sotho.2839.bala
BONA - April 2007
Ba tswa ho kwaito ba ya ho classic
Ke bao bahlahlamani
Ba kgaba ka dikatiba tsa tuxedos le fedora, Zwai, Loyiso le Phelo, ke ditlabotjha setjhabeng sena se tswetsengpele, ba bina meketeng e pele ya boetapele ba dipolotiki le borakgwebo
KE NNETE, Zwai le Loyiso ba na le bokgoni ba ho kena sedikadikweng sa mmino wa lefatshe wa classic. Naledi ya mehleng ya sehlopha sa TKZee le sebapadi sa difilimi tsa marato, bobedi ba tswa sekolong se tummeng sa Drakensberg Boys Choir, mme ba sebedisitse thupello ya bona ya mmino ho kena ka sekgahla mminong wa kwaito le wa R&B dilemong tsena tse fetileng.
Phelo (15) le yena o kene jwale, o bile o tswile sekolo ho Grade 10 hanyenyane hore a tsebe ho tobana le phephetso ena ya ho bina mona le mane. "Phelo o bina ha monate," ho boletse Loyiso, a dumela hore o ne a hlomohe a ba a lla a utlwa ngwanabo a bina ha monate hakaalo.
"Toro ya projeke ya Bala Brothers e ne e qale ho hlahella selemong se fetileng ha Phelo a ne a qala ho ba makatsa ka lentswe la hae. "La tjhentjha ka nako le motsotso feela, ya ka ke sebini sa matjhaba ha totobala hore re tla o fumana mosebetsi wa ho hatisa."
RA TLAMEHA ho etsa diphetoho.Zwai o ne a se a iketseditse lebitso ho kwaito a bina le Boom Shaka le Bongo Maffin, mme Loyiso a bapala filiming ya Backstage.Ba siile sohle jwale ba shebane le mosebetsi ona o motjha wa ho ba dinaledi tse ntjha tse pele tsa Afrika, ba hlahlame Soweto String Quartet, eo e sa leng e qala dilemong tse 15 tse fetileng.
Phelo ba ne ba sa mo nkele hodimo ho fihlela a bina dipontshong tsa Starlight Classics ka Loetse mane Johannesburg Country Club.
"Ke ne ke se na nako hohang ya ho tshaba," ho bolela yena. "Ha ho bulwa dikgareteine, ka be ke le kalaneng. Thupello e bohlokwa haholo - o a bina mme barati ba mmino bona ba o nyollela maemong a lefatshe."
Zwai o re: "Re rata Bala Brothers hona hoo ke tlileng le piano lapeng hore ke tsebe ho dula ke sebetsana le mmino wa CD ena. Sohle seo re neng re se leka, se ne se atlehe. Loyiso a tla le pina e monate ya Sexhosa, Masibuyelane. Lentswe la Phelo la natefisa CD ya rona le ho feta. Ekare ke toro."
A LBAMO ya Bala Brothers... B3 e ne e hlophiswe ka dibeke tse tsheletseng feela. Phelo a tlameha ho kgutlela sekolong ka pele ho ya ngola ditlhahlobo tsa Grade 9, ha Loyiso yena a ne a tlohele ho ya bina Jeremane hape a emisa le albamo ya hae ya R&B hobane a batla ho sebetsa le bana babo.
Ba ne ba ena le nako e nyenyane ya ho hlahisa albamo ena hore e rekise ka nako ya Keresemese. Empa Zwai o ne a ena le mokgwa wa hae o ikgethang wa ho rekisa ho TV - ya ba pina e neng e sa lebelleha hohang paleng ya Strictly Come Dancing.
"Batho ba ne ba se ba batla re ba binele le pele re qeta ho hatisa CD, re ne re qakehile haholo dikgweding tseo," ho boletse yena. "Ke rupelletswe mminong bophelo bohle ba ka empa ho tantsha ka pela khamera, le diprofeshenale, ho ne ho ntshose haholo. "Hang ha ke se ke kene nthong, ke a natefelwa ke yona. Le patenara ya ka e ne e le hlwahlwa haholo. Ka thella le nna, ka hana ho ithapisa."
Strictly Come Dancing ya etsa hore Bala Brothers e tsebisahale ho TV empa ebile mokete wa letsatsi la tswalo la Moareka Bishopo Desmond Tutu la dilemo tse 75 moo sehlopha sena se neng se hlahelle hantle ha totobala hore se kene Afrika. Dinaledi tsa Hollywood tse kang Samuel L Jackson le Alfre Woodard ba neng ba dutse le Predisente wa mehleng Nelson Mandela le Graca Machel le baetapele ba bang le ba tsa boithabiso ho tswa hohle kontinenteng ena. Kaofela ba ne ba sale ba kgathetse ke Bala Brothers.
"Ke ne ke natefelwe ho feta meketeng e meng yohle eo nkileng ka bina ho yona," ho bolela Zwai. "Ke ne ke nkehe le ke maikutlo ha ke bona ka moo Madiba a neng a thabile ka teng.
"O ne a sa tlo dula moketeng ona mme ha re qala ho kena sebayeng o ne a se a eme ka maoto a fonanisa. Ke ne ke mo shebile - a re mamela hanyenyane, a dula fatshe ho fihlela re qeta ho bina. Ke hona moo ke neng ke bone hantle hore Bala Brothers e ya hole. Re ne re tshwere se ratwang ke barati ba mmino ba Afrika Borwa. [s]
u
BONA SESOTHO - April 2007
pale ka DOUG GORDON
Re ne re thabiswe haholo le ke Madiba
t
BONA SESOTHO - April 2007
DREAMGIRLS ke filimi e pele e hapang batho ka tsela eo mmino le papadi di tswakilweng ka yona.
Filimi ena e ne e thabise ba bangata nakong eo e neng e phatlalatswa mane Beverly Hills ka lebaka la tema ya dibini tse teng ho yona moo. Mane mose ho mawatle, e ne e thoholetswe makgetlokgetlo ka lebaka la tsona dipina tsa yona.
Dibapadi tsohle di tswa pele ketelongpele ya Jennifer Hudson. Beyoncé le yena o hlahella a bapala karolo ya Listen, ka tsela e kgabane haholo.
Eddie Murphy o bapala karolo ya, Patience, moo a pannweng le Anika Noni Rose. Ke mang ya neng a tseba hore o na le lentswe le monate hakalo?
Jamie Foxx, le yena o teng filiming ena leha a sa hlahelle ho babohi.
Filimi ena e koto di tharo mme e neha sebapadi ka seng monyetla wa ho hlahella poyaneng. Tsela eo filimi ena e kopantsweng ka yona, ke eo o sa lokelang ho fetwa ke yona.
BONA e fana ka diaparo tsa dibapadi tsa filimi ena Dreamgirls bakeng sa batho ba bararo tse bitsang
R3 500: Diphuthelwana tse 10 tsa mekgabiso, mekotla e 10 mmoho le dikipa tse 10. Kenela hona jwale!
Ho ba mohlodi
Tlatsa dikgeo ho ka fumana lebitso le patilweng ho tse fiifaditsweng. Ngola karabo, lebitso, aterese le mohala o fumanehang ho ona motsheare posekareteng o di romele ho: BONA April / Block Puzzle
No 66, Box 32067, Mobeni, 4060 kapa o romele DREAMGIRLS ka SMS ho 35919.
(SMS e bitsa R3.) [s]
HAPA! HAPA! HAPA!
Letsatsi la ho kwala: 30 Mmesa 2007
Mekgabiso, mekotla le dikipa tse bitsang
R3 500
BONA SESOTHO - April 2007
Ithabise mme o ntlafatse Senyesemane sa hao. Araba dipotso ka nepo o ntse o latela matshwao mme o tla fumana lebitso la sebini sa Afrika Borwa dikgeong tse fiifaditsweng
