sotho.2866.gogo
BONA SESOTHO - July 2007
NKGONO Sophie Masinge (74), wa Mafarana haufi le Tzaneen, lebatoweng la Limpopo o dula le morahae le ngwetsi mmoho le ditloholo tse hlano. Ha ho ntho eo a e ratang jwalo ka bolo.
Ha re bue ka ho thoholetsa dibapadi, ke yena ya bapalang. O na le bokgoni bo botle hona hoo batho ba motseng wa habo ba mo bitsang "Jomo Sono."
Mme Masinge ke e mong wa basadibaholo ba 30 bao e sa leng ba qala ho bapala bolo ka 2005 motseng oo. Ba kopana hang ka beke ho tla ikwetlisa lebaleng leo la bona le kubellang marole. Le rona re ne re ba etetse hona teng.
Ha BONA e fihla moo, mokwetlise Sam Rikhotso, o ne a ba beha ka mananeo. O ba arola dihlopha tse pedi hore ba qothisane lehlokwa.
E ne e le hoseng haholo empa batshehetsi ba ne ba tlile ka bongata. Bongata ba bona ke basadibaholo ba bang mmoho le ditloholo tsa bona.
Ba tsheha ba qethohe, ha ba shebelletse bonkgonwabona ba raha ka nako e nngwe ba bile ba fosa bolo. Ba bapala ba sa rwala dieta mme ka nako e nngwe ba wa ba be ba pitike. Ntho ya bohlokwa ho bona - ke lerato la papadi. Tsatsing leo, ba ne ba qetele ba bapetse ka ho lekana ka 2-2.
"Ha re ne re phatlalatsa ho qala ha papadi ya bolo ya maoto ya maqheku, batho ba ne ba re tshehe ba re re qala ho hlanya jwale," ho bolela Rikhotso ka mora boikwetliso.
"Bolo ya maoto ya maqheku" mane Limpopo ke leano le thehilweng ka lefapha tla tsa bophelo bo botle le la tsa kahisano, ke karolo ya "Move For Your Health" (Itshisinye, o Phele).
Bophelo bo botle
Leano lena le kgothatsa batho haholoholo bomme hore ba ikwetlise ka ho bapala bolo hore ba dule ba bolokehile ba bile ba kwenne.
Ho ya ka dipatlisiso, bolo ya maoto jwalo ka dipapadi tse ding tseo ho tsona ho mathwang, ho tlolwe, di ntle bakeng sa ho matlafatsa masapo le mesifa. Ke nnete, bonkgono ba motseng wa Mafarana ba bapalang bolo kgafetsa ba beilwe leihlo le ntjhotjho ke tliliniki ya sebakeng seo mme e motlotlo ho bolela hore bongata ba bona, ba phetse hantle.
Elisa Mhlarhi (60), ba mo bitsa "Jabu Pule Mahlangu", le yena jwalo ka sebapadi seo sa Orlando Pirates, o a potlaka ha a tshwere bolo, o a thella, a tswedipane.
"Monnaka le bana mohla ba neng ba qala ho utlwa lebitso leo ba ne ba tshehe haholo," ho bolela yena.
Mhlarhi o ne a ena le kgatello e hodimo ya madi, a bile a enwa dipidisi empa o laetswe ho di tlohela jwale ka mora hore baoki ba hlokomele hore e theohile hantle.
"Ke qala ho ikutlwa ke phetse hantle hakana bophelo ba ka," ho boletse yena. "Ho bua nnete, ke ne ke ikutlwa tjena dilemong tse 20 tse fetileng!"
O re jwale o boetse hape o natefelwa ke ho etsa mesebetsi ya lepala jwalo ka ho rwalla, ho pheha le ho ya sedibeng.
Ho fufulelwa
Munene Mushwana (76) ke yena ya moholo sehlopheng sena. O se a lahlile le lere la hae. "Ekare ke a lora. Ke se ke tseba ho itsamaela ke lo amohela pei ke be ke kgutle ke sa fufulelwa," ho bolela yena.
Jwalo ka metseng e meng ya mahaeng a Limpopo, le ho ona wa Mafarana bongata ba batho ha bo sebetse, ba phela ka tjhelete ya pei.
Agnes Mushwana yena o lehlohonolo, ke mme wa bana ba bane, o sa tswa fumana mosebetsi wa ho bokella ditholwana ka mora hore a pase diteko tsa ho kwena ha mmele.
"Bolo e tjhentjhile bophelo ba ka. Pele ke qala ho e bapala, ke ne ke hlola ke feitse diteko tsena. Ke motlotlo kajeno hobane ke a sebetsa," ho bolela yena.
Lekhanselara la sebaka seo Peter Mushwana o re setjhaba seo kaofela se tshehetsa bolo eo ya maqheku. "Re motlotlo haholo ka bona. Ba behile motse wa habo rona mmapeng wa lefatshe," ho bolela yena.
Ka nako eo re neng re hatisa pale ena, bonkgono ba ne ba itlhophisetsa ho etela Thohoyandou, bohole ba dikilomitara tse 200. Sehlopha sa maqheku sa moo se ba memme hore ba lo qothisana lehlokwa ka bolo.
Bongata ba bonkgono bana ba tla be ba qala ho etela kantle ho motse ona wa habo bona, oo ba holetseng ho ona. "Seo re se elang moo feela ke ho ya ba hlola, ebe ke phetho," ho bolela Samaria Mahlo ya dilemo di 44.[s]
NewsFirst
Mosadimoholo wa mohlabadintlha bolong ya maoto, o bontsha hantle hore dilemo ha di bolele letho ka lebaleng la tsa dipapadi...
Ba tswedipana ka bolo!
pale le ditshwantsho ka NEVILLE MAAKANA/NEWS FIRST
HODIMO HO LE LETSHEHADI: Ba temeng jwale bonkgono, ha ba bapale, ba a bapala.
Ebe ba ke ke ba re thusa ho Bafana Bafana"
Ba kopana hang ka beke ho tla leotsa bokgoni ba bona ba bolo.
BONA SESOTHO - July 2007
