sotho.1179.boss
pale ka GRACE KHUZWAYO
Itshebetse
Iketsetse phaello
PINKY BALOYI, o na le lebaka le utlwahalang la ho ba motlotlo. O dilemo di 21 feela, empa o se a na le Internet café e maphathephathe. E nngwe ntho e nyolotseng kgwebo ya hae haholo, ke ho hapa ha hae tlhodisano.
Londz Internet Café e mane Diepkloof, Soweto. Batho ba sebakeng seo, ba subuhlellana moo ka bongata jwalo ka ha a ba atameleditse tshebeletso eo ya bohlokwa.
Ba sebedisa dikhomputara ho romela di-CV tsa bona, bang ba e sebedisetsa ho sheba di-e-mail, ha ba bang bona ba itjhebela dintlha ho yona.
Pinky hape o boela a be le tshebeletso ya ho hatisa, scanning, ho romela fekese esitana le ho tlanya.
O ne a fihlelwe ke mohopolo wa kgwebo ya mofuta ona nakong eo a neng a tlameha ho leba toropong ho ya romela email.
"Ke nahana hore ha se nna feela ya tlamaheng ho tsamaela ho ya etsa ntho e nkang metsotswawa feela ho ya toropong," ho hlalosa yena.
"Ke ne ke sa sebetse nakong eo mme ka bona ona e le monyetla oo ke neng ke sa tlameha ho o tlohela. Ke ne ke na le khomputara e le nngwe ya kgale eo ke neng ke e fumane ke sa kena sekolo mme ke ne ke behe sente hodima e nngwe ho fihlela ke kgona ho reka e nngwe le printer ya teng."
Dikgweding tse pedi feela Pinky a butse kgwebo ya hae, o ne a kenele tlhodisano ya ha MWeb.
Moputso e ne e le ho sebedisa Wimax - mokgwa o motjha wa Internet o sebetsang ntle ho dithapo. Mokgwa ona o ne o le molemo haholo hobane o ne o mo dumella hore a sebedise sebaka se seholo.
Pele ho moo, Pinky o ne a sebedisa tsela e tlwaelehileng ya dial-up, e leng tsela e bitsang le e diehang haholo. Tsela ena e ntjha e ntlafetse haholo, e etsa phaello e ngata ka lebaka la ho potlaka ha yona.
HA O QALA
O tlameha ho tseba ho sebedisa khomputara. O tlameha ho ba le tsebo ya tsona hore o tle o kgone ho bona ha ho le teng e tlameha ho lokiswa.
Etsa dipatlisiso ka Internete kapa o ke o etele dibaka tse ngata tse hokahanyang Internet (service providers) o bone mefutafuta eo ba nang le yona.
Na tlhokeho e teng? Ekaba batho ba sebakeng sa heno ba a e hloka tshebeletso ya mofuta ona? A na ho teng motho ya seng a na le kgwebo ya mofuta oo?
O ka qala bonyane ka dikhomputara tse pedi. Di tlameha ho ba ntjha, ntle le haeba e le tsa moetso o pele.
Lesekene le betere le bitsa tjhelete e ka bang R2 000, ha e ntjha yona e bitsa tjhelete e pakeng tsa R4 000 le R5 000.
Printer yona ha ho kgothaletswe hore o reke ya lesekene - e ntjha e bitsa pakeng tsa R500 le R2 000, ho ya ka mofuta wa yona.
O tlameha ho fana le ka tshebeletso ya fekese. O ka nna wa e etsa ka yona khomputara kapa wa reka motjhine wa fekese (mofuta o tlwaelehileng o bitsa tjhelete e yang ho R2 000.
Scanner le sona o tlameha ho ba le sona hore tshebeletso ya hao e fella. Di bitsa ho tloha ho R500 ho ya hodimo.
O sebeletse sebakeng se finyellehang ha bobebe ke batho mme se hlweke ka dinako tsohle.
Itsebahatse ka ho bapatsa dibakeng tse kang tsa setjhaba, mabenkeleng a maholo esitana le dilaeboraring. Haeba ho na le koranta ya setjhaba ka heno, ho molemo ho bapatsa ho yona.
Dikgwebo tse ding tse fanang ka tshebeletso ya Internet di rekisa le dijonyana tse bobebe jwalo ka tee, kofi, di-muffin kapa dikuku - le wena ho ka ba molemo ha o ka ba le tsona.
PHAELLO
Ho ya ka hore ditjeho tsa hao di kae, re bua ka tse kang rente le motlakase. Ha ditjeho di le tlase, phaello e tla ba hodimo, athe ho molemo haholo ho ba le ditshebeletso tse ngata. Ha jwale, Pinky o bitsa R5 metsotso e 15 ho Internet, ho tloha ho R3,50 ho romela fekese athe ho sebedisa scanner ho bitse pakeng tsa R5,00 le R7,50 leqephe ka leng.
DITHUTO
Di ngata dikolo tse fanang ka dithuto tsa khomputara. Netefatsa hore o ya ho se tsebisahalang.
Pinky ha jwale o ithuta dithuto tsa tegniki ho dikhomputara INTEC.
O ka nna wa ba etela ho www.intec.edu.za ho ka fumana ka dithuto tsa mofuta ona kapa o ba letsetse ho 0800-012-311. [s]
Ho bobebe ho feta ka moo o nahanang ka teng ho iphedisa ka Internet...
3RD PAGE O/FLOW HEAD (IF NECESSARY):
