sotho.2850.parenting
botswadi
Matlafatsa mmele
BONA SESOTHO - July 2007
BOIMANA bo ka nna ba eba boima haholoholo ha o sebetsa ka ho feletseng. Ha o ikutlwa o kgathetse ka dinako tsohle, di ngata dintho tse ka o thusang hore o dule o matlafetse. Dikgweding tse tharo tsa pele, mmele wa hao o sebetsa ka thata ho amohela lesea ka mpeng. Hona ho ka etsa hore o dule o kgathetse. Dikgweding tse tharo tsa ho qetela teng lesea le ebe le se le hodile mme mmele o dula o hloka matla a ekeditsweng hore o tsebe ho tswelapele le letsatsi.
Diphetoho tse mmalwa bophelong ba hao di ka etsa phapang e kgolo ho matlafatsa mmele...
n Ikwetlise
Ho otlolla maoto ka ho tsamaya ho ka hlabolla mmele. Boimaneng, phema ho imelwa haholoholo ha o ne o bile o sa phela hantle le pele o nka mpa.
Ho tsamaya ho thusa haholo phallong ya madi hape o hema le moya o foreshe. Boikwetlisong mmele o ntsha endorphines - hormones tse thusang ho theola kgatello.
n Robala hantle
Ha o sa robale hantle bosiu, o tla tsoha o kgathetse. Ho robala dihora tse robedi bosiu bo bong le bo bong ho ka o thusa hore o kgatholohe, mme le kelello ya hao e ntjhafale. Phakisa ho kena dikobong, haholo ha o ena le mathata a ho hlobaela.
n Ithute ho hema hantle
Iphe nako ya ho shebisisa ka moo o hemang ka teng. Ha o sebetsa o dutse, iphe nako ya ho ya hlaphola hlooho kgafetsa ka ho ya otlwa ke moya kantle mme o hemele hodimo.
n Iphe nako ya phomolo
Se sebetse tlolo ya molao. Hlonepha ditaelo tsa ngaka hantle ha e re o iphe nako ya phomolo. Beha maoto hodima mosamo mme o paqame hanyenyane. Kopa ba lelapa ho o thusa ka mesebetsinyana e meng ya ka tlung.
n Dijo tse matlafatsang
Dijo di bohlokwa haholo bakeng sa ho matlafatsa mmele. Carbohydrates e matlafatsa mmele. Ho na le mefuta e meng ya yona e matlafatsang mmele ka pele athe e meng yona e nka butle.
Carbohydrates e fumanehang dijong tse se nang phepo jwalo ka dipompong le ditjhips di matlafatsa mmele ka pele empa ha o matlafale nako e telele.
Bakeng sa matla a letsatsi lohle, o hloka dijo tse matlafatsang butlebutle jwalo ka meroho, dijo tse dithollo, lentils le ditholwana.
Eja dijo tse nyenyane kgafetsa mmoho le diseneke tse nang le phepo. Enwa metsi a mangata hore mmele o se fellwe ke metsi hobane o ka nna wa ba le mathata a kenyeletsang le ho hlobaela boroko mme o tsohe o kgathatse ka le hlahlamang.
O ya ngakeng neng
Mokgathala ke ntho e tlwaelehileng boimaneng empa ditsebi di kgothatsa ho bonana le ngaka ha mokgathala o se o le matla hoo o sa kgoneng ho sebetsa hohang. Ho ka nna ha etsahala hore ebe o na le mathata a kang a phokolo ya madi, a bakelwang ke ho se be le iron e lekaneng mading.
Hape o tlameha ho buisana le ngaka pele o nwa moriana wa mofuta ofe kapa ofe.
O imme, o dutse o kgathetse" Ke ena mekgwa e ka o thusang hore o dule o matlafetse mme o thabela boimana ba hao
Ya bomme le bontate...
Le tlosa leoto
JWALOKAHA lesea la hao le hola mmeleng, le tla leka ho etsa dintho tse ngata.
Masea a qala ka ho ithuta ho laola hlooho, ho dula le ho pitika. Ka mora moo le ithute ho kgasa. Bona bohato ke ba bohlokwa hobane le kgona ho fumana tokoloho ya ho etsa seo le se ratang. Le kgona ho nanabela leha e le eng feela eo le e ratang. Hang ha le se le tseba ho ema, le tla nka bohato ba bohlokwa, le tlose leoto.
O ka le thusa ka ho tlosa dintho tsohle tse kotsi tse ka nnang tsa le lematsa. Etsa hore le ithutele ho tsamaya sebakeng se bulehileng hantle moo ho seng letho le tla le sitisa, le kgothaletse ho tsamaya le lebile ka ho wena.
Ditsebi ha di rate dietswa tsena tsa ho thusa masea ho tsamaya hobane di re di a bebofaletsa mosebetsi mme di etse hore mesifa ya dirope tsa ona e se ke ya hola hantle ka tshwanelo.
Dintho tse ding tsa ho bapala tse kang tsena hape di ya ka boleng ba tsona. Pele o rekela lesea la hao e nngwe ya tsona, qala ka ho netefatsa hore ke ya boleng e bileng e seng lebelo hobane e ka nna ya eba kotsi ho lona.
BONA SESOTHO - July 2007
u
t
botswadi
Mathata a tami le ho nyanya menwana
MASEA a rata ditami - hobane a rata ho momona. Masea a mang a se nang ditami, a qetella a nyanya menwana.
Empa ho na le mathata a tsamaisanang le sena sohle.
Ntle le mathata a hore batswetse ba bang ba iphapanyetsa ditlhoko tsa bana ba bona ba tshepele hore tami ke yona e tla koeetsa ngwana, ho boetse hape ho na le mathata a mang a mangata a bophelo a ka bakelwang ke tami le ho nyanya menwana ha bana...
Ho medisa. Ho nyanya tami kapa monwana ho ka nna ha ama ho medisa ha lesea. Meno a lesea a tla ba mabe e leng se ka nnang sa etsa hore a hloke ho lokiswa ke ngaka ya meno ka ditshenyehelo tse kgolo ha a se a hodile.
Mathata a bophelo. Tami e ka senya bophelo ba lesea hobane ho thata ho e boloka e hlwekile ka dinako tsohle. Ngwanahao a ka nna a e thonaka fatshe mme a e kenya ka hanong, e tletse dithole.
Leha ditami tse entsweng ka rekere e bitswang 'latex' di tshwara lesea hantle empa hore lesea le di momone nako e telele le hona ho etsa hore di qetelle di ena le bakteria e qetellang e kene le ka lehanong la lesea.
Ho robala. Lesea la hao le ka nna la ithuta mekgwa e mebe ya ho robala. Ka nako e nngwe le hane hohang ho kgaleha ha le sa momone letho.
Ho le thusa
Netefatsa hore e tla dula e inelwa ka hara mokedikedi wa ho bolaya dikokwanahloko ka dinako tsohle.
Ho bonolo ho tlohedisa ngwana ho nyanya tami ho ena le menwana.
O tla hloka ho mo ruta mekgwa e meng e ka mo thusang ho mo koeetsa ho fihlela a ba a tlwaela ho phela ntle ho yona.
Ha lesea la hao le nyanya menwana, le tlwaetse ho dula le e ntsha ka hanong nako le nako, o le bapadise hore le lebale ka yona.
Ho thata haholo ho kgothatsa ngwana ya seng a hodile ho tlohela ho nyanya menwana mme mokgwa o molemo ke hore o dule o mo bontsha bana ba bang ba sa e nyanyeng. Bana ba rata ho etsisa mme ba ka nna ba mo thusa hore a qetelle a tlohetse.
Phaphamisa kelello ya ngwana
BONA SESOTHO - July 2007
HO ITHUTA ha ho a lokela ho tena. Bana ba ithuta dinthong tsohle. Ho ya pakeng le ngwana ho ka mo thusa hore a ithute ka dintho tsa tlhaho, a ntlafatse tsebo ya saense le ho bala.
Ho bapala le yena papadi ya ho bala ho mo kgothalletsa ho tseba dinomoro. Ha o sa tsebe hore o ka qala jwang, o ka thuswa ke tsona dibuka tsena tse pedi, tse nang le dipapadi tse ka bulang kelello ya ngwana.
t Brain Games For Preschoolers (Hamlyn; R120)
E loketse bana ba dilemo di pakeng tsa tse 2 le 5. E na le dipapadi tse ka hodimo ho tse 200 tse ka bulang kelello ya ngwana mme hape a ithute mantswe le dipalo tse ngatangata. Dipapadi tsena tse monate di ka leka bohlale ba ngwana wa hao, di mo thuse ho hopola dintho le ho rarolla mathata.
t Pencil And Paper Games For Kids (Hamlyn; R120)
Bakeng sa ba dilemo di 3 le 11, ena buka e na le dipapadi tse monate tse nang le thuto tseo ngwana a ka di bapalang a le mong kapa a ena le metswalle. E ka mo qakehisa ka mafelo a beke ha o etile.
u
BONA - July 2007
t
botswadi
Ho sallwa le ngwana
Fumana mokgwa o tla ba molemo ho wena le ngwana wa hao
1 Mothusi wa lapeng
Mothusi wa hao wa lapeng a ka boela hape a o salla le ngwana. Empa o tla lokela ho qala ka ho netefatsa hore o na le boiphihlelo ba ho hlokomela bana. Ha a dula le wena, o ka nna wa thusahala mohlomong ha o sebetsa ho fihlela shwalane e kgolo. Empa ho kopanya mesebetsi ya lelapa le ho hlokomela lesea ho ka nna haeba boima, haholoholo ha le bana ba bang ba le teng. Lesea le ka nna la se ke la hlokomeleha hantle.
2 Ya salang le ngwana
Ho na le batho ba rupelletsweng ho sala le bana. Ka nako e nngwe a ka dula le wena ha o na le sebaka sa bodulo. Ba molemo hobane ba kgona ho hlokomela bana hantle, ba iphe nako ya ho bapala le bona, ba ba koeetse ha nako ya ho robala e fihla mme ba ba fepe ka tshwanelo.
3 Ba leloko
Ha o ena le ba leloko ba ka o thusang ho o salla le ngwana, ho ba monate haholo. Ba o salla le yena neng kapa neng ha o ba hloka.
Ha o batla ho ya mosebetsi hoseng haholo kapa o batla ho kgutla ka shwalane, ba dula ba le teng. Hape ke batho bao o ka ba tshepang ho feta ba hirilweng.
Empa ka nako e nngwe ba ka nna ha hanyetsa mekgwa e meng eo o batlang ho hodisa bana ba hao ka yona e leng se ka nnang sa le qabanya.
4 Keretjhe
Ho na le dibaka tse salang le bana ho tloha boseeng ho fihlela dilemong tse nne. Ba hlophisa dinako hantle hore bana ba be le ya ho bapala, ho robala le ho ja.
Matitjhere a moo a rupelletswe. Ngwana o boela hape a be le metswalle moo, a ithute mekgwa ya ho phela le batho ba bang.
Empa dikeretjhe tse ding di mabitso a mabe, mme o tla hloka ho etsa diphuputso hantle pele o ngodisa ngwana wa hao teng.[s]
BONA SESOTHO - July 2007
BONA - July 2007
