sotho.2836.credit act
Tobana le dikoloto
SA ha e a fellwa ke maqheka a ho tswa dikolotong empa e a leka" Re shebisisa menyetla ya rona ya katleho...
pale ka PATRICIA McCRACKEN
BA HA SA Reserve Bank ba re re kolota ho feta pele jwale - hoo dikoloto di fihlella bonyane ka hodimo ho kotara ya moputso oo re orohang le ona! Sena se bonahetse ho tloha ka 2002...
Re ka ba le dijo jwang, diaparo tsa bana ba rona le tjhelete ya ho ba lefella sekolong mme re tsebe ho lefella dipalangwang ho ya le ho kgutla mosebetsing ha re poqa dikolotong tse kalekale"
Ho tiiswa ha Molao wa Dikoloto o kentsweng tshebetsong ka Phupjane monongwaha, ho tla re thusa ho tobana le dikoloto tsa rona re be ka pele le ho dinaha tse kang USA tse se nang melao e tobaneng le dikoloto. Ho ya ka moo Cees Bruggeman wa FNB a bolelang ka teng. Ebe molao ona o motjha o fela o o thusa ka letho" Ha o sa o thuse, o nahana hore o ka thusahala jwang"
Dikeletso tsa BONA ke tseo...
1. Moeletsi
Ho ya ka Molao wa Dikoloto, re lokela ho ba le baeletsi ba dikoloto hore ba re thuse ho re inola tebetebeng ya dikoloto.
O ka ipatlela yena ka bowena athe le manki a ka o laela ho etsa jwalo. Moeletsi, ka thuso ya hao, o nka matsatsi a supileng ho hlophisa leano la ho lefa pele a le isa kgotla hore le pasiswe, ka nako e nngwe lekgotla le ka o buella le bao o ba kolotang.
Empa leha karolo ya pele ya molao ona e kentswe tshebetsong ka 2006, mmuso ha o so tsepame hantle hobane Lefapha la tsa Mesebetsi le Diindasteri ha le so behe ditjeho tsa tshebeletso ena.
Ditjeho - na e be - e, leha e le bohlokwa hakaalo, ha se ya mahala. Ho bitsa R50 ho shebisisa dikoloto tsa hao feela. Ha di se di feletse, o ka lefa pakeng tsa R500 le R1 500, mme hape e ka nna ya nyoloha ho fihlella ho R3 000 ha o ena le dikoloto tse ngata haholo.
Ka ditjeho tsena le phaello ya tsona hodima dikoloto tsa hao, o ka qetella o ipotsitse hore hobaneng o tla ya ipitsetsa lekgwekgwe le leng hape. Hona tshebeletso ya moeletsi e fela e sebetsa hantle"
Dihlopha tsa bareki le tse ding, di kgathatsehile ka ha baeletsi bana ba lokelang ho ba le boiphihlelo ba dilemo tse pedi pele ba ka amoheleha mme ka nako eo bakolotelang bareki bona ba ntse ba tswelapele bo ba hlekefetsa le ho se hlomphe molao.
Ba lwanelang ditokelo tsa bareki bona ba re baeletsi bana ha ba hloke le thuto ya maemo a hodimo (ha ba ena le materiki feela le thupello ya boeletsi ba dikoloto ho bona ho fedile).
2. National Consumer Tribunal
Ho thibela dikoloto tse sa hlokahaleng ke seo Molao o Motjha wa Dikoloto o batlang ho se fihlela. Ha o ka hlahisa bopaki ba hore ho tloha mohla la 1 Phujane, o buletswe sekoloto seo jwale se seng se o hlola, ho a totobala hore o hlokile boikarabello ha o se bula - mme ya o kolotetseng a ka nna a tlameha ho se hlakola.
Empa National Consumer Tribunal, e lokelang ho laola molao ona, e ne e so nehwe matla a feletseng ka nako eo re ngolang pale ena. Mathata ke hore ha ho molao o pasisitsweng ho ya ka modulasetulo wa NCT, Diane Terblanche. Ka hoo ha o sebetse - mme bareki ba nahanang hore ba hoheletswe dikolotong ka bomenemene, ba ke ke ba kgona ho itseka tlasa molao ona.
3. Bafuputsi
Ho a swabisa hore tshireletso ya bareki Afrika Borwa le dibaka tseo ba ka tletlebang ho tsona ha di sebediswe ka tshwanelo. Mohlomong ke hobane bareki ba sa tsebe ka tsona hape ba sa di fumane ka bonolo.
Bakeng sa dipenshene, mekotla ya tsa kalafo le ditshebeletso tse ding tsa ditjhelete, mmuso o hlophisitse melao eo ho fuputswang tlasa yona ha ho sekasekwa ditletlebo.
Empa bareki ba bangata ba sa ntse ba setse kantle. Ngwahola kopanong ya Financial Services Board palo e ka hodimo ho kotara ya mehala e ne e sa arajwe.
Dibakeng tse ding - dibanka, diinshorense le mafapha a laolang dikoloto, ha re etsa mohlala - kaofela ba na le dikarolo tsa bona tse amohelang ditletlebo tsa bareki mme di etsa diphuputso. Dihlopha tse ding tse amehang di re ho ne ho ka ba molemo hoja ebe bafuputsi bana ba ne ba ikemetse.
Hape ho na le mekgatlo e meng e rekisang ka dikoloto e nang le makala a amohelang ditletlebo tsa bareki hape e leke matsapa ohle a ho ba thusa le ho ba kgotsofatsa. Hara tsona re ka balella le Micro Finance South Africa, Master Builders' Association le Furniture Traders' Association.
FTA e fumana ditletlebo tse ka hodimo ho tse 1 200 ka selemo, ho ya ka tlaleho ya Finmark - e leng palo e amohelehileng ha o shebisisa hore ba na le ditho tse fihlellang ho 4 000.
Ha ho tshwane hobane bareki ho na le moo ba ka llelang teng - ha ba qhekellwa ke barekise ba fenetjhara, ba rekisang thepa ya kgale esitana le bahiri ba adimanang ka tjhelete.
Ditjeho ke mathata a mang mona. Ditshebetso tsa bona ke tsa mahala empa ho buisana le bona ka mohala le ho ba romella fekese ho a lefellwa. Athe batho ba batlang ho bua le bona mahlo-mahlong bona, ba mathateng hobane bongata bo na le kantoro e le nngwe feela naheng yohle e leng se etsang hore ho se be bonolo.
4. Dikantoro tsa lebatowa tsa bareki
O ka nahana hore ke kantorong ena moo o ka fumanang thuso teng. Empa mabatowa a mang, a sebetsa betere ho feta a mang ho ya ka dipatlisiso tse sa tswa etswa ke FinMark Trust, tseo le bona ba sa kang ba fumana karabo hohang kantorong leha e le nngwe ya naha ena. Ona ke o mong wa mehlala ya ka moo mafapha a sebetsang ka teng ho thusa bareki ba Afrika Borwa.
5. Letsetsa motswalle
O ka nna wa thusahala ho ya ka Finmark hobane mekgatlo e seng tlasa taolo ya mmuso le e meng e thusang setjhaba le dikantoro tsa babuelli di teng. O ka nna wa fumana motho e mong ya tlwaetseng ho lwanela ditokelo tsa ba bang a o thuse. Empa ho ya ka Finmark, ba bang ba bona ba hloka tataiso ya ditsebi hore ba se halefise barekise hoo ho ka senyeha menyetla ya hao ya ho boela o kolotelwe hape.
6. Balaodi ba dikoloto
Bona ba a tsebisahala kgwebong ena, ba bapatsa hohle ba re ba ka kgona ho o theolela mekitlane ya hao ya kgwedi. Empa seo ba sa o bolelleng sona ke hore ba tla o kenya dikolotong tse ding tseo mohlomong o ka beng o ipuelletse le bao o ba kolotang.
Balaodi ka dikoloto ba nka tjhelete e ngata ho eo o e lefang ka kgwedi mme ba lefe bao o ba kolotang e nyenyane. Ho a swabisa hore balaodi bana ha ho molao o ba laolang hape ha ba hloke le mangolo a itseng a thuto.
Ha a se a sa tshware akhaonto ya hao hantle, o ka mo qosa lekgotleng la manki, o etse kopo ya hore a tjhentjhwe. Empa hona ha ho etsahale hangata hobane bareki ba bangata ha ba tsebe ka menyetla ena hape ho hlokahala mmuelli ho bula nyewe.
7. Itshireletse
Ho bonolo ho kena dikolotong empa ho thata ho tswa ho tsona. Ho na le melao le mekgatlo e ka o thusang empa o tla hloka ho ba le mamello hape o sebetse ka thata ho batla melemo eo esitana le e seng e kentswe tshebetsong ha e fumanehe ka bonolo.
Empa o ka kgona ho itshireletsa ka bowena. "Ho bohlokwa ho reka ka bohlale mme hape o itshireletse," ho bolela Finmark. "Ka mokgwa ona o tseba ho iketsetsa diqeto tse nepahetseng o phakise ho bona ha o jewa tsuo." [s]
BONA SESOTHO - November 2007
Molao o motjha wa Dikoloto le wena
Kgetha ho bula dikoloto tsa bohlokwa tse kgolo jwalo ka sa ho reka ntlo, koloi kapa ho qala kgwebo e seng ho reka dintho tse nyenyane jwalo ka dijo kapa tsona diaparo.
BONA SESOTHO - November 2007
u
t
Ho bonolo ho kena dikolotong empa ho thata ho tswa
Molao wa Dikoloto o kene tshebetsong ka Phupjane, empa erekaha o pasiswa ka mekgahlelo - dikarolo tse ding tsa ona di fihla metsotsong ya ho qetela - ha ho bonolo ho bona ka moo o seng o tjhentjhile maemo a dikoloto Afrika Borwa. Ke ana maikemisetso a ona:
HO SIRELETSA ya adimang - e seng ya adimanang haholoholo ha a hlokometse hore o adima motho ya dikolotong ("ke ho adimana ka bohlaswa"). Tse monate ke tsa hore ho na le mekgwa e ka tlisang toka. Tse bohloko ke tsa hore ha e so kenngwe tshebetsong.
HA O BULA sekoloto, o ka nna wa hanelwa empa o tlameha ho bolellwa lebaka.
HO LEKANYETSWA tjhelete le ho bapatswa ha ka moo o ka e adingwang ka teng.
HO NEHWA MENYETLA - pele o saena tumellano ya sekoloto, o tlameha ho nehwa lenane le feletseng la sona kaofela o be le matsatsi a mahlano pele o etsa qeto ya ho tswelapele kapa tjhe. Ke setlamo ho morekise ho etsa jwalo hore o be le monyetla wa ho ya batlisisa mabenkeleng a mang hore o ke ke wa fumana ka lenane le ka tlase ho leo.
HO SHEBISISA ditumellano tsa dikoloto. Ho na le ditlhalosetso tse ding tse lokelang ho kenyeletswa.
MONYETLA WA HO ITOKOLLA - o dumelletswe ho kwala sekoloto ntle le hore o ba tsebise - ntle ho se seholo jwalo ka sa ntlo seo o lokelang ho ba hlokomedisa kgwedi pele o etsa jwalo.
DINTLHA TSA BOHLOKWA - molao o re motho a nehwe tlaleho ya dikoloto tsa hae jwalo hang ka selemo a e shebisise hore e fela e nepahetse kapa tjhe.
Ka moo Molao wa Dikoloto o ka tjhentjhang dikoloto tsa hao
