sotho.2855.yourstyle_teen_2
FESHENE YA BATJHA
Khanyi Mbau
1. Phahlo e bitsang ho feta diaparong tsa ka...
Mose wa ka wa Louis Vuitton. Ke ne ke o reke ka R250 000, ha Soho mane New York. O na le mabanta a kgauta.
2. Ke tlwaetse ho reka...
Leha e le kae moo ho nang le diaparo tseo ke di ratang. Empa hangata ke atisa ho reka ha Robot le mabenkeleng a rekisang diaparo tse sa fumanehileng ha bobebe jwalo ka Reminisce mane Melville.
3. Ke phuthuloha ha ke apere...
Thaethe, marikgwe a bobebe le dikipa. Ha ke di rate di-jean - ke e ke utlwe di le boima, di tjhesa ha ho tjhesa mme ha ho bata, di a bata.
4. Mariheng ana ke tla apara...
Dibutshi le baki ya ka e sootho. Ke na le dibaki tse mmalwa tse boya tseo ke di ratang.
5. O ke se mpone ke apere...
Sekete se dipoliti - nke ke ka se nka leha nka se fuwa.
6. Nke se tsamaye lapeng ke sa...
Tshwara mokotla wa ka hobane o tshwere bophelo ba ka. Hobane ke mme ya lerato, ke sebedisa mokotla o moholo hore ke tshwara maleiri le diaparo tsa moradinyana wa ka le tse ding tsa bohlokwa.
7. Mohlala wa ka fesheneng ke...
Victoria Beckham!
8. Ke rata...
Mmala o mopinki bo botle.
9. Feshene e bolelang ho nna...
E bolela ntho eo ke e ratang, e ntshwanelang. Empa ke ntse ke kgona ho hlaha le ya ka feshene ya Mzansi.
10. O etsa jwang ha ho na le ngwanana ya apereng jwalo ka wena moketjaneng...
Ke a tjhentjha, ke dutse ke na le tse ding diaparo koloing. [s]
Setaele: Thato-ya-Ona Lerefolo
Ditshwantsho: Peter Whitfield
Mofumahadi enwa wa feshene o re qoqela ka feshene ya hae
