sotho.2845.2007 stars
O o tshwaretse eng
ka WILLIAM SMITH
(Mar 21-Apr 20)
Mosebetsi le Tjhelete: O kgathetse ke mosebetsi wa hao wa kgale- Ke nako ya ho batla o motjha. Haeba o itshebetsa, itshepe mme o sebedise maano a matjha.
Lapeng: Thusa balelapa la hao ka sohle seo ba ka se hlokang hobane o tla ba hloka mathateng. O ka etsa phapang eo ya bohlokwa lapeng.
Lerato le Boithabiso: Dintho di tla o tsamaela hantle haeba o na le molekane, ha o se na yena teng, o tseleng.
(Apr 21-May 20)
Mosebetsi le Tjhelete: Sebetsa ka thata jwalo ka ha kgala ya mosebetsi wa hao e bonahala.
Lapeng: Bapala tema ya hao o tiise maqhama a lerato le botshepehi lapeng.
Lerato le Boithabiso: Selemo sena se o tlisetsa thabo feela dikamanong tsa lerato. Maano a hao a tla atleha.
Mosebetsi le tjhelete, lapeng, lerato le boithabiso - 2007 o o tshwaretse eng ho tsona kaofela.
BONA SESOTHO - January 2007
2007
(May 21-Jun 21)
Mosebetsi le Tjhelete: O ka tobana le diphephetso mme o kgone ho etsa mosebetsi ka boitshepo bo boholo.
Lapeng: Nahana ka se molemong wa lelapa, e seng wa hao - o tla kgona ho nka qeto e nepahetseng. Eba sedi mme o hlokomele lelapa la hao.
Lerato le Boithabiso: Ke selemo sa hao sa ho nka bohato haeba o hlile o rata ho fihlela ditabatabelo tsa hao ho tse lerato. Ithabise le ba bang haeba o ikutlwa o le inotsi mme ke hona moo ka nnang wa fumana molekane teng.
(Jul 23-Aug 23)
Mosebetsi le Tjhelete: O tla ntlafatsa moputso wa hao jwalo ka ha o tla atleha haeba o batla mosebetsi o mong kapa o shebile ho nyollelwa maemong.
Lapeng: Moya wa kgotso o theohetse lapeng la hao. O ka nka karolo ka ho tiisa maqhama a kutlwano ka lapeng.
Lerato le Boithabiso: Dikamano tsa hao tsa lerato di tla hantle mme di a o thabisa, thabela nako ena ya nyakallo.
(Jun 22-Jul 22)
Mosebetsi le Tjhelete: Dintho di o tlela hantle haholoholo haeba o shebile ho nyollelwa maemong a hodimo.
Lapeng: Hlokomela bao o ba ratang ho tiisa kutlwano ka lapeng. Tswelapele le mokgwa wa hao wa ho ba le kutlwisiso.
Lerato le Boithabiso: Haeba o se na molekane ka ona motsotso, o tla iphumana o le dikamanong tse thabisang.
BONA SESOTHO - January 2007
(Aug 24-Sep 22)
Mosebetsi le Tjhelete: Ntlafatsa tsela o jang ka yona e le hore o tsebe ho bontsha mahlahahlaha le morolo mosebetsing.
Lapeng: Mathata a lapeng a tla rarolleha ka katleho. Ena ke nako e ntle haholo ya ho etsa diphetoho.
Lerato le Boithabiso: Dintho di ka o tsamaela hantle haeba o ka fumana molekane nakong ena.
(Sep 23-Oct 22)
Mosebetsi le Tjhelete: E ba hlwahlwa mme o phehellele ho tiiseng maano a hao a ditjhelete. O tla ba lehlohonolo haeba o batlana le mosebetsi.
Lapeng: Etsa lelapa e be sebaka se monate ka ho bontsha ho ba le mamello.
Lerato le Boithabiso: Lerato le tuka malakabe, ha o se na molekane o tla mo fumana.
(Oct 23-Nov 22)
Mosebetsi le Tjhelete: Ke selemo sa katleho haeba o batla mosebetsi. Ho ka ba molemo hore o leke ntho e nngwe e mokgelo.
Lapeng: Batho ba bangata ba rata bohlale ba hao mme ba dutse ba o kopa dikeletso. O ka etsa moya wa lapeng e be o kgotsofatsang.
Lerato le Boithabiso: Sebetsa ka thata haeba o hloka lerato selemong sena. Etsa sohle se tla etsa o hlahelle o kgahleha o le motle. Dintho tsa hao di bonahala di tla ka theko. Ho bonahala o tla fumana molekane e motjha.
u
t
(Nov 23 - Dec 21)
Mosebetsi le Tjhelete: Ke nako ya ho kgahlisa ba ka o thusang ntshetsopeleng. O tobane le diphephetso.
Lapeng: Tsepamisa maikutlo ditabeng tsa lelapa hobane selemo sena se bonahala se tla o tlela le ditharollo tse ngata tsa mathata a hao.
Lerato le Boithabiso: Lerato le kutlwelo bohloko tseo o nang le tsona di tla o fumanela dithoriso ho moratuwa le metswalleng.
(Dec 22-Jan 20)
Mosebetsi le Tjhelete: O tla kgotsofala ke mosebetsi wa hao. Ho ikamahanya le ba bang kgwebong, ho tla o tlisetsa menyetla e metjha.
Lapeng: Tshebedisanommoho lapeng e tla ba mohlala o motle o tlang ho tlisa kgutso le kutlwano ho fele mathata. O ka sebedisa tshusumetso eo le setjhabeng sa heno.
Lerato le Boithabiso: Iphe nako ya ho phomola hobane o a e hloka. Thabela lerato, boithabiso mmoho le dipapadi hobane le tsona ke tsa bohlokwa bophelong ba hao.
(Jan 21-Feb 19)
Mosebetsi le Tjhelete: O ka kgona ho ba le dikgokahanyo le batho ba batjha ho ntshetsapele merero ya hao.
Lapeng: Ho matleng a hao ho netefatsa hore o tlisa thabo le botsitso ka lapeng.
Lerato le Boithabiso: Ke nako e ntle ya lerato le monyaka. Ho teng ya tla kopa ho o ntsha haeba o se na molekane.
(Feb 20-Mar 20)
Mosebetsi le Tjhelete: Tsepamisa maikutlo a hao kgwebong hobane ho bonahala lehlonolo le le ka ho wena.
Lapeng: Kutlwano e a rena ka lapeng. Ditaba tsa lelapa la hao di o tlisetsa thabo le morolo.
Lerato le Boithabiso: Dikamano tsa hao di tla atleha. Sebeletsa ho kopana le molekane e motjha haeba o se na yena. [s]
BONA SESOTHO - January 2007
O o tshwaretse eng
BONA - January 2007
