sotho.2867.easter
Ya papatso
Robala ha monate
Utulla lekunutu la boroko bo monate ha o intshitse
MANYALO, dikopano tsa kereke, meketjana kapa baeti ba fihlang ba sa lebellwa, ba dule o be o makale...Diphomolo tsa Paseka di se di fihlile - ntlo ya hao e tla tlala baeti.
Motsheare o tla kgona ho ithabisa lewatle, dipakeng kapa mabenkeleng a maholo. Empa ha shwalane e tshwara, bohle ba qala ho edimola, o qala ho nahana ka thata hore ba tla robala kae, jwang"
Hape ha o batle ho iphoqa ka ho kopa baeti hore ba nno tla le dikobo tsa ho robala. Na o tla dula moo o kgathatsehile" Kapa o tla kgathatseha mariha kaofela o ntse o nahana ka moo o ka futhumetsang ba lelapa la hao ka teng"
Bakeng sa ho hlobaela, hlophisa maemo a hao a ditjhelete hantle mme o etele lekala le leng la rona la ha PEP o bone dilakane tse ntle, mealo e meng le dikobo. O lefa tjhelete letsohong kapa o beheletse.
Mofuta ofe kapa ofe o tla o kgetha empa o tla robala ha monate, re leboha ha o tla phema ho lefa phaello e ekeditsweng ka ho reka ka mokitlane...
Oroha le tsona mme o be motlotlo! [s]
BONA SESOTHO - April 2006
diresepe le setaele ka GEMINI FOOD PROMOTIONS
ditshwantsho ka KIM THUNDER
Chocolate Easter Treats
O tla hloka:
chocolate Easter moulds (di a fumaneha mabenkeleng a mangata a dintho tsa ketjheneng le tsa ho baka)
cooking chocolate (e tshweu le lebese)
sefetolammala se phofo se mmala o mosehla
maborashe
Mokgwa
1. Netefatsa hore di-moulds di hlwekile di bile di omme. Qala ka ho qhibidihisa tjhokoleiti paneng. Tlotsa bokahare ba mould ka sefetolammala. E tlohele e ome metsotso e 10. (e tla phakisa ho oma haeba o e kenya sehatsetsing.)
2. Qhibidihisa lebejana la tjhokoleiti). Le tshele ho mould, lehlakore ka leng o le tlatse bonyane ka 1/3. Beha dihalofo tsena mmoho mme o di kopanye ka lephekese. Fetola mould ho netefatsa hore tjhokoleiti e anela kaofela. (O nne o fetofetole ho fihlela e oma kapa e seta
3. Ha e se e omme, e ntshe hantle ho mould.
Keletso: Ho ba qalang ho bobebe ho etsa di-suckers le tjhokoleiti e se nang mokoti.
Ditjeho: R10
E ka tsa mahe a lekaneng a 4-6
Crackle Eggs
O tla hloka:
mahe a bedisitsweng
sefetolammala
Mokgwa
1. Pshatla lehe. (O se le ebole.)
2. A tshele sejaneng se nang le metsi a nang le sefetolammala hanyane. O tlohele metsotsonyana.
3. A pudutse ka metsi. A ebole.
Ditjeho: 80c lehe ka leng
Elastic Eggs
O tla hloka:
mahe a bedisitsweng (dikgaketla tsena tse tshweu di sebetsa betere)
direkere tsa ho tlama
sefetolammala
Mokgwa
1. Tlama direkere tsena leheng hore di nke sebopeho.
2. Inela mahe ho sefetolammala metsotsonyana. A pudutse o a omise. Tlosa direkere.
Ditjeho: 85c lehe ka leng
Bunny Biscuits
Disebediswa
1/2 kopi (125ml) margarine
1 kopi (250ml) caster sugar
1 kgabana (5ml) vanilla essence
1 lehe
2 dikgabana (10ml) lebese
1 1/2 dikopi (375ml) self-raising flour
1 kopi (250ml) cake flour
Mokgwa
1. Dubella margarine, tswekere le vanilla essence sejaneng. Tshela lehe le lebese. Dubella fulourung. E dube. E kenye sehatsetsing metsotso e 30.
2. E pitikise lepolankeng le fafaditsweng folouru mme o e sehe dibopeho tse kang tsa bunny.
3. Baka mofuthung wa 180oC metsotso e 10-15. E fodise pele o e tlosa tereing.
4. Kgabisa di-bunnies ka kgaba (15ml) tshela lebejana sosareng. Tshela sefetolammala ho fihlela e ba mmala o o batlang. (O ka sebedisa mebala eo o e ratang.) Kgabisa.
O ka etsa tse 10-15
Ditjeho: R14,67
Easy Crayon Eggs
O tla hloka:
mahe a bedisitsweng (dikgaketla di sebetsa betere)
di-crayons dipene tsa ho kgabisa
difetolammala
Mokgwa
1. Ere bana ba kgabise mahe ba se tiise hobane a ka pshatleha.
2. Kenya mahe metsing a nang le sefetolammala metsotso e ka bang 10-15. A ntshe, a omise hantle.
Ditjeho: 80c lehe ka leng
Paseka ke nako ya dimomonane ka lapeng, haholoholo mahe le kuku. A ko thabise bana ba hao ka ho ba bakela diresepe tse latelang
DIMOMONANE TSA PASEKA
Easter Cake.
BONA SESOTHO - April 2006
Easter Cake
Disebediswa
1/2 kopi (125ml) margarine e bonolo
1 kopi (250ml) caster sugar
4 methwebe ya mahe
4/5 kopi (200ml) mafi
1 1/2 dikopi (375ml) self-raising flour, e sefilweng
1 kgabana (5ml) baking powder
1 pakana (250ml) lebejana le fehlilweng (ha o rata)
Mokgwa
1. Dubella mmoho margarine, tswekere lehe le lebejana ho fihlela di kopana sejaneng.
2. Tshela mafi, folouru le baking powder. Kopanya.
Tshela ho cake kapa ring tin ya boholo ba 20cm.
3. Baka ontong e mofuthung wa 180oC metsotso e 50.
4. Ha di se di fodile, kgabisa ka lebejana le mahe a nang le tjhokoleiti.
Ditjeho: R18,50 [s]
