le sekhafo: Mosewamosa; top e mmala wa kgauta: YDE; dieta: Europa Art
BONA SESOTHO - August 2007
