sotho.284.letters March
Le hapileng
R100
Batho ba botswa
Tlhokomediso...
BATHO ba botswa seo ba se kgothallang ke ho dula ba nyefola feela. Ha dilemo di ntse di tsamaya, o fumana batho bana ba hloleha le ho ruta bana ba bona ka tsa bophelo.
Ba dutse ba nyefola mmuso hobane ba batla tjhelete ya mahala - bana ba bona ke bona bana ba tshwarang poho.
Bontata bona ba ntse ba patile dithunya leha mmuso o kopile hore di nehelwe ho ona. Seo ba se batlang ke ho nehelana ka tsona ho bara ba bona. Ha ba na kutlwisiso, kutlwelobohloko, tlhompho kapa hona ho sebetsa - seo ba se shebileng ke dithunya tsena!
Baradi ba bona ba a ima molemong wa ho fumana tjhelete ena ya mmuso. Ha ba qeta, tjhelete eo ba itjella yona. Ke banana ba sa utlweng!
Tjhelete ya mmuso e tlameha ho sebedisetswa ntlafatsong ya tsa thuto le kahong ya dipetlele. Ha re beng le dibasari tse ngata bakeng sa baithuti ba tshwanetseng.
Ke rata hore ho bohle: o ka nyefola, o nyefole, empa haeba o sa etse letho ho ntlafatsa bophelo ba hao, ke a o utlwela! O tla sala o swabile!
Victor Mabena, Joubert Park
Mangolo a hao
Ho bohloko!
Ho bohloko ho bona ka moo batho ba nang le EITSI ba kgethollwang ka teng setjhabeng. Ba ba bitsa ka mabitsobitso, ba phoke ditee ka bona ba bolele ka moo ba neng ba fumane kokwanahloko ena ka yona.
Re tlameha ho ba hlokomela jwalo ka batho, re ba rate jwalo ka batho bohle. Ha ba a fumana lefu lena ka ho rata ha bona.
Ha e ne e le motswallao, o tlameha ho ba yena leha a se a na le EITSI.
Ke mang ya tla ba hlokomela ha re sa etse jwalo"
Khumbulani Sibango, Queenstown
Ho a tshosa!
Ke rata ho hlahisa maikutlo a ka ka banana bana ba lahlang masea. Ba bang ba bona ba ntsha dimpa le ka mora dikgwedi tse hlano. Re bala ditaba tsena tse sisimollang mmele kamehla le matsatsi.
Ba bang ba etsa sena hobane ba rata hore ba ithabise ntle le tshitiso ya ngwana.
Ho tseba mang mohlomong ba ebe ba bolaya baetapele ba molemo, ba neng ba tla tswela setjhaba molemo. Ha re tloheleng ketso ena e mpe hakana.
Mcebisi Dyantyi, Palmietfontein
BONA SESOTHO - March 2006
Mamello e tswala katleho!
Ke rata ho tsebisa ba bang babadi ba BONA hore mamello e tswala katleho! Ke a tshepa lengolo lena le tla ba kgothaletsa ho fihlela ditoro tsa bona.
Mme, e leng yena ya neng a re sapota, nna le ngwaneso, o ne a hlokahale ke sa le ho materiki. Ra sala le malome.
Malome o na le mohatsae le bana ba hae, bophelo ha bo sa tshwana le pele ha mme a sa phela.
Ke ne ke fihlelwe le ke monahano wa ho tlohela sekolo, empa ka mamella, ka qeta, ka fumana mosebetsi ngwahola.
Maemo a betere jwale, ke se ke kgona le ho hlokomela ngwaneso.
Haeba ke ne ke lahle tshepo ka tlohela sekolong, ke ne ke sa tlo kgona ho etsa sena.
Ke re ke ona mohlala ho ba iphumanang ba le maemong a kang a ka.
XC, Soweto
Hlompho!
Moafrika o hlompha batho ba bang, o a ba hlokomela, o hlompha meetlo ya habo mme hape o motlotlo ka Boafrika ba hae.
Afrika ke kontinente ya bahale ba neng ba lwanela tokoloho. Ke motlotlo ka Boafrika ba ka.
NM, Limpopo
Thuto!
Kajeno mesebetsi ke ya barutehi, ka hoo, re tlameha ho intlafatsa thutong.
Le haeba o se o sebetsa, intlafatse o tsebe ho nyollelwa maemong a betere.
Thuto ha e tsofallwe.
BV Mphetho, Kapa
Romela mangolo
a hao ho:
Mangolo ho Mohlophisi,
Box 32083, Mobeni, 4060,
South Africa
fax: 031-912-2720
e-mail: bona@dbn.caxton.co.za
u
t
Re ngolle!
BONA SESOTHO - March 2006
Boikarabelo!
Ke rata ho tseba hobaneng bashanyana ba emarisa banana ba qete ba balehe. Ba tlameha ho ikarabela ka diketso tsa bona. Ba tlameha ho sapota bana ba bona!
RR, Thaba Nchu
Leshano!
Ke ngongorehiswa ke batho bana ba nang le kokwanahloko ya EITSI ba sa rateng ho bolella setjhaba ka maemo a bona. Sebakeng sa heso ba bangata batho ba kulang ke lefu lena, empa ba ipatile.
Ba bang ba bua leshano ba bolele hore ba kula ke mafu a mang. Ba tlameha ho tseba hore ho bolela ka maemo a bona, ho etsa hore ba fumane thuso le tshehetso eo ba e hlokang.
MC, Ntambanani
Dinokwane!
Hobaneng batjha ba habo rona ba bapala ka talente tsa bona" Bongata ba bona ba senya nako diketsong tsa bonokwane, ba nne ba balehelane le mapolesa.
Haeba ba ka sebedisetsa lebelo leo la bona dipapading, ba ka kgola molemo o moholo.
David Mahlatsi, Fouriesburg
Ho jola!
Ke dilemo di 21 mme ke ngongorehiswa ke bana bana ba ratanang le maqheku. A ko nahane feela monna wa dilemo tse 49 a nkankane le ngwana wa dilemo tse 14! Ke mohlolo wa eng oo!
Ho jola le maqheku ke tshenyo ya nako. Ke a e rata BONA, haholo Dinaledi, Majimbos, Mpatliseng, Sis Sarah, Bolo e kae le dipale tsa baetapele ba rona.
Batjha rekang BONA e molemo.
Margaret M, Mokopane
# O rata ho bala ka mang" Ho tloha dibapading tsa di-movie, dipale, dipapadi esitana le dibini tsa mose le tsa kwano - re ngolle o re bolelle maikutlo a hao.
Mangolo a hao
Diphoofolo di betere ho feta batho
Tlohelang ho nyefola, rorisang!
KGATISONG ya BONA, Phato 2005, ho na le pale e neng e nkame haholo. Ke bua ka pale ya ngwanana ya neng a pholoswe ke ditau banneng ba neng ba mo futuhela.
Sena se bontsha hore diphoofolo di phela ho feta batho.
Re ne re pata ausi wa moholwane mafelong a Phato. O ne a thunngwe mme koloi ya hae ya kwetelwa.
Hobaneng ba ne ba sa nke koloi feela" Ba mo bolaetseng"
Thandi Kubheka, Kanyamazane
lBatho ba dutse ba nyefola mmuso ka lebaka la leqeme la mesebetsi. Mmuso o a iteka ho rarolla pharela ena, empa le batho ba tlameha ho phahama ba iketsetse.
Doctor Msibi, Mpumalanga
lRe tla tlohela neng ho nna re kgaketsa mmusong dinthong tse re amang" Re tlameha ho phahama, re pokole, re iketsetse. Modimo o re file dikelello, ha re di sebediseng...
Vanity Phakathi, Verulam
lHa re leboheng Modimo ka sohle seo O re etseditseng sona. Ha re tloheleng ho nna re tletleba. Leboha Modimo ka dilemo tseo o seng o di phetse lefatsheng mona.
Dintho di manyofonyofo tjena ke ka lebaka la hore ha re mamele Modimo.
Imamele mme o lebohe Modimo ka sohle seo O o etseditseng sona.
ZN, Salt Rock [s]
O ka sebedisa
lebitso leo e seng la
hao la nnete bakeng sa phatlalatso, empa o re
bolelle la hao la nnete mmoho le aterese. Ha se hore re dumellane le babadi bao re phatlalatsang mangolo a bona mme hape re na le tokelo ya ho
hlophisa mangolo
botjha bakeng sa
phatlalatso.
