sotho.2865.towtrucks (2)
BONA - August 2005
Hlokomela dikoloi tsena tse hulang tse robehileng!
O KA THOKO ho mmila, leha o sa lemala, empa o a thothomela ke letswalo. Ka thoko ho wena, ke basebeletsi ba dikoloi tsa bakudi ba leka ho alafa bana ba hao. Koloi yona e hakeile lesenkeng le ka thoko ho mmila. Dikoloi tse hlano tsena tse hulang tse robehileng di fihlile le pele ho fihla mapolesa le ba thuso ya pele...
Wa pele ho bona o se a o boleletse hore yena o ke ke wa lefa letho ha a ka o hulela koloi ya hao ho ya moo e tlang ho lokisetswa teng hobane yena o na le tumellano le khamphane ya hao ya inshorense.
Ka le hlahlamang ha bana ba hao ba se ba tswile sepetlele, a qala mathata - o leka ho fumana moo koloi ya hao e leng teng.
O letsetsa dikhampane tsohle tsa dikoloi tse hulang tse robehileng mme o e fumana ka mora dibeke tse tharo.
Ha o fihla scrapyard moo ba e lahletseng teng, o fihla o bolellwa hore ho e hula ke R1 850, ho e boloka ke R120 ka letsatsi mme ditjeho tsohle di finyella ho R4 370.
Khampane ya hao ya inshorense yona e o bolella hore yona e na le tumellano le dikhamphane tse ngata tsena tse hulang dikoloi tse robehileng mme tumellano ya bona le tsona ke ya ho ba lefa R1 200 ka koloi ka nngwe eo ba e hutseng, ka hoo bona ba tla lefa tjhelete eo feela.
Motswalle elwa ya neng a bua ha monate mane mmileng, o se a o bolella hore koloi ena ya hao o tla e boloka ho fihlela o mo lefa, o sa lebale hore letsatsi le letsatsi ho bitsa R120 ho e boloka moo.
ENA ke ntho e etsahalang kamehla mona Afrika Borwa esitana le lefatsheng ka bophara. "Batho bao ke ba llelang haholo ke beng ba dikoloi tseo boleng ba theko ya tsona bo seng bo le tlase," ho rialo Brian Bonandrini, modulasetulo wa South African Towing and Recovery Association (SATRA) wa sebaka sa Durban Highway.
"Dinokwane tsena ha di ba bolelle hore ditjeho tsa mosebetsi e tla ba bokae mme batho ba bangata ba qetella ba lahlehetswe ke dikoloi tsa bona hobane ba sa kgone ho di lefella.
"Ho a etsahala hore ba bitse ho fihlela ho R200 ka letsatsi ho boloka koloi mme monga koloi a qetelle a rekiseditse scrapyard koloi."
SATRA e leka ka ditsela tsohle ho hlwekisa indasteri ena, empa he hobane ha ho molao o qobellang beng ba dikoloi tsena ho kena mokgatlong wa rona, ho boima ho laola batho bana.
Mathwasong a selemo sena, ho sa tswa tshwarwa monna e mong ya neng a thuba diroboto mane Roodepoort mme ho bolelwa ha a ne a hirilwe ke e mong wa beng ba dikoloi tsena tse hulang tse robehileng ho etsetsa hore dikoloi di thulane mme yena a fumane mosebetsi.
Dinokwane tsena di sebedisa le tse ding dinokwane tsa mapolesa tseo tsona di kgothaletsang hore batho ba sebedise dikoloi tse itseng tseo e leng tsa metswalle ya bona bakeng sa ho hula dikoloi ha ho hlahile kotsi. Ba bang ba sebetsa ka molao o reng hang feela ha ba ka e haka koloi ya hao, ba se ba tlameha ho e hula mme wena koloi ya hao o ke ke wa e fumana pele o lefa tjhelete eo ba e batlang.
"Ha ho mang ya tlamehang ho o bolella hore ke mang ya tla o hulela koloi ya hao," ho rialo Advocate Don Smart, sengodi sa Guide To Motor Law (SA).
"Ke wena ya tlamehang ho ikgethela ya ka hulang koloi ya hao. Haeba e kwetse tsela, ke lepolesa le ka kopang koloi eo hore e suthise koloi eo ya hao tseleng.
"Pele ya tla hula koloi a ka e hula, le tlameha ho etsa lenaneo le ngotsweng fatshe ka ditjeho tsa seo.
"Ha o na le inshorense, tseba hore na e sebedisana le khampane efe, netefatsa hore dintlha tsa khampane eo di dutse di le teng koloing. Se kgolwe motho ya o bolellang hore ditjeho tsohle di tla lefuwa ke inshorense kaofela."
BONANDRINI le yena o dumellana le nna. "Ho bohlokwa hore o tsebe hore na koloi ya hao ba e hulela kae."
"Haeba koloi ya ka e hloka ho hulwa, nka re ba e hulele lapeng kapa leha e le kae feela sebakeng se bolokehileng, empa pele ho moo nka batla tumellano e ngotsweng fatshe ka ditjeho tsa mosebetsi oo.
"Kamehla ka dinako tsa phomolo, ke tlwaetse ho fumana mehala e mengata ya beng ba dikoloi tse neng di le kotsing ba botsa hore na dikoloi tsa bona ha di yo jareteng ya ka na."
Bonandrini o bolela hore koloi e tlameha ho hulwa ka tjhelete e ka bang R250 ho ya ho R300 sebakeng sa 20km mona Thekong, empa ho a makatsa hobane bana ba hulang dikoloi ba bitsa tjhelete e phetilweng hararo kapa hane ho ena le eo mme ho be hobe haholo haeba koloi e tlameha ho laitswa loring.
Automobile Association Of South Africa e na le lananeo la ho hula dikoloi mahala dikhampaneng tseo e sebedisanang le tsona.
"Ba bang ba tlwaetse ho bua leshano ba bolele ha ba sebedisana le AA, ka hoo o tlameha ho ba sedi," ho rialo Don Smart.
Dikhampane tsa di-inshorense esitana le bona ba ha AA ba ba le ditlankana tse manamiswang difenstereng tsa dikoloi tse bontshang hore ha ho mang ya tlamehang ho hula koloi eo ntle le tumello ya khampane eo. Manamisa setlankana seo moo se ke keng sa tloha ha bobebe leha koloi ya hao e hlahelwa ke kotsi.
Ikopanye le ba ha AA, inshorense ya hao kapa SATRA ka mabitso a dikhampane tse tshepahetseng ho huleng dikoloi.
Etsang tumellano e ngotsweng fatshe ka ditjeho le sebaka seo koloi e tlang ho hulelwa ho sona.[s]
BONA SESOTHO - January 2006
Ka mora kotsi, kelello e a phatsamiseha hanyane, leha ho le jwalo hlokomela haeba koloi ya hao e tlameha ho hulwa ke dikoloi tsena tse hulang dikoloi tse robehileng...
Kotsi e tshabehang mebileng ya rona!
Netefatsa hore le etsa tumellano e ngotsweng fatshe pele koloi ya hao e ka hulwa
BONA SESOTHO - January 2006
pale le ditshwantsho ka GAVIN FOSTER
