sotho.1178.adriano
Kgosi ya Inter Milan
Monna ya tswang Brazil
O dilemo di 20 feela, empa forose ena e se e ikahetse lebitso sehlopheng le naheng ya habo...
LEBITSO la hae la tswalo ke Adriano Leite Ribeiro, empa balatedi ba bolo lefatsheng ka bophara ba mmitsa: Adriano! Ditsebi tsa bolo di bolela ha e le e mong wa dibapadi tse pele tse holetseng naheng ya Brazil ka morao ho Ronaldo.
O bapala papadi e makatsang, o dutse a tsietsa dibapadi tsa morao, a tswedipane, a tsamaye a tlola motho a mo siye a wele.
Ke yena Adriano eo a neng a ikahele lebitso ngwahola ka 2004 tlhodisanong ya Sudamercano.
Haesale ho bolelwa ha naha eo e ka Amerika Borwa e le ya bobedi ka bohale bolong ya maoto, empa Adriano o ne a phehise seo ha a ne a thusa naha eo ho hlola dira tsa yona, Argentina.
Ke sebapadi se pele ka sebele, Adriano e ne e be sebapadi se pele tonamenteng eo ka hore a hlabe dintlha tse supileng dipapading tse tsheletseng.
Papadi ena ya hae e bokgabane e mo entse a be a fumane lebitso la theneketso la "The Tank." O tlameha ho ba matla ho ka kgona ho phela mona Rio de Janeiro sebakeng sa Vila Humeilde. Rio ke sebaka se futhumetseng se haufi le lewatle, seo batjha ba teng ba aparetsweng ke bofutsana le bonokwana.
Malekeishene a Brazil a aparetswe ke bonokwane bo kang tshebediso ya dithethefatsi, bohlola le boshodu.
Batswadi ba Adriano ba ne ba sa lakatse hore seo se etsahale ngwaneng wa bona. "Ba ne ba na le molao o thata," ho hopola yena, "ba ne ba rata ke ithute."
Ena ke tsela eo dintho di neng di etsahala ka yona. Empa Adriano yena o ne a na le ya hae merero - ho bapala bolo.
ADRIANO o ne a sa rate ho fetola mawa morerong oo wa hae. O ne a bapalla sehlopha sa lehae sa Flamengo se neng se ikwetlisetsa lewatleng le haufi.
Ka mora nako e seng kae, Adriano a qala ho makatsa batswadi ba hae. Ka 1999, o ne a kenye sehlopha sa ba ka tlase ho dilemo tse 17 Mohopeng wa Lefatshe mane New Zealand mme selemong se hlahlamang, a nyollelwa sehlopheng se seholo sa Flamengo.
Papading ya hae ya pele o ne a hlabe ntlha nakong eo ba neng ba hlola sehlopha sa Sao Paulo ka 5-2.
Ka Pudungwana 2000, mokwetlisi wa sehlopha sa naha o ne a mo kenye lekgetlo la pele kgahlano le Colombia. Empa ka mora moo a boela a kengwa sehlopheng sa ba ka tlase ho dilemo tse 20 se neng se ya Mohopeng wa Lefatshe mane Argentina.
Leha Brazil e ne e hlolwe ke Ghana dipapading tse eteletse pele tse etellang tsa makgaolakgang, empa yena o ne a hlahelle e le sebapadi sa bobedi ka bohlwahlwa tonamenteng eo.
Sena ke sona se neng se etse hore a fetisetswe sehlopheng sa Inter Milan.
"Ke rata ho bapala bolo e tshwanang le e bapalwang ke kgalala ya ka, Zico sehlopheng sa Udinese," ho bolela Adriano.
Papading ya bona le Real Madrid o ne a batle a hlaba ntlha ka hlooho motsotsong wa pele wa papadi. O ne a tshwarise Fernando Heirro wa Real Madrid bothata mme sebapadi seo sa ba sa qetella se fumane karete e kgubedu ha yena a ne a batle a hlaba ntlha.
Motho ohle o ne a thabile, balatedi, dikoranta esitana le Ronaldo - empa mokwetlisi, Hector Cuper yena o ne a na maikutlo a sa tshwaneng le a ba bang.
"Leha a bonahala e ka ke kgalala, ha a so be maemong. Teng ho a bonala hore e tla ba kgalala bokamosong ba hae," ho bolela mokwetlisi enwa.
Cuper o ne a nehe moshemane enwa ya dilemo di 19 monyetla wa hore a "itlhopise" hantle ka hore a mo bapadise kgafetsa dipapading tsa Serie A, pele a kadimana ka yena sehlopheng sa Fiorentina.
Le mona Adrioano o ne a bontshe boiphihlelo ba hae ha a ne a hlabela sehlopha sena dintlha tse tsheletseng. Ka mora moo motshwari wa Inter, Massimo Moratti o ne a mo romele sehlopheng sa Parma moo Adriano a neng a hlabe dintlha tse 15 dipapading tsa Serie A, le tse hlano Mohopeng wa UEFA.
Jwale ha ho tikatiko hore a ka loka ho bapala ho Inter! Empa o ne a phoqehe ha a ne a fumana hore jwale o ne a tlameha ho dula lebatoweng leo nakwana.
BALATEDI ba Inter ha ba a ka ba thabela qeto ena - haholoholo ha ba ne ba hlokomela hore Adriano o ne a nahana ho leba ho AC Milan.
Dikoranta di ne di ngole hore ha Inter Milan e ka lahlehelwa ke "The Tank" e tla tlameha ho boela ho Serie B.
Empa qetellong se neng se etsahale, ke ho lelekwa ha mokwetlisi wa sehlopha sena, Hector Cuper, e leng seo balatedi e neng e le kgale ba se batla. Ka mora moo, Adriano a etsa tumellano le sehlopha sa Inter e felang ka 2008.
"Ba ne ba mo amohele ka thahasello e kgolo, ba mo nka jwalo ka ya tla pholosa sehlopha seo, empa yena o ne a bolela ha a ne a rata ho tlohela sehlopha sa Inter le pele a ikahela lebitso bolong ya matjhaba," ho bolela e mong wa dingodi tsa tsa dipapadi, "empa ha a fihla moo ha a ka a phomola hohang."
O ne a hlabe dintlha tse robong dipapading tse 13 a feta Christian Vieri le Alvaro Recoba, a beha sehlopha sa habo boemong ba bone a bile a se kenya le dipapading tsa Liki ya Bompodi.
Ho fihla ha mokwetlisi e motjha ho tswa sehlopheng sa Fiorentina, Roberto Mancini, e ne e be ditaba tse monate haholo ho moshemane enwa wa Brazil. Mokwetlisi enwa o ne a tshepise hore o tla theha sehlopha sa hae botjha, a sebedise maforose ana a mabedi, Adriano le Vieri.
Ena e ne e be toro e neng e phakise ho feta jwalo ka ha Viera a ne a lebe sehlopheng sa AC Milan mafelong a selemo seo sa bolo.
Mathwasong a selemo se setjha sa bolo, ka Phupu 2005, re ne re bone Adriano a se a le malala-a-laotswe. Setlabolane sena sa Brazil se ne se qale ka mafolofolo a maholo ka mora kgefutso, empa o ne a sa tswa thusa sehlopha sa habo Mohopeng wa Confederation mane Jeremane dibekeng tse mmalwa pele ho moo.
O ne a tsetlallela katleho. "Ke thabetse ho kgutlela ho Inter mme ke rata ho se beha botleng," ke yena eo ho baqolotsi ba ditaba.
Ho tloha moo, balatedi ba ne ba se ba sa ngongorehiswe ke ho tsamaya ha Vieri, "The Emperor" jwalo ka ha ba ne ba tlwaetse ho mmitsa.
"Vieri, ke sebapadi sa bohlokwa," ho rialo Adriano. "Ke bohloko haholo jwalo ka ha a tsamaile. Empa di ntse di le teng tse ding dibapadi, re ntse re tla e hlanaka leha Vieri a le siyo."[s]
94 BONA SESOTHO - October 2005
pale ka ISAAC KWELA
ditshwantsho ka TOUCHLINE PHOTO
Inter Milan
Sehlopha sa Inter Milan se ne se so thehwe ka dilemo tsa bo 1900. Ka nako eo sehlopha se neng se le teng e ne e le "Milan Cricket and Football Club," eo kajeno e bitswang AC Milan. Empa mohla 9 Hlakubele, 1908, dintho tsa fetoha ha sehlopha sa marabele se ne se theha sehlopha se bitswang "Football Club Internazionale Milano." "Internazionale" (ya matjhaba) Ho ne ho be jwalo, hobane mokapoteni wa pele wa sehlopha sena e ne e le wa Swirtzerland - Hernst Manktl.
Ka 1989, Inter e ne e hape mohope wa Scudetto (Serie A). Ka selemo se latelang, sa 1990, dibapadi tse tharo tsa Jeremane tse bapalang ho Inter, Brehme, Klinsmann le Matthaeus di ne di le teng sehlopheng se neng se hape Mohope wa Lefatshe. Ka 1998, Ronaldo, e ne e be sebapadi sa pele sa Inter Milan ho hapa kgau ya ho ba sebapadi se pele sa FIFA. Mokwetlisi e motjha, Roberto Mancini, selemong sa 2004/05, o ne a tlise diphetoho tse babatsehang sehlopha sa ba sa fumana kgau ya pele ka mora dilemo tse supileng mme papading ya bona ya ho qetela se ne se hlole Roma ka 3-0.
BONA SESOTHO - October 2005 95
QETELLONG HO LE LETSHEHADI: Kwana lapeng, Brazil, Adriano ba mmitsa "The Tank" ka lebaka la ho shahla ha hae. Empa ho ikwetlisa ha hae mona ho Inter Milan ho mo entse a kgone ho theola mmele wa hae.
KA HO LE LETSHEHADI: Adriano o bapalla sehlopha sa hae sa Inter Milan. Monna eo ba mmitsang "Kgosi" o entse tumellano le sehlopha sa hae e felang ka 2008.
t
KA HODIMO: Ha ho tikatiko - motjha enwa wa Brazil o kgutliseditse Inter setumo sa yona.
t
Ke na le takatso ya ho beha Inter botleng
