sotho.2846.food safety
JWALO KA HA re le nakong e tjhesang ya selemo, ho bolela hore le boithabiso le bona bo tla ka bongata. Boithabisong moo dijo e ba matletsetletse feela. Matletsetletse ao a dijo ke ona a memang dikokwanahloko ho tla ithabisa le lona.
Dijo tsena di a senyeha e leng se bakwang ke tsona dikokwanahloko tseo e leng se re kodisang. Seo se ka baka hore motho a tshwarwe ke mala.
Ho ka nka nako e ka etsang dihora tse pedi ho ya ho tse 48 pele motho a ka qala ho se ikutlwe hantle. Empa he ho ya ka ho senyeha ha dijo tseo le matla a kokwanahloko e di tshwaeditseng. Matshwao a sena a kenyeletsa ho nyekelwa ke pelo, lehlatso, letshollo le ho tlallana. Masea le ba mmele e fokolang bona ba ba kotsing e kgolo hobane ba qetella ba feletswe ke metsi mmeleng e leng se mpefatsang maemo haholo.
Bathong bana sena se kotsi haholo se ka nna sa ba nkela le maphelo a bona mme ke ka hona ho hlokahalang hore ba fumane kalafo ka potlako.
Ho tshwara dijo bohlaswa ke sona hangata sesosa sa mathata a kang ana. Ha re ka ba hlokolosi re ka kgona ho sireletsa malapa a rona tshwaetsong ya mofuta ona.
Bakeng sa makgethe dijong
n Hlapisisa matsoho pele o tshwara dijo. (Ke yona tsela e molemo ya ho thibela dikokwanahloko).
n Netefatsa hore ditho tsohle tsa lelapa di hlapa matsoho jwalo ha ba tswa ntlwaneng, ba tswa jareteng, ba ne ba bapala le diphoofolo tsa lapeng kapa pele ho dijo.
n Hlapa matsoho jwalo ka mora ho tshwara nama e tala le tlhapi e tala. (Matsoho a tlameha ho hlapuwa ka sesepa nako e ka etsang metsotswana e 20).
n Hlwekisa dikhabathe tsa ketjheneng ka metsi a tjhesang a nang le sesepa mohlomong le bleach e nyane. Boloka dithebe tsa ho kgabella di hlwekile.
n Hlatswa dijana ka metsi a tjhesang. Sukura disinki ka bleach. Boloka masela a ketjheneng, dipontjhe le marashe a hlwekile, o reke tse ntjha kgafetsa.
n Se sihi dijo di sa kwahelwa hobane di ka baka ditsintsi, maphela kapa tsona ditweba e leng diphoofotswana tse bakang dikokwanahloko.
n Dijo tse bolokwang sehatsetsing di tlameha ho bolokwa di bata, tse bolokwang ho freezer le tsona di tlameha ho bolokwa di le leqhwa. O hlahlobe mohla wa ho fellwa ke nako ya boforeshe ba tsona.
n Qhibidisa tse leqhwa ka ho di kenya sehatsetsing, ho nka nako, empa ho bolokehile ho ena le ho di beha kantle.
n Phehisisa nama ya kgoho, ya kolobe kapa yona mince hobane e ka ba le dikokwanahloko haeba e sa butswisisa. Le dino o hlokomele hore di hlwekile hantle.
Se leke...
n O sihe dijo motjhesong nako e fetang hora. Tataiso e re dijo ha di a tlameha ho jewa di le fofo - tse batang di tlameha ho jewa di bata, tse tjhesang le tsona di tlameha ho jewa di tjhesa. Hopola hore ho nka nako e ka tlase ho hora hore dijo tse dutseng mofuthung wa ntlo di senyehe.
n O nke ka hore sehatsetsi se bolaya dikokwanahloko. Ke ntho e tshwanang le dinokong. Dijo tse dinoko haholo jwalo ka khari di ntse di senyeha ka bonolo. Ha ho bobebe ho di bona!
n O boloke dikhemikhale tsa ho hlwekisa tse kang bleach le meriana ya ho hlwekisa ntlwana mmoho le dijo.
n O reke dijo tse dikotikoting tse kgobehileng kapa tse mafume kapa tse busulohileng hobane di na le tjhefo e ka bolayang.
n O boloke dijo tse bolang ka koloing ho tjhesa.
n O sebedise poleiti kapa sejana seo o neng o tshetse nama e tala ho sona o sa se hlatswa.
Kalafo
Ho tsholla le ho hlatsa ke tsela ya tlhaho eo mmele o ntshang dijo tse sa lokang ho ona, ka hoo, ha ho bohlokwa hore o leke ho hlatsa leha dijo di se di sa ikgutlele.
Hangata motho o ba betere ka mora sena. O ka thusa ka ho thibela ho fellwa ke metsi mmeleng ka ho nwesa motho eo metsi, tee e ntsho e sa loyang kapa sona seno sa apole. Hape o ka mo nwesa hanyane hanyane litara ya motswako wa metsi a bedisitsweng a nang le kgabana ya letswai le kgaba ya tswekere.
Ho tla hlokahala ngaka haeba letshollo le feta dihora tse 24 le lehlatso le lona le feta dihora
tse 12. [s]
BONA SESOTHO - December 2006
Eba
makgethe dijong
Dijo di senyeha ha bobebe hlabula. Se ipehe kotsing - ka hoo boloka lelapa la hao le phetse hantle ka ho sebedisa dikeletso tsena
ka GRACE KHUZWAYO
BONA - August 2005
