sotho.2869.hair
Ditaele tse bonolo
OKA BA le setaele se le seng sa moriri bakeng sa mekete yohle! Ka dinako tsohle o dule o shebahala ekare o phethile letsatsi lohle o itokisa seiponeng. Mokgwa o bonolo ke wa ho kgetha setaele se tla dumela ho kameha ka mekgwa e mengata e fapaneng.
Ho bonolo ho etsa jwalo ha o ena le moriri o motle o teteaneng, o phetseng hantle, o bileng o otlollotsweng hantle - kapa mohlomong jwalo ka sebontshi sa rona, o ka kenya extention ya human hair ya boleng bakeng sa diphomolo tsena tsa Keresemese.
1. Bohato ba pele
Moriri ke mohlodi wa botle ba mosadi, o pakwa ka ona meketeng yohle. O ka nna wa kenya o harahaneng kapa o sebedise mousse ho etsa setaele se ikgethang. Leka dietswa tse fapaneng bakeng sa mefuta ya tjhebeho - mousse o ka etsa o be boreletsana le moisturising mousse e etse o be bonolo.
O ka ithekela flat-iron bakeng sa tjhebeho e kang ya Naomi Campbell. Hape o seta moriri o moholo, o be motle, hore ba fetohe le wena moketjaneng, o ka seta moriri o sa le metsi ka dirolara o ntano o kama hantle kapa o kenye tsona di-extensions.
2. Menyetla
O ka tjhentjha setaele sa motheo ka ho kamela moriri ka pele. Kopa molokise wa hao wa moriri ho o thusa empa a se o kute hore o be mokgutshwane haholo ka pele. O fihlelle ka hodima dintshi hore o tle o boele o tjhentjhe setaele ka nako e tlang.
3. Mohla mokete wa mabenyane
Bakeng sa tjhebeho ya moketeng wa mabenyane, o ka o kamela ka mahlong, ka morao o o tlame, botle bo bokaalo! O otlolohe hantle ka pele, o tlame ka morao. O tlohele o lepelle mahlakoreng. Fafatsa holding spray hore o se fefohe, o tla ba pabala!
4. Wa meketjana
Tlama moriri ha o batla ho hlahisa molala. Ho eketsa tjhebeho moketjaneng, o tlame o siye o mong o lepelletse lehlakoreng.
Pale: Faith Seuoe
Ditshwantsho: Ivan Naude
Moriri/mokgabiso wa sefahleho: Khosi Mthembu
Sebontshi: Nancy, G3
Eba pabala Keresemeseng ena ka moloho o dumelang ho tjhentjhwa nako le nako ha o batla, oo hape o hlokomelehang
ka bonolo.
MORIRI
4 dikeletso tsa ho boloka moloho o le motle lehlabula
Ha le wena o rata ho loha lehlabula, ela dikeletso tsena tsa SoftSheen Carson hloko hobane di tla boloka moloho wa hao o hlwekile, o le motle mme le moriri o se fothohe...
Se tiise haholo ha o tlama: seo se ka fothola moriri, haholoholo ka pele.
Hlokomela moriri le letlalo la hlooho: tlotsa moloho le moriri ka setlolo sa mongobo letsatsi le letsatsi o ntano o fafatsa ka senyanyatsi sa di-braids hore o hole hantle. Ka mora matsatsinyana bekeng, sidila hlooho hantle o etse bonnete ba hore letlalo le tlotseha ka tshwanelo.
Eba le moriri o motle o foreshe: eya ho molokise wa hao wa moriri dibekeng tse ding le tse ding tse tharo, hore a ntjhafatse moloho wa hao.
Ela hloko ha o qhaqha: qala ka ho tlotsa moriri ka oil moisturiser hore o se fothohe ka matla.
- Patricia McCracken
