SOTHO.2837.yourstories_maintenance
HOBANENG BONTATE BA SA SAPOTE BANA
Molao o hlakile, batswadi ka bobedi ba tlameha ho hodisa bana ba bona, empa hangata, bontate ba rata ho balehela boikarabelo bona. Hobaneng? Ho ka etswang hore ba lefe?
NGWANA e mong le mong o na le tokelo ya bo fetjwa, sekolo esitana le hoba le lehae. Ke boikarabelo ba batswadi ka bobedi le haeba ba se ba sa ratane kapa ba sa nyalana hore ba hodise bana ba bona.
Molao le moetlo wa rona di a bolela hore ntate o tlameha ho ntsha tjhelete ya ho hodisa bana ba hae, empa ho bonahala ba bangata ba balehela boikarabelo bona, ba siye bana le bonkgono hore ba ba hodise ka tjhelete ya pei.
Lekgotla la dinyewe le se le ntshitse mangolo a hore ho tshwarwe bontate ba ballwang ho 20 000 hobane feela ba balehela ho sapota bana ba bona.
Hobaneng bontate ba kgetha ho lelekiswa ke molao ho ena le hore ba etse se nepahetseng?
Liz Dooley, eo e leng molaodi mokgatlong wa Family Life Centre o mane Gauteng, o thusang malapa ka dikeletso le di-worshop, o bolela hore bontate ba bangata ha ba batle ho lefa sapoto haeba ba hanelwa ho bona kapa hona ho ba le dikamano le bana ba bona.
"Bomme ba bangata ba hanela bontate ho bona bana ba bona mme bontate ba ngale, ba hane ho lefa sapoto," ho bolela Liz.
Thabo Mkhwanazi ke e mong wa bontate ba sa lefeng sapoto, o bolela ha a se na ho sapota ngwana eo a sa mo tsebeng. O re o ne a tsebe hore kgarebe ya hae e imme ha a ne a bolellwa hore o tlameha ho lefa, ngwana a se a hlahile.
"E ne e re ha ke batla ho bona ngwana, mmae le ba habo ba hana. Ba ne ba bolele hore ke tlameha ho lefa ngwana pele.
"E ne e re hoba ke hane, ka tlameha ho hlahella lekgotleng la ditaba tsa sapoto," ho bolela Thabo.
"Nka sapota jwang ngwana eo ke sa mo tsebeng?" ho botsa Thabo. E nngwe taba, ha ke na le bonnete ba hore ngwana eo ke wa ka jwalo ka ha mmae a ne a sa tshepahala tjena."
Bontate ba bang ha ba lefe hobane ba re bomme bana ba bonokwane, tjhelete ba e sebedisetsa molemong wa bona, e seng wa bana.
E mong ntate ya buileng le BONA, ya sa ratang re bolele lebitso la hae, o re kgarebe ya hae e ne e sebedisa tjhelete a neng a e lefa ditaeleng tsa moriri le ho lokiseng manala, a sa sapote ngwana.
Ntate enwa ya tsekang ho dula le ngwanahae lekgotleng la dinyewe, o bolela hore le akhaonto ya hae ya ha Woolworths e ne e bontsha hore ho ne ho rekwa "marikgwe a boholo ba 38," e seng a ngwana.
"Ke nahana hore molao o dutse a bona mme e le yena motswadi ya betere, ya ka kgonang ho laola tjhelete. Empa ha ho dule ho le jwalo."
Sibusiso Mthethwa ke e mong ntate ya sa sapoteng e mong wa bana ba hae ba bararo.
"Ha ke qeaqee hore ngwana ke wa ka, empa ha ke bone mmae e le motswadi ya nepahetseng," ho bolela Sibusiso.
"Lekgotla le ntaetse hore ke kenye tjhelete ya sapoto akhaontong ya mosadi enwa, empa ha ke dumele hobane mosadi enwa o rata dipapadi tsa tjhelete."
Bakeng sa ho lefa tjhelete ena mosading enwa, Sibusiso o tseka hore ngwana a dule le yena.
BONA e boetse hape ya buisana le Thomas Mkhandawiri ya hladileng, ya nang le bana ba babedi. O bolela hore leha ho se lebaka le utlwahalang la hore ntate a se lefe sapoto ntle leha feela a sa sebetse, empa basadi ba bangata ba sebedisa lekgotla ho iphetetsa.
"Basadi le bona ba ntse ba fosahetse," ke yena hape. "Ka nako e nngwe, motho a batla tjhelete e ngata, hobane feela a iphetetsa."
Ha jwale, lekgotla la sapoto le na le dikopo tse ka bang 110 000 mme le pasisitse tse 76 000.
Family Life Centre e nehile batswadi o mong mokgwa bakeng sa ho ema meleng e melelele makgotleng a tsa sapoto. Ho na le monamodi ya ikemetseng eo ba ka mo sebedisang, moo ho yena ba ka tlohelang masawana, ba rale leano le tla ba molemong wa ngwana.
Tumellano eo ba e finyellang, lekgotla le e nka e le e molaong.
Molemong wa ho potlakisa dintho, le ho leka ho fokotsa tshubuhlellano dikopong tsa sapoto, mmuso o thakgotse leano le bitswang Isondlo Campaign.
Ho ya ka dipalopalo tse ntshitsweng ke Lefapa la Toka le Ntshetsopele ya Molatheo, leano lena le bontsha katleho e kgolo.
Leha ho le jwalo, bomme ha ba le rate, ba bolela ha le tsamaya ka monyebe. E mong o boletse hore o e a thise mosebetsing ho tla tabeng ena, empa ntata ngwana a se fihle, mme e be yena ya senyehelwang.
Empa nnete ke hore ke bana ba swetsehang. Jwalo ka ha Manyesemane a bolela, "Ha poho tse pedi di lwana, jwanng ke bona bo putulehang," le Thomas Mkhandawiri o rialo: "Ha batswadi ba ntse ba phehisana, bana ke bona ba bang ka mosing." [s]
Pale: Nomusa Ncembe
6 DINTLHA TSEO O SA DI TSEBENG KA SAPOTO
Le haeba mme a boela a nyalwa, empa ntate yena o ntse a tlameha ho sapota bana.
Haeba ntate a sa sebetse, a sa kgone ho lefa sapoto, empa batswadi ba hae ba kgona, ba ka kotjwa ho lefa sapoto.
Ho lefa sapoto le ho bona ngwana, ke dintho tse pedi tse sa tshwaneng. Le haeba mosadi a hanela monna ho bona ngwana, empa o ntse a tlameha ho lefa sapoto. A ka ya lekgotleng ho ya tseka hore a dumellwe ho bona ngwana.
Haeba ntate a na le kgwao ya hore ngwana ha se wa hae, a ka etsa diteko tsa ho hlakisa seo.
Kopo ya sopoto e tlameha ho etswa moo ngwana a dulang, (e seng ntatae). Re ka etsa mohlala ka hore haeba ngwana a dula Thekong, empa ntatae yena a dula Gauteng, kopo e tla kengwa Thekong, mme ntate o tlameha ho tla lekgotleng la dinyewe Thekong ka ditshenyehelo tsa hae.
Ha ditlhoko tsa ngwana di eketseha, mme a ka kenya kopo ya hore sapoto e nyollwe lekgotleng.
E qotsitswe: A Simple Guide To South African Family Law, ka Nthabiseng Monareng (SiberInk)
TSE ITLHOMMENG PELE
TSELA YA HO FUMANA SAPOTO
Nthabiseng Monareng o a hlalosa bukeng ya hae, A Simple Guide To Family Law mehato e latelwang ha batla sapoto lekgotleng la dinyewe.
1. Mme o tlameha ho tlaleha ntate lekgotleng la sapoto ha manki. Mosebeletsi wa tsa sapoto o tla o thusa ho tlatsa diforomo tsa teng.
2. Ho tla romellwa ntate lengolo le mmitsetsang lekgotleng la dinyewe.
3. Letsatsing leo, batswadi le mosebeletsi wa lekgotla ba tla kopana ho bontshanwe hore ntate a ka kgona ho lefa bokae.
4. Haeba ba sa fihlelle tumellano ka seo, taba e iswa lekgotleng la dinyewe. Lekgotla le tla sheba hore ngwana o hloka bokae - ho kenyeletsa le rente ya moo a dulang teng le mmae - lekgotla le tla sheba hore batswadi ba amohela bokae. Hore ntate o tla lefa bokae, ho tla ya ka hore o amohela bokae ho ntse ho sa lejalwa hore le yena o ntse a tlameha ho itshapota.
Haeba ntate a ntse a sa batle ho lefa, mme o tlameha ho mo tlaleha lekgotleng. Ka mora moo, o tla bitsetswa lekgotleng. Haeba a sa hlahelle ho lona, ho tla latelwa mehato e latelang:
Tjhelete e ka tshwarwa moputsong wa hae.
Ho ka rekiswa thepa ya hae - empa ke lekgotla feela le ka etsang seo.
Ntate a ka tshwarwa.
