SOTHO.283.sisarah
BONA SESOTHO - March 2006
Botsa Sis Sarah
Ke utlwile bohloko
Ke dilemo di 25 ke ratana le monna ya 28. Ka mora ho ba le ngwana le yena, o ne a ratane le mosadi e mong. Hohle moo re kopanang teng o a nthohaka. Leha ho le jwalo ke ntse ke mo rata.
Ke se ke tshaba le ho ratana hobane ke tshaba hore ke tla utlwiswa bohloko hape. Ke lokela ho etsa jwang"
Ya sa tsejweng
Iphe nako hore pelo e fole.
Monna eno ha a o hlomphe hohang jwalo ka mme wa ngwana wa hae. Ho tla o nka nako ho lebala ka yena haholoholo hobane ke yena ya o lahlileng. Iphe nako ya ho dula o ithabise le ngwana wa hao. Ha ho makatse ha o tshaba ho ratana le monna e mong.
Iphe nako ya ho phodisa kelello o se ke wa potlakela dintho.
Ka mora nakwana, o tla lebala ka yena mohlomong ho tla o nka dikgwedi kapa tsona dilemo, empa ka le leng tsohle tseo di tla feta mohla o kopanang le monna e mong ya o ratang, ya tla o thabisa, a o hlomphe.
Eba le mamello, lerato la nnete la pelo ya hao le tseleng.
O llela mmae
Ke dilemo di 33, ke nyetswe ke na le bana ba bararo. Re kile ra qabana le monnaka mme a ngala a ya habo. Mmae a re a dule le yena a se hlole a etla ho nna hobane ke mo utlwisa bohloko.
Ka mora ho hlokomela hore lenyalo la rona le a senyeha hape mmae ha a na tharollo ya letho, a ikgutlela ka boyena, ra tswelapele le bophelo ba rona ba lenyalo.
Mmae ha a bona hore o fela a kgutlile, re phela ka kgotso hape, a baleha ha hae, ha re tsebe moo a leng teng.
Ke lokela ho etsa jwang, o a tletleba, o re mmae o iphile dimenyane" Ke hlale monnaka hore mmae a tsebe ho kgutla kapa ke mamelle ho tla loka"
TM, Mnukwa
lEna taba e a makatsa empa ke na le tshepo e tiileng ya hore ho na le motho ya tsebang moo mmaomatsale a le teng. Baahisane ba hae, metswalle le ba bang ba leloko ba re o itse o ya kae"
O siile lelapa la hae, wena o dutse lapeng la hao le monnao, o tlameha ho hodisetsa bana ba hao moo. Ha ke bone lebaka le etsang hore o batle ho siya monna.
Seo lona bobedi le ka se etsang ke ho fuputsa moo a leng teng. Hangata bommematsale ha ba utlwane hantle le dingwetsi mme ba etse matsapa a ho arohanya bara ba bona le basadi. Mohlomong o nahana hore ha o a lokela morahae.
Empa ruri haeba o nahana jwalo, ekare kelello ya hae ha e sebetse hantle. Ke nahana hore o ipatetse ho utlwisa monnao bohloko.
Empa wena o tlameha ho dula le monna wa hao le hodise bana ba lona.
Tahlehelo e kaalo
Ke ne ke nyale ka 2002 ra hlohonolofatswa ka ngwana. Ka 2003 mohatsaka le ngwana, ba nkwa ke metsi, setopo sa ngwana ha se so fumanwe le kajeno athe sa mmae se ne se fumanwe. Ka 2004, motswallaka a nkopanya le ngwanana e mong ka mora hore ke mo qoqele hore ke batla mosadi.
Ra utlwana le yena ho fihlela ka le leng re etsa thobalano mme ha senyeha, hanghang ka fellwa ke lerato - e leng mohlolo o makatsang. Haesale ke hlokahallwa ke mosadi ha ke kgone ho ba le dikamano tse ntle tsa lerato. Seo ke se batlang feela ke ho fumana mosadi eo ke tla mo rata jwalo ka mofu. Ke kopa thuso ya hao!
ST, Cape Town
lKe maswabi ka tahlehelo ya hao.
Se bohloko ka ho fetisisa ke hore le ngwana ha a so fumanehe, ho bolelang hore eo kgaolo ya bophelo ba hao ha e so fihlelle pheletsong.
Mokgwa o ikutlwang ka ona ka basadi, ke ntho e tlwaelehileng bathong ba hlahetsweng ke tsietsi e jwalo ka ya hao.
O ikutlwa o batla mosadi, o batla motho eo o tla phedisana le yena, eo le tla ithabisa ka thobalano mmoho, eo o tla thabela ho ba le yena ka dinako tsohle empa ka nako eo motho a hlahang, o fellwa ke lerato.
O tshwantsha basadi bao o kopanang le bona bophelong ba hao le mofu - e leng se tlwaelehileng. O batla ho fumana mosadi ya tla tshwana le mofu hantle - ho lokile. Bonneteng, wena o batla mofu, mosadi wa hao.
Ho a totobala hore o ne o mo rata ka pelo yohle ya hao mme ho tla o nka nako hore pelo ya hao e fole bohlokong boo mme o kgone ho tswelapele le bophelo.
A ke ke a hlola a kgutla mme ha o ka amohela nnete eo, le hore ha ho mosadi ya ka kwalang sekgeo sa mofu bophelong ba hao, o tla kgona ho tswelapele le bophelo ba hao, o boele o amohele mosadi e mong e motjha bophelong ba hao, a le jwalo ka ha a le jwalo.
O lehlohonolo ka hore o kile wa ba le dikamano tse ntle tsa lerato tseo o ke keng wa hlola o di lebala. Empa oo monate o ne o le pakeng tsa hao le mofu feela. Se dumelle seo ho kena dikamanong tsa hao le mosadi e mong e motjha.
Ke lehlehetswe ke sohle
Ke dilemo di 23. Ke hlabiseditswe bohadi ka 2001. Mafelong a 2003, ra qala ho qabana, a ntlhekefetsa ka tsela e makatsang ka ba ka kgutlela heso, Kapa Botjhabela ho ya otlwa ke moya hanyenyane.
Ha ke kgutlela Joburg, ka mora kgwedi, ka fumana a thothile moo re neng re dula teng, a se a dula le mosadi e mong kaekae.
Ka makala ho utlwa hore ba bile ba nyalane semmuso mme ha ho letho leo nka hlolang ke le etsa. O ne a thothile le fenetjhara yohle eo re neng re e rekile mmoho.
Ka kgwedi e le nngwe feela ka lahlehelwa ke tsohle tsa bohlokwa bophelong ba ka - monna wa ka wa dikgomo, lelapa la ka, seriti esitana le boitshepo...
Ka tlameha ho kgutlela lapeng ho ya hlalosetsa ba leloko hore lenyalo le fedile. E ne eka ke tla hlanya, ke phoqehile. Ke ne ke tetebetse maikutlo, ke fella diphateng.
Selemong se fetileng a bitoha ho tla kopa tshwarelo, a ipolela melato yohle ka tshwabo. Jwale o batla ke kgutlele ho yena hape leha e le hore ha a so ka a hlala - ba na le ngwana. O ntshepisa ho ntshwara jwalo ka lehe.
Ke sa tla etsang ka yena" Ke se ke sebetsa ke leka ho bokelletsa bophelo ba ka botjha le tsohle tse ntahlehetseng Joburg ka lebaka la hae. O ntshenyeditse nako, a mphetola tshehisa setjhabeng.
LL, Umtata
lTjhe, o utlwisitse bohloko empa ke thabiswa ke ho hlokomela hore hohang ha o a ikemisetsa ho mo dumella ho senya bophelo ba hao. Pele-a-pele!
O hloka keletso ya molao hore la hao lenyalo le eme kae monneng eo.
Leha ho le jwalo, o sa le monyenyane, o se o qadile ho aha bophelo ba hao botjha hape, jwale ebe ruri o sa ntse o lakatsa ho kgutlela ho yena"
O o senyeditse nako mme ho ka etsahala hore ebe le jwale, o batla ho o sebedisetsa molemong wa hae, ha ke bone seo a tla o etsetsa sona se molemo.
Ba o tshehang, ba lokile empa pele ho nako e kae, o tla be o lebetse ka sehloho seo. Sa bohlokwa ke hore o ahe bophelo ba hao, o iketsetse bokamoso boo o tla ba motlotlo ka bona.
Hosane ba tla be ba tsheha yena monna eo...
Hobane ho tla be ho totobetse hore o lahlile taemane ya bohlokwa!
Ba hloile ditabane
Ke dilemo di 30 mme ke setabane. Mathata a ka ke a botjhomane hobane batho ba mona ha ba batle le ho di bona feela ditabane, ho ratana le tsona he ke ntho e sele.
Ba re ho robala le setabane ke sebe se tshabehang, se sa tshwarelweng. Ke rata banna ka tsela e makatsang mme ha ke tsebe hore ke tla mo fumana kae eo nka thehang dikamano tse ntle tsa lerato le yena.
Ke kopa thuso hle.
TSM, Site C
lHa ke tsebe hore setjhaba sa heno se seholo hakaakang empa ke nahana hore ha se seholo haholo mme bohle le a tsebana moo. Hape o tseba hantle hore ha ho ditabane tse ding setjhabeng seo sa heno.
Haeba seo ke se nahanang e le nnete, o lokela ho qamaka dibakeng tse ding tse thokwana le sa heno. O ka nna wa kopana le batho ba bang ba sa tlo o seolla ka seo o leng sona. [s]
Ela hloko: Sis Sarah ha na bokgone ba ho rarolla mathata a tsa bophelo bo botle. Le koptjwa ho buisana le dingaka tsa lona kapa le ye tliniking ha le ena le mathata a mofuta ona.
BONA SESOTHO - March 2006
Na ebe o na le mathata a tsa thobalano, dikamano tsa lerato kapa a mang feela a bophelo" Nngolle, ke Sis Sarah mme ke tla o araba ka botshepehi. Ka bomadimabe ha ke na tseba ho araba motho ka mong ka hoo, ke o kopa ho bala karolo ena ya makasine ke hona moo ke tla o araba teng.
Hopola hore ha re arolelana ka mathata a keke a re hlola le kgale!
Ngolla ho:
Botsa Sis Sarah,
Box 32083,
Mobeni 4060
